Litsebiso
◼ Lingoliloeng tseo ho tla nehelanoa ka tsona ka December: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng hammoho le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka monehelo oa R9,00 ha ho nehelanoa ka buka e sekoahelo se thata le R7,75 ha ho nehelanoa ka buka e sekoahelo sa pampiri. January: Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste le buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela ka monehelo oa R19,00, kapa le Moloko oa Batho o Batla Molimo ka monehelo oa R11,50. February: Lekunutu la Thabo ea Lelapa ka monehelo oa R5,00 buka e sekoahelo se thata le R3,75 bakeng sa e sekoahelo sa pampiri, kapa buka leha e le efe e maqephe a 192 eo le nang le eona setokong ka monehelo oa R1,00. March: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R5,00 buka e sekoahelo se thata le R3,75 bakeng sa e sekoahelo sa pampiri, kapa buka leha e le efe e maqephe a 192 eo le nang le eona setokong ka monehelo oa R1,00. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele tsa lehae ka buka ea Tsebo.
◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba tlaleho ea lichelete tsa phutheho ka la 1 December kapa kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a moo. Ha sena se entsoe, tsebisa phutheho ka mor’a hore tlaleho e latelang ea lichelete e baloe.
◼ Sehopotso sa selemo sa 2000 se tla ba ka Laboraro la la 19 April, ka mor’a hore letsatsi le likele. Tsebiso ena e etsoa esale pele tjena e le hore haeba ho e-na le liphutheho tse ngata tse sebelisang Holo ea ’Muso, ’me ho tlameha hore ho batloe libaka tse ling, barab’abo rōna ba khone ho lebeletsa kapa ho etsa litumellano tse hlokahalang le hore ho fumanoe liholo tse ling. Baholo ba lokela ho lumellana le bookameli ho tiisa hore ho ke ke ha e-ba le litšitiso tse bakoang ke lintho tse ling tse etsoang mohahong oo e le hore mokete oa Sehopotso o tsoele pele ka khotso le ka tsela e laolehileng. Ka lebaka la bohlokoa ba ketsahalo eo, ha sehlopha sa baholo se khetha sebui bakeng sa Sehopotso, se lokela ho khetha moholo ea tšoanelehang haholoanyane ho e-na le ho fapanyetsana ka ho fana ka puo kapa ho sebelisa mor’abo rōna a le mong selemo le selemo. E tla ba taba e fapaneng haeba ho e-na le moholo ea tšoanelehang eo e leng motlotsuoa ea ka fanang ka puo.
◼ Khoeli ea January ke nako e loketseng ea hore ba bangata ba bule maliboho, kaha e e-na le mafelo-beke a mahlano a feletseng.