Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/98 leq. 7
  • Phutuho e Khethehileng ka Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Phutuho e Khethehileng ka Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boieane ba Batho Lefatšeng ka Bophara bo Ananela Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ntlha ea Bohlokoa Bakeng sa Barati ba Lentsoe la Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Thuto ea 8—Melemo ea “New World Translation”
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Ke Joang U ka Khethang Bibele e Fetoletsoeng Hantle?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 12/98 leq. 7

Phutuho e Khethehileng ka Phetolelo ea Lefatše le Lecha

1 Khoeling ena re na le phutuho e khethehileng ea ho aba Phetolelo ea Lefatše le Lecha hammoho le buka ea Tsebo. Re kōpa hore bahoeletsi bohle ba ikitlaetse ka matla ho aba Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Seafrikanse, Sezulu, Sesotho, Sexhosa le Setsonga. Haeba mohoeletsi e mong le e mong a tsamaisa e le ’ngoe feela ea Libibele tsena khoeling ena ea December, re tla be re tsamaisitse boholo ba thepa ea rōna e ngata. Re thahasella ho etsa sena ka ho khetheha pele Libibele tse feletseng li fumaneha ka lipuo tsena.

2 Na ho thata ho tsamaisa likhatiso tsee tsa Mangolo a Segerike ka lipuo tse sa tšoaneng tse buuoang sebakeng see? Che, le hanyenyane! Bahoeletsi ba nkang Libibele tsena kamehla mekotleng ea bona ba fumana hore ba khona ho tsamaisa tse seng kae beke e ’ngoe le e ’ngoe. Mor’abo rōna e mong o ile a nka lebokose la likopi tsa Seafrikanse ’me a li tsamaisa kaofela seterateng ka hoseng ho le hong! Haeba phutheho ea lōna ha e na tsona setokong, ke hobane’ng ha le sa li odare hang-hang? Le ka ’na la fumana tse eketsehileng kopanong qetellong ea selemo.

3 U tla sebelisa kenyelletso efe? Ka mor’a ho lumelisa ka tsela e tloaelehileng, u ka ’na ua re: “Re ntse re aba phetolelo ena e ncha ea Testamente e Ncha ka [bolela puo]. Re e siela batho ka monehelo e monyenyane haholo oa R4,00 feela.” Hang feela sena se tla khoba motho matšoafo kaha ha e na ho mo hloka chelete e ngata. Joale u ka ’na ua phaella: “E-re ke u bontše litšobotsi tse seng kae tsa phetolelo ena.” Tsoela pele ho mo bontša litemana tse ling tse ipiletsang tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha, tse kang Matheu 5:3, kapa u mo bontše Tlhahlamano ea Mantsoe a Bibele kapa Lihlooho Tsa Bibele Tsa Puisano le kamoo li ka sebelisoang kateng. Ka mohlala, u ka ’na ua botsa mong’a ntlo: “Haeba u batla ho tseba ho eketsehileng ka se etsahalang ha motho a e-shoa, u ne u tla fumana litemana tsa Bibele tse hlalosang see hokae?” Phetla Lihlooho Tsa Bibele Tsa Puisano ka qetellong ea Bibele ’me u mo bontše mangolo ’ohle ao a ka a shebang tlas’a sehlooho se reng “Lefu,” ’me u mo khothalletse ho e nka. Batho ba bangata ba tla thabela ho nka Mangolo a Segerike a Bakreste hammoho le buka ea Tsebo ka R9,00 ha ho nehelanoa ka buka e sekoahelo se thata le ka R7,75 ha ho nehelanoa ka e sekoahelo sa pampiri. Haeba ba sa khone ho li nka li le peli, nehelana ka Mangolo a Segerike a Bakreste ka R4,00. Haeba u bua le motho ea buang Setswana ’me Libibele tsa Setswana li felile setokong sa phutheho ea heno, kapa u bua le motho ea buang Sepedi kapa Sevenda, nehelana ka buka ea Tsebo feela. Ka Senyesemane ho nehelanoa ka New World Translation of the Holy Scriptures hammoho le buka ea Tsebo.

4 Ebang u mosebetsing oa ntlo le ntlo, oa seterata, maetong a ho boela, kapa bopaking bo sa reroang, kamehla tsamaea u nkile likopi tsa Mangolo a Segerike a Bakreste ’me u se ke ua tsilatsila hore u nehelane ka tsona. Ke mpho efe e molemo eo u ka e tlisetsang batho ho feta phetolelo ee ea Bibele e hlakileng ea Mangolo a Segerike a Bakreste? Hape nahana, Kopi ea hao e shebahala joang? Mohlomong e se e tsofetse ka lebaka la ho sebelisoa haholo, kahoo mohlomong u ka iphumanela kopi e ncha. ’Me ho thoe’ng ka bana ba hao? Na ba na le likopi tsa bona tsa botho tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka puo ea bona? A re sebeliseng monyetla o mong le o mong khoeling ena ea December ho aba Bibele ena e ikhethang tšimong ea rōna.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela