Lebokose la Lipotso
◼ Ke hobane’ng ha re lokela ho hlokomela ka ho khethehileng moaparo oa rōna le boitlhopho ha re etela mehaho ea Mokhatlo e New York le liofisi tsa makala lefatšeng lohle?
Bakreste ba lebeletsoe hore ba be le ponahalo e loketseng. Ka linako tsohle moaparo oa rōna le boitlhopho li lokela ho bonahatsa tlhophiseho le seriti tse tšoanelang bahlanka ba Jehova Molimo. Ho joalo haholo-holo nakong eo ho eteloang mehaho ea Mokhatlo e New York le liofisi tsa makala lefatšeng lohle.
Ka 1998 ho tla tšoaroa likopano tsa setereke le tsa machaba. Barab’abo rōna ba likete-kete ba tsoang linaheng tse ngata ba tla etela ntlo-khōlō ea Mokhatlo e New York le makala linaheng tse ling. Eseng feela nakong ea liketsahalo tse joalo empa le ka linako tse ling tsohle, ho hlokahala hore ‘ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe re ipuelle re le basebeletsi ba Molimo,’ ho akarelletsa le moaparo oa rōna le boitlhopho tse loketseng.—2 Bakor. 6:3, 4.
Buka ea Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna ha e bolela bohlokoa ba moaparo o loketseng le boitlhopho e hlalosa bohlokoa ba ho hloeka ’meleng, moaparo o itekanetseng le boitlhopho ha re kopanela tšebeletsong ea tšimo le ha re e-ea libokeng tsa Bokreste. Joale, leqepheng la 131, serapeng sa 2, e re: “Re apare ka bokhabane joalo leha re etela lehae la Bethele le Brooklyn kapa liofising life kapa life tsa makala tsa Mokhatlo. Hopola, lebitso Bethele le bolela ‘Ntlo ea Molimo,’ kahoo moaparo oa rōna, boitlhopho le boitšoaro li lokela ho tšoana le se ka lebelloang ho rōna ha re e-ea libokeng tsa borapeli Holong ea ’Muso.” Bahoeletsi ba ’Muso ba sebakeng seo le ba tsoang libakeng tse ling tse hōjana ba tlang ho tla bona kapa ho kopanela le litho tsa lelapa la Bethele le ho etela mehaho ea lekala ba lokela ho iphaphatha le tekanyetso ena e phahameng.
Moaparo oa rōna o lokela ho ba le tšusumetso e ntle ho ba bang mabapi le kamoo ba talimang borapeli ba ’nete ba Jehova kateng. Leha ho le joalo, ho hlokometsoe hore ba bang ba bara le barali babo rōna, ha ba etela mehaho ea Mokhatlo, ba na le tšekamelo ea ho apara ka mokhoa o sa tsotelleng ka ho feteletseng. Moaparo o joalo ha oa tšoanela ha re etela lehae lefe kapa lefe la Bethele. Tabeng ena, joaloka litšobotsing tse ling tsohle tsa bophelo ba rōna ba Bokreste, re lakatsa ho boloka litekanyetso tse phahameng ka ho tšoanang tse khethollang batho ba Molimo ho lefatše ka hore re etse lintho tsohle ho tlotlisa Molimo. (Baroma 12:2; 1 Bakor. 10:31) Hape ke ho loketseng ho buisana le liithuti tsa rōna tsa Bibele le ba bang bao mohlomong ba etelang Bethele ka lekhetlo la pele le ho ba hopotsa ka bohlokoa ba ho hlokomela moaparo oa bona le boitlhopho.
Kahoo ha u etela mehaho ea Mokhatlo, ipotse: ‘Na moaparo oa ka le boitlhopho li itekanetse?’ (Bapisa le Mikea 6:8.) ‘Na li hlahisa hantle Molimo eo ke mo rapelang? Na ba bang ba ka sitisoa kapa ho khopisoa ke ponahalo ea ka? Na ke behela ba bang bao mohlomong ba etileng ka lekhetlo la pele mohlala o motle?’ E se eka kamehla ka moaparo oa rōna le boitlhopho, re ka “khabisa thuto ea Mopholosi oa rōna, Molimo, linthong tsohle.”—Tite 2:10.