Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/98 leq. 2
  • Litaba Tsa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litaba Tsa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 1/98 leq. 2

Litaba Tsa Puso ea Molimo

Afrika Boroa: Lenaneo la kaho ea Liholo tsa ’Muso le qalisitse hantle selemong sa tšebeletso sa 1998. Likhoeling tsa pele tse peli, Liholo tsa ’Muso tse tšeletseng li ile tsa neheloa: Bapong (Brits), Edendale East (Pietermaritzburg), Gopane (Zeerust), Inadi (Greytown), Mataleng (Barkly West) le Molepolole (Botswana). Ho ntse ho etsoa litokisetso tsa ho nehela liholo tse ling tse 12.

Mokhatlo o rata ho le babatsa ka monehelo oa lōna oa seatla se bulehileng oa khoeli le khoeli Letlōleng la Kaho ea Liholo tsa ’Muso. Ka sebele sena se ekelitse chelete ea letlōle haholo. Ho Liholo tsa ’Muso tse 31 tse ileng tsa neheloa ho tloha ka July 1996, Brooklyn e thusitse ka kalimo ea chelete ea liholo tse peli feela; likalimo tse ling tsa chelete li ile tsa koaheloa ke menehelo ea lōna. Kaha ho sa ntse ho e-na le tlhokahalo e khōloanyane ea Liholo tsa ’Muso, haholo-holo libakeng tsa mahae, re le khothalletsa ho tsoela pele ho nehela letlōleng lena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela