Likhopotso Tsa Sehopotso
Mokete oa Sehopotso o tla ba ka Moqebelo, la 11 April. Baholo ba lokela ho hlokomela lintlha tse latelang:
◼ Ha le hlophisa nako ea seboka, tiisang hore litšoantšetso ha li fetisoe pele letsatsi le likela.
◼ E mong le e mong, ho akarelletsa le sebui, o lokela ho tsebisoa nako e nepahetseng hammoho le sebaka sa mokete.
◼ Mofuta o loketseng oa bohobe le veine li lokela ho fumanoa le ho lokisoa.—Bona Molula-Qhooa oa February 15, 1985, leqepheng la 17.
◼ Lipoleiti, likhalase, tafole le lesela la tafole tse loketseng li lokela ho tlisoa holong esale pele le ho hlophisoa.
◼ Holo ea ’Muso kapa sebaka se seng seo ho tšoareloang mokete ho sona li lokela ho hloekisoa hantle esale pele.
◼ Bahlokomeli le ba fetisang litšoantšetso ba lokela ho khethoa le ho fuoa litaelo esale pele mabapi le mokhoa o nepahetseng o tla lateloa le mesebetsi ea bona.
◼ Ho lokela hore ho etsoe litokisetso tsa ho isetsa batlotsuoa leha e le bafe ba kulang le ba sa khoneng ho ba teng bohobe le veine.
◼ Haeba ho tla tšoaroa mekete e fetang o le mong Holong e tšoanang ea ’Muso, ho lokela hore ho be le tšebelisano-’moho e ntle mahareng a liphutheho e le hore ho ka qojoa tšubuhlellano e sa hlokahaleng phasejeng e kenang ka holong, menyako, litselaneng tsa maoto le moo ho pakoang makoloi.