Ke Joang U ka Khethang Bibele e Fetoletsoeng Hantle?
QALONG Bibele e ne e ngotsoe ka Seheberu sa boholo-holo, Searame le Segerike. Kahoo bongata ba batho ba batlang ho e bala ba tlameha ho sebelisa e fetoletsoeng.
Kajeno, Bibele ke buka e fetoletsoeng ka lipuo tse ngata ho feta libuka tsohle lefatšeng—’me likarolo tse ling tsa eona li fumaneha ka lipuo tse fetang 2 400. Lipuo tse ling li na le Libibele tse ngatanyana tse sa tšoaneng. Haeba ho na le tse ’maloa tseo u ka khethang ho tsona ka puo ea heno, ha ho pelaelo hore u batla ho sebelisa e fetoletsoeng hantle ka ho fetisisa.
E le ho khetha ka bohlale, u lokela ho tseba likarabo tsa lipotso tsena: Ho na le Libibele life tse fetoletsoeng? Ke ka tsela efe Libibele tse ling li leng molemo ho feta tse ling? Hona ke hobane’ng ha u lokela ho ba hlokolosi ha u bala Libibele tse ling?
Litsela Tse Fapaneng Tsa ho Fetolela Bibele
Ho na le litsela tse ngata tsa ho fetolela Bibele, empa li ka aroloa ka mefuta e meraro. Mofuta o mong ke oa Libibele tsa lipuo tsa pele tse fetoletsoeng lentsoe ka lentsoe. Libibele tsena li na le mantsoe a puo ea pele a fetoletsoeng lentsoe ka lentsoe ka puo e ’ngoe.
Mofuta o mong ke oa Libibele tse hlapolotseng taba haholo. Bafetoleli ba tsona ba ngola molaetsa oa Bibele ho ea kamoo ba o utloisisang kateng le ka tsela eo ba nahanang hore e tla khahla babali.
Mofuta oa boraro ke oa Libibele tse lekang ka matla hore li se ke tsa sekamela mofuteng leha e le ofe ho e seng e boletsoe. Li leka ho fetisa moelelo le moko oa lipuo tsa pele empa li etsa hore taba e balehe habonolo.
Na Libibele Tse Fetoletsoeng Lentsoe ka Lentsoe ke Tsona Tse Molemo?
Hangata ho fetolela Bibele lentsoe ka lentsoe hase tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho fetisa moelelo oa temana e itseng. Hobane’ng? Ho na le mabaka a ’maloa. A mabeli a ’ona ke ana:
1. Ha ho lipuo tse peli tse tšoanang hantle ka melao ea puo, mantsoe le tsela eo lipolelo li hahoang ka eona. Moprofesa oa Seheberu ea bitsoang S. R. Driver o re lipuo “ha li fapane feela ka melao ea puo le motso oa mantsoe, empa le . . . ka tsela eo lipolelo li hahoang ka eona.” Batho ba buang lipuo tse sa tšoaneng ha ba nahane ka ho tšoana. Moprofesa Driver o phaella ka ho re: “Ka lebaka leo, lipolelo tsa lipuo tse sa tšoaneng li na le libōpeho tse sa tšoaneng.”
Kaha ha ho puo eo mantsoe le melao ea eona ea puo e tšoanang hantle le ea Seheberu le Segerike sa Bibele, ho fetolela Bibele lentsoe ka lentsoe ho ne ho tla etsa hore ho be thata ho e utloisisa kapa ho fetise moelelo o fosahetseng. Hlokomela mehlala e latelang.
Lengolong leo moapostola Pauluse a ileng a le ngolla Baefese, o ile a sebelisa polelo eo ha e fetoleloa lentsoe ka lentsoe e bolelang ‘ka madaese a batho.’ (Baefese 4:14, The Kingdom Interlinear Translation of the Greek Scriptures)a Polelo ena e bua ka mokhoa oa ho qhekella batho ha ho bapaloa madaese. Leha ho le joalo, lipuong tse ngata ho fetolela polelo ena lentsoe ka lentsoe ha ho utloahale. Ho e fetolela e le “ho qhekella ha batho” ho fetisa moelelo oa eona ka mokhoa o hlakileng.
Ha Pauluse a ngolla Baroma o ile a sebelisa polelo eo ha e fetoleloa lentsoe ka lentsoe e bolelang “ho fihlela moea o bela.” (Baroma 12:11, Kingdom Interlinear) Na polelo ee ea utloahala ka puo ea heno? Ha e le hantle e bolela ho ‘cheseha moeeng.’
Ho e ’ngoe ea lipuo tsa hae tse tummeng ka ho fetisisa, Jesu o ile a sebelisa polelo e atisang ho fetoleloa tjena: “Ho lehlohonolo bafumanehi moeeng.” (Matheu 5:3) Empa lipuong tse ngata ha polelo ena e fetoleloa lentsoe ka lentsoe ha e hlake. Maemong a mang, Libibele tse fetolelang lengolo lena lentsoe ka lentsoe li bolela hore “bafumanehi moeeng” ha ba nke hantle kapa ba monyebe ebile ha ba na sepheo. Leha ho le joalo, mona Jesu o ne a ruta batho hore ba ke ke ba fumana thabo ka ho ikhotsofatsa, empa ba ka e fumana ka ho hlokomela hore ba hloka tataiso ea Molimo. (Luka 6:20) Kahoo Libibele tse reng “ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea” kapa “ba tsebang hore ba hloka Molimo” li fetolela polelo ena ka nepo.—Matheu 5:3; The New Testament in Modern English.
2. Moelelo oa lentsoe kapa oa polelo o ka fetoha ho ea ka taba eo ho ntseng ho buuoa ka eona. Ka mohlala, polelo ea Seheberu eo hangata e bolelang letsoho la motho e ka ba le meelelo e sa tšoaneng. Ka mohlala, maemong a mang lentsoe lena le ka fetoleloa e le “taolo,” “seatla se bulehileng,” kapa ‘matla.’ (2 Samuele 8:3; 1 Marena 10:13; Liproverbia 18:21) Ha e le hantle, Bibeleng ea Senyesemane ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang lentsoe lena le fetoletsoe ka litsela tse fetang 40.
Kaha taba eo ho ntseng ho buuoa ka eona e ka ama tsela eo lentsoe le fetoleloang ka eona, Phetolelo ea Lefatše le Lecha (ea Senyesemane) e sebelisa lipolelo tsa Senyesemane tse ka bang 16 000 ho fetolela mantsoe a ka bang 5 500 a Segerike se sebelisitsoeng ha ho ngoloa Bibele, ’me e sebelisa lipolelo tsa Senyesemane tse fetang 27 000 ho fetolela mantsoe a Seheberu a ka bang 8 500.b Ke hobane’ng ha e fetoletse mantsoe aa ka litsela tse sa tšoaneng? Komiti e e fetoletseng e ile ea etsa qeto ea hore ho fetolela mantsoe ana ho latela taba eo ho buuoang ka eona ke habohlokoa ho feta ho a fetolela lentsoe ka lentsoe hohle. Leha ho le joalo, Phetolelo ea Lefatše le Lecha (ea Senyesemane) e leka kahohle hore moo ho khonehang e fetolele mantsoe a Seheberu le a Segerike ka tsela e tšoanang.
Ho hlakile hore ho fetolela Bibele hase feela ho fetolela lentsoe la puo ea pele ka tsela e tšoanang hohle moo le hlahang teng. Bafetoleli ba tlameha ho ba hlokolosi e le hore ba khethe mantsoe a fetisang mohopolo oa puo ea pele ka tsela e nepahetseng le e utloahalang. Ho phaella moo, ho hlokahala hore ba hahe lipolelo ka tsela e lumellanang le melao ea puo ea habo bona.
Re ka Re’ng ka Libibele Tse Hlapolotseng Taba Haholo?
Bafetoleli ba Libibele tseo hangata ho thoeng ke tse hlapolotseng taba haholo, ba sotha moelelo oa taba e hlalosoang ke lipuo tsa pele. Ka tsela efe? Ba beha taba e hlahang lipuong tsa pele ho latela maikutlo a bona kapa ba siea litaba tse ling. Ho ka etsahala hore Libibele tse hlapolotseng taba li ratoa haholo hobane li baleha habonolo. Leha ho le joalo, ka linako tse ling Libibele tseo li ka pata kapa tsa sotha moelelo oa taba e hlahang lipuong tsa pele.
Hlokomela kamoo Bibele e ’ngoe e hlapolotseng taba haholo e behang thapelo e tsebahalang eo Jesu a ileng a e ruta balateli ba hae, ha e re: “Ntat’a rōna ea leholimong, bontša hore na u mang.” (Matheu 6:9, The Message: The Bible in Contemporary Language) Bibele e fetoletseng mantsoe ana a Jesu ka nepo e re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.” Hape, hlokomela kamoo Johanne 17:26 e fetoletsoeng kateng Libibeleng tse ling. Ho ea ka Bibele e ’ngoe e hlapolotseng taba haholo, bosiung boo Jesu a tšoeroeng ka bona o ile a rapela Ntate oa hae a re: “Ke ba tsebisitse uena.” (Today’s English Version) Empa, Bibele e fetoletseng thapelo eo ea Jesu ka nepo e re: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao.” Na u bona kamoo bafetoleli ba bang ba patang hore Molimo o na le lebitso le lokelang ho sebelisoa le ho hlomphuoa?
Ke Hobane’ng ha U Lokela ho ba Hlokolosi?
Libibele tse ling tse hlapolotseng taba haholo li pata melao ea boitšoaro e hlahang lipuong tsa pele. Ka mohlala, The Message: The Bible in Contemporary Language e re ho 1 Bakorinthe 6:9, 10: “Na ha le hlokomele hore ha lea lokela ho phela ka tsela ee? Batho sa lokang ba se nang taba le Molimo ba ke ke ba ba le kabelo ’musong oa hae. Ba qhekellanang le ho hlekefetsana, ba sebelisang thobalano le ho e sebelisa hampe, ba sebelisang lefatše le lintho tsohle tse ho lona ’me ba le senya, ha ba tšoanelehe ho ba bafo ba ’muso oa Molimo.”
Bapisa Bibele eo le e nepahetseng ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha e reng: “Khele! Na ha le tsebe hore batho ba sa lokang ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo? Le se ke la khelosoa. Leha e le lihlola, kapa barapeli ba litšoantšo, kapa bafebi, kapa banna ba boloketsoeng merero eo e seng ea tlhaho, kapa banna ba robalang le banna, kapa masholu, kapa batho ba meharo, kapa matahoa, kapa ba litlhapa, kapa bahanyapetsi ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.” Hlokomela hore Bibele eo e hlapolotseng taba haholo ha e na lintlha tse qaqileng tseo moapostola Pauluse a li hlahisang mabapi le hore na re lokela ho qoba boitšoaro ba mofuta ofe.
Tsela eo motho a utloisisang lithuto tse sa tšoaneng tsa Bibele e ka ama tsela eo a fetolelang taba ka eona. Ka mohlala, Today’s English Version, e tsebahalang e le Good News Bible, e re Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Kenang ka heke e moqotetsane, hobane heke e eang liheleng e hebehebe ’me ho bonolo ho tsamaea tseleng e eang teng, ’me ba bangata ba tsamaea ho eona.” (Matheu 7:13) Bafetoleli ba kentse lentsoe “liheleng” le hoja Matheu ka ho hlakileng a itse “timetsong.” Ke hobane’ng ha ba entse joalo? Mohlomong ke hobane ba batla ho tšehetsa thuto ea hore batho ba khopo ba ke ke ba felisoa empa ba tla hlokofatsoa ka ho sa feleng.c
Kamoo U ka Fumanang Bibele e Fetoletsoeng Hantle
Bibele e ngotsoe ka puo e buuoang ke batho ba tloaelehileng, e leng balemi, balisana le batšoasi ba litlhapi. (Nehemia 8:8, 12; Liketso 4:13) Ka lebaka leo, molaetsa oa Bibele e fetoletsoeng hantle o ka utloisisoa ke batho ba lipelo li ntle, ho sa tsotellehe hore na ke bo-mang. Bibele e fetoletsoeng hantle e tla boela e etse lintho tse latelang:
◗ E fetolele ka nepo molaetsa o hlahang lipuong tsa pele o bululetsoeng ke Molimo.—2 Timothea 3:16.
◗ E fetolele moelelo lentsoe ka lentsoe haeba mantsoe le sebōpeho sa taba e hlahang lipuong tsa pele li lumela hore ho fetoleloe joalo.
◗ E fetise moelelo o nepahetseng oa lentsoe kapa polelo haeba ho fetolela mantsoe a hlahang puong ea pele lentsoe ka lentsoe ho ka sotha moelelo kapa oa pateha.
◗ E sebelise puo e tloaelehileng, eo ho leng bonolo ho e utloisisa e etsang hore batho ba rate ho e bala.
Na Bibele e joalo e teng? Batho ba limilione ba balang makasine ena ba rata ho bala Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Hobane’ng? Hobane ba lumellana le tsela e sebelisitsoeng ke komiti e e fetoletseng, joalokaha ho boletsoe selelekeleng sa Bibele ea pele ea Senyesemane, moo ho thoeng: “Ha re hlapolle Mangolo. Re ikemiselitse ho fetolela lentsoe ka lentsoe hohle moo melao ea Senyesemane sa kajeno e re lumellang ho etsa joalo le moo ho fetolela lentsoe ka lentsoe ho sa pateng moelelo.”
Phetolelo ea Lefatše le Lecha e hatisitsoe e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse fetang 60, ’me ho se ho hatisitsoe tse fetang 145 000 000! Haeba e teng ka puo ea heno, re u khothalletsa hore u kōpe Lipaki Tsa Jehova hore li u fe eona ’me u bone melemo ea Bibele ena e fetoletsoeng hantle.
Batho ba lipelo li ntle ba ithutang Bibele ba batla ho utloisisa molaetsa o bululetsoeng ke Molimo le ho phela tumellanong le oona. Haeba u e mong oa batho ba joalo, ho hlokahala hore u be le Bibele e fetoletsoeng hantle. Ka sebele u lokela ho ba le eona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bibele e nang le mantsoe a puo ea pele a fetoletsoeng lentsoe ka lentsoe ka puo e ’ngoe e thusa ’mali ho bona kamoo lentsoe ka leng le fetoletsoeng kateng.
b Phetolelo ea Lefatše le Lecha (ea Senyesemane) e tla ka koano ha e bapisoa le Libibele tse ling tsa Senyesemane tse sebelisang mantsoe a mangata le ho feta.
c Bibele e ruta hore ha re e-shoa re khutlela lerōleng, le hore moea oa shoa, ’me ha re sa khona ho nahana ebile ha re ikutloe. (Genese 3:19; Moeklesia 9:5, 6; Ezekiele 18:4) Ha ho moo e rutang hore meea ea ba khopo e hlokofatsoa ka ho sa feleng liheleng tse chesang.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]
Ho ka etsahala hore Libibele tse hlapolotseng taba li ratoa haholo hobane li baleha habonolo. Leha ho le joalo, ka linako tse ling Libibele tseo li ka pata kapa tsa sotha moelelo oa taba e hlahang lipuong tsa pele
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]
Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e hatisitsoe e feletse kapa e sa fella ka lipuo tse fetang 60, ’me ho se ho hatisitsoe tse fetang 145 000 000!
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20]
BIBELE EA BOHOLO-HOLO E HLAPOLOTSENG TABA HAHOLO
Ke khale ho e-na le Libibele tse hlapolotseng taba haholo. Mehleng ea boholo-holo, Bajuda ba ile ba ngola seo kajeno se tsejoang e le Libibele Tsa Searame, kapa tse hlapolotseng Mangolo haholo. Le hoja li sa fetoleloa hantle, li bontša kamoo Bajuda ba neng ba utloisisa litemana tse ling ’me li thusa bafetoleli ho tseba moelelo oa litemana tse ling tseo ho leng thata ho li utloisisa. Ka mohlala, ho Jobo 38:7, polelo ‘bara ba Molimo’ e hlalosoa e le “lihlopha tsa mangeloi.” Ho Genese 10:9, Libibele Tsa Searame li bontša hore lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng ha ho hlalosoa Nimrode le bolela “ho ba khahlanong” kapa “ho hanyetsa” eseng feela “ka pel’a.” Lipolelo tsena tse hlapolotseng taba haholo li ne li etselitsoe ho sebelisoa hammoho le Bibele eseng ho e nkela sebaka.
[Setšoantšo]
KAROLO EA “BIBLIA POLYGLOTTA” EA WALTON, E PHETHILOENG KA 1657 JOBO 38:1-15
Bibele ea Seheberu (e nang le mantsoe a Selatine a fetoletsoeng lentsoe ka lentsoe)
Litemana tse fetoletsoeng ka Searame
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
KAROLO EA “THE KINGDOM INTERLINEAR TRANSLATION OF THE GREEK SCRIPTURES,” BAEFESE 4:14
Karolo e ka ho le letšehali e bontša moo ho fetoletsoeng lentsoe ka lentsoe. Karolo e ka ho le letona e bontša moo ho fetoletsoeng moelelo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 18]
Background: Shrine of the Book, Israel Museum, Jerusalem