Lithuto Mangolong a Bululetsoeng le Boitsebiso bo Thusang ho a Utloisisa
Thuto ea 8—Melemo ea “New World Translation”
Ho tšohla puo ea eona ea kajeno, ho lumellana ha eona, ho fetolela ha eona maetsi ka hloko, le polelo ea eona e matla ea Lentsoe la Molimo le bululetsoeng.
1. (a) New World Translation e lokisa tšekamelo efe, hona joang? (b) Ka Senyesemane, ke hobane’ng ha ho sebelisoa Jehovah ho e-na le Yahweh kapa sebopeho se seng sa lebitso leo?
LILEMONG tsa morao tjena ho hatisitsoe liphetolelo tse ’maloa tsa kajeno tsa Bibele tse entseng ho hoholo ho thusa barati ba Lentsoe la Molimo ho fihla kutloisisong ea mangolo a pele ka potlako. Leha ho le joalo, liphetolelo tse ngata li tlositse ho sebelisoa ha lebitso la bomolimo tlalehong e halalelang. Ka lehlakoreng le leng, New World Translation e fana ka seriti le ho tlōtla lebitso le loketseng la Molimo o Holimo-limo ka ho le khutlisetsa sebakeng sa lona se le loketseng tabeng e ngotsoeng. Hona joale lebitso lena le hlaha libakeng tse 6 973 karolong ea Mangolo a Seheberu, hammoho le libakeng tse 237 karolong ea Mangolo a Segerike, ka kakaretso ke libaka tse 7 210 kaofela. Sebopeho sena Yahweh ka kakaretso se ratoa ke liithuti tsa Seheberu, empa hore na hantle-ntle le ne le bitsoa joang ha hajoale ha ho fumanehe. Kahoo, sebopeho sa Selatine sa Jehovah se tsoela pele ho sebelisoa hobane se ’nile sa sebelisoa ka makholo a lilemo ’me ke phetolelo e amohelehang haholo ea Senyesemane ea litlhaku tse ’ne tsa lebitso la Seheberu יהוה. Seithuti sa Seheberu R. H. Pfeiffer o hlokometse: “Eng kapa eng e ka boleloang ka histori ea eona e belaetsang, ‘Jehova’ ke ’me e lokela ho lula e le phetolelo e nepahetseng ea Senyesemane ea Yahweh.”a
2. (a) Na ho na le mehlala e lokafatsang ho khutlisetsa lebitso la Molimo Mangolong a Segerike a Bokreste? (b) Kahoo ho tlositsoe pelaelo efe?
2 New World Translation hase phetolelo ea pele ea ho khutlisetsa lebitso la bomolimo Mangolong a Segerike a Bokreste. Bonyane ho tloha lekholong la bo14 la lilemo ho ea pele, bafetoleli ba bangata ba ikutloile ba qobelleha ho khutlisetsa lebitso la Molimo tabeng e ngotsoeng, haholo-holo libakeng tseo bangoli ba Mangolo a Segerike a Bokreste ba qotsang litemaneng tsa Mangolo a Seheberu tse nang le lebitso la Molimo. Liphetolelo tse ngata tsa puo ea kajeno tsa boromuoa, ho akarelletsa liphetolelo tsa Afrika, tsa Asia, tsa Amerika, le tsa lihlekehleke tsa Pacific tsa Mangolo a Segerike, li sebelisa lebitso Jehova ka bolokolohi, joalokaha ho etsa liphetolelo tse ling tsa lipuo tsa Europe. Kae le kae moo ho fetoletsoeng lebitso la bomolimo, ha ho sa na pelaelo ea hore na ke “morena” ofe ea bontšoang. Ke Morena oa leholimo le lefatše, Jehova, eo lebitso la hae le halaletsoang ka ho bolokoa le ikhetha le ho khetholleha ho New World Translation of the Holy Scriptures.b
3. New World Translation e thusa ka mekhoa efe ho fetisa matla, botle, le kutloisiso ea mangolo a pele?
3 New World Translation e ekelletsa khalalelong ea lebitso la Jehova haholoanyane ka ho hlahisa Mangolo a hae a bululetsoeng ka puo e hlakileng le e utloisisehang e tlisang moelelo o reriloeng ka ho hlaka kelellong ea ’mali. E sebelisa puo e bonolo, ea kajeno, e momahane ka hohle kamoo e ka khonang liphetolelong tsa eona, e fetisa ka nepo ketso kapa boemo bo bontšitsoeng maetsing a Seheberu le Segerike, ’me e etsa phapang pakeng tsa bongata le bonoosi ha e sebelisa seemeli “you” [uena, ka Sesotho] leha e sebelisa sebopeho se tlamang sa leetsi moo moelelo o sa se totobatseng. Ka tsela ena le tse ling, kahohle kamoo e ka khonang, New World Translation e beha leseling ka puo ea kajeno, matla, botle le kutloisiso ea mangolo a pele.
E FETOLETSOE KA PUO EA KAJENO
4. (a) Ke morero ofe oa bohlokoa oo mofetoleli e mong oa pejana oa Bibele a o boletseng? (b) Ho ile ha hlokahala eng ha nako e ntse e feta?
4 Liphetolelo tsa Bibele tsa khale li na le mantsoe a mangata a khale a makholong a bo16 le a bo17 a lilemo. Le hoja a sa utloisisoe hona joale, a ne a utloisisoa habonolo nakong eo. Ka mohlala, monna e mong ea bileng le karolo e khōlō ho a bea Bibeleng ea Senyesemane e ne e le William Tyndale, ea tlalehoang a re ho e mong oa bahanyetsi ba hae ba bolumeli: ‘Haeba Molimo o boloka bophelo ba ka, pele ho lilemo tse ngata ke tla etsa hore moshemane ea tšoarang mohoma a tsebe Mangolo ho u feta.’ Phetolelo ea Tyndale ea Mangolo a Segerike e ne e le bonolo ka ho lekaneng hore moshemane ea tšoarang mohoma a ka e utloisisa nakong ea hae. Leha ho le joalo, mantsoe a mangata ao a a sebelisitseng hona joale a fetohile a khale, hoo ‘moshemane ea tšoarang mohoma’ a ke keng a hlola a utloisisa ka ho hlakileng moelelo oa mantsoe a mangata ho King James le liphetolelong tse ling tsa khale tsa Bibele. Kahoo, ho ile ha hlokahala hore ho tlosoe likhurumetso tsa puo ea khale le ho khutlisetsa Bibele puong e tloaelehileng ea motho e mong le e mong.
5. Bibele e lokela ho hlaha ka puo efe, hona hobane’ng?
5 E ne e le puo ea motho e mong le e mong e sebelisitsoeng ho ngola Mangolo a bululetsoeng. Baapostola le Bakreste ba bang ba pele ha ba ka ba sebelisa Segerike sa khale sa bo-ralifilosofi ba kang Plato. Ba ne ba sebelisa Segerike sa letsatsi le letsatsi, ke hore, sa Koine, kapa Segerike se tloaelehileng. Kahoo, Mangolo a Segerike, joaloka Mangolo a Seheberu a pele ho oona, a ne a ngotsoe ka puo ea batho. Joale, ke habohlokoahali hore liphetolelo tsa Mangolo a pele le tsona li lokela ho ba ka puo ea batho, e le hore li tle li utloisisoe habonolo. Ke ka lebaka lena New World Translation e sa sebeliseng puo ea khale ea makholong a mararo kapa a mane a lilemo a fetileng, empa e sebelisang puo ea kajeno e hlakileng e hlalosang maikutlo e le hore babali ba hle ba tsebe seo Bibele e se buang.
6. Bontša molemo oa ho sebelisa lipolelo tsa kajeno sebakeng sa mantsoe a khale.
6 Ho fana ka leseli la kamoo puo ea Senyesemane e fetohileng ka teng ho tloha lekholong la bo17 la lilemo ho ea lekholong la bo20 la lilemo, hlokomela lipapiso tse latelang ho King James Version le New World Translation. “Suffered” ho King James Version e fetoha “allowed” ho New World Translation (Gen. 31:7), “was bolled” e fetoha “had flower buds” (Ex. 9:31), “spoilers” e fetoha “pillagers” (Baahl. 2:14), “ear his ground” e fetoha “do his plowing” (1 Sam. 8:12), “when thou prayest” e fetoha “when you pray” (Matt. 6:6), “sick of the palsy” e fetoha “paralytic” (Mar. 2:3), “quickeneth” e fetoha “makes . . . alive” (Ba-Roma 4:17), “shambles” e fetoha “meat market” (1 Ba-Kor. 10:25), “letteth” e fetoha “acting as a restraint” (2 Ba-Thess. 2:7), joalo-joalo. Ka molemo ona oa New World Translation ka ho sebelisa mantsoe a kajeno sebakeng sa mantsoe a khale e ka ananeloa haholo.
HO LUMELLANA HA PHETOLELO
7. New World Translation e sebelisa mantsoe a tšoanang joang liphetolelong tsa eona?
7 New World Translation e etsa boiteko bohle ho sebelisa mantsoe a tšoanang phetolelong ea eona. Bakeng sa lentsoe le itseng la Seheberu kapa la Segerike, ho na le lentsoe le le leng la Senyesemane le fanoeng, ’me hona ho sebelisitsoe ka ho lumellanang le maelana kapa ha moelelo o lumella bakeng sa ho fana ka kutloisiso e felletseng ea Senyesemane. Ka mohlala, lentsoe la Seheberu neʹphesh hohle le fetoletsoe e le “sephefumolohi.” Lentsoe le tšoanang la Segerike, psy·kheʹ, le fetoletsoe e le “sephefumolohi” hohle moo le hlahang.
8. (a) Fana ka mehlala ea mantsoe a ngoloang ka ho tšoana a fapane ka moelelo. (b) Ho sebetsanoe le oona joang phetolelong ee?
8 Libakeng tse ling ho hlahile bothata ka phetolelo ea mantsoe a ngoloang ka ho tšoana, a fapane ka moelelo. Ana ke mantsoe ao puong ea pele a peletoang ka ho tšoana empa a fapane ka meelelo ea motheo. Kahoo, phephetso ke ho fana ka lentsoe le nang le moelelo o nepahetseng ha le fetoleloa. Ka Sesotho ho na le mantsoe a joalo a kang “Nōka” (letsoai) le “nōka” le “hlomola” (pelo) le “hlomola” (moutloa), a peletoang ka ho tšoana empa ka ho khethollehileng ke mantsoe a fapaneng. Mohlala o mong oa Bibele ke rav ea Seheberu, e emelang ka ho khethollehileng mantsoe a motso o fapaneng, ’me ana ka hona a fetoletsoe ka ho fapaneng ho New World Translation. Ka ho tloaelehileng haholo rav e na le moelelo ‘ngata,’ joaloka ho Exoda 5:5. Leha ho le joalo, lentsoe rav le sebelisitsoeng litlotleng, joaloka “Rabshake” (Rav-sha·qehʹ, ka Seh.) ho 2 Mar. 18:17, le bolela “hlooho,” joalokaha le fetoletsoe e le “hlooho ea hae ea balaoli ba lekhotla” ho Daniele 1:3, NW. (Bona le Jeremia 39:3, NW, botlaaseng ba leqephe.) Lentsoe rav, le tšoanang ka sebopeho, le bolela “ea fulang ka seqha,” e leng le ikarabellang bakeng sa ho fetoleloa ho ho Jeremia 50:29. Litsebi tsa mantsoe, tse kang L. Koehler le W. Baumgartner, ba amohetsoe ke bafetoleli e le litsebi bakeng sa ho arola mantsoe ana a peletoang ka ho tšoana.
9. Mohlalosi e mong oa Seheberu le Segerike o phahamisitse New World Translation joang?
9 Mabapi le tšobotsi ena ea ho lumellana, hlokomela seo mohlalosi oa Seheberu le Segerike Alexander Thomson a ileng a se bua ha a hlahloba New World Translation of the Christian Greek Scriptures: “Phetolelo ena ka ho totobetseng ke mosebetsi oa liithuti tse nang le tsebo le tse bohlale, tse batlileng ho ntša kutloisiso ea ’nete ka hohle ea taba e ngotsoeng ka Segerike kamoo puo ea Senyesemane e khonang ho hlalosa ka teng. Phetolelo ena e habile ho boloka moelelo o le mong oa Senyesemane bakeng sa lentsoe le leng le le leng la Segerike le leholo, le ho ba haufi-ufi le moelelo oa pele kamoo ho ka khonehang. . . . Lentsoe leo ka tloaelo le ngotsoeng e le ‘lokafatsa’ ka kakaretso le fetoletsoe ka ho nepahala haholo e le ‘ho phatlalatsa e lokile.’ . . . Lentsoe bakeng sa Sefapano le fetoletsoe e le ‘thupa ea tlhokofatso’ e leng ho ntlafatsa ho hong. . . . Luka 23:43, e fetoletsoe hantle, ‘Ka ’nete kea u bolella kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.’ Ena ke ntlafatso e khōlō ho feta kamoo liphetolelo tse ling li balehang ka teng.” Phetolelong ea Mangolo a Seheberu, eena mohlahlobi eo o ile a etsa tlhaloso ena: “Phetolelo ea New World e lokela ho fumanoa. E phetse ’me e tšoana le bophelo, ’me e etsa hore ’mali a nahane le ho ithuta. Hase buka ea Bahlahlobisisi ba Phahameng, empa ea liithuti tse tlotlang Molimo le Lentsoe la Oona.”—The Differentiator, April 1952, maqephe 52-7, le June 1954, leqephe 136.
10. Bontša kamoo ho sebelisa mantsoe a tšoanang ha New World Translation ho phahamisitseng ’nete ka teng.
10 Ho sebelisa mantsoe a tšoanang ha New World Translation ho hlōtse lipuisanong tse ngata tsa Bibele tsa lintlha tse potelletseng tšimong. Ka mohlala, lilemong tse seng kae tse fetileng, mokhatlo oa batho ba nang le maikutlo a bona ka bolumeli New York o ile oa kōpa Mokhatlo oa Watch Tower ho romela libui tse peli ho ea bua le sehlopha sa bona ka litaba tsa Bibele, kōpo eo ea bona ea amoheloa. Banna bana ba rutehileng ba ile ba tšoarella molaong oa Selatine, falsum in uno falsum in toto, o bolelang hore khang e pakiloeng hore e fosahetse ntlheng e le ’ngoe e fosahetse ka ho felletseng. Nakong ea puisano, monna e mong o ile a phephetsa Lipaki tsa Jehova ka ho tšepahala ha Bibele. A kōpa hore Genese 1:3 e balloe bamameli, ’me hona ho ile ha etsoa, ho baloa New World Translation: “’Me Molimo oa tsoela pele ho re: ‘Leseli a le ke le be teng.’ Joale leseli la e-ba teng.” Ka tšepo, a boetse a kōpa hore ho baloe Genese 1:14, ’me le eona e ile ea baloa ho New World Translation: “’Me Molimo oa tsoela pele ho re: ‘Likhantši a li be teng sepaka-pakeng sa maholimo.’” A re, “Butle, u bala’ng? Bibele ea ka e re Molimo o entse leseli ka letsatsi la pele, ’me hape le ka letsatsi la bone, ’me hoo ke ho se sebelise mantsoe a le mang.” Le hoja a ne a bolela hore o tseba Seheberu, o ile a tlameha ho bontšoa hore lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “leseli” temaneng ea 3 e ne e le ’ohr, ha lentsoe le temaneng ea 14 le ne le fapane, e leng ma·’ohrʹ, le supang likhantši, kapa mohloli oa leseli. Monna eo ea rutehileng a lula fatše a hlōtsoe.c Ho sebelisa mantsoe a tšoanang ka botšepehi ha New World Translation ho ne ho hapile lintlha, ho phahamisa Bibele e le e tšepahalang le e molemo.
HO FETOLELOA HA MAETSI KA HLOKO
11. Ke tšobotsi efe e matla ea Mangolo a pele e bolokiloeng ho New World Translation? Joang?
11 New World Translation e ela hloko ka ho khethehileng ho fetisa kutloisiso ea ketso ea maetsi a Segerike le Seheberu. Ka ho etsa joalo, New World Translation e ikemiselitse ho boloka tšobotsi e khahlang, bonolo, matla, le mokhoa oa ho itlhalosa tse khethehileng tsa mangolo a puo ea pele. Kahoo ho ile ha hlokahala hore ho sebelisoe maetsi a thusang Senyesemaneng ho fetisa ka hloko maemo a sebele a liketso tseo. Ka lebaka la matla a maetsi a oona, Mangolo a pele ke a matla haholo le a hlalosang ketso haholo.
12. (a) Ke tsela efe e ’ngoe eo ka eona Seheberu se fapanang le lipuo tsa Bophirima? (b) Hlalosa maemo a mabeli a leetsi la Seheberu.
12 Leetsi la Seheberu ha le na “bonako” ka tsela eo lentsoe “bonako” le sebelisoang ka teng lipuong tse ngata tsa Bophirima. Ka Senyesemane, maetsi a talingoa haholo-holo ka pono ea bonako, kapa nako: e fetileng, ea hona joale, le ea ka moso. Leetsi la Seheberu, ka lehlakoreng le leng, ha e le hantle le bontša boemo ba ketso, ke hore, ketso e talingoa e phethehile (boemo bo phethahetseng) kapa e sa phetheha (boemo bo sa phethahalang). Maemo ana a leetsi la Seheberu a ka ’na a sebelisoa ho bontša liketso tsa nako e fetileng kapa e tlang, moelelo oa taba ke oona o rerang nako. Ka mohlala, boemo bo phethahetseng kapa bo feletseng ba leetsi ka tlhaho bo emela liketso tsa nako e fetileng, empa bo boetse bo sebelisoa ho bua ka ketsahalo ea kamoso joalokaha eka e se e etsahetse ’me e fetile, bo bontša bonnete ba bokamoso ba eona kapa ho tlameha ha eona ho etsahala.
13. Ke hobane’ng ha ho hlokomela boemo ba leetsi la Seheberu ho le bohlokoa ho fihlela kutloisiso e nepahetseng ea Genese 2:2, 3?
13 Ho fetisetsa ka nepo boemo ba leetsi la Seheberu Senyesemaneng ke habohlokoahali; ho seng joalo, moelelo o ka ’na oa sothoa ’me ha bontšoa khopolo e fapaneng ka ho felletseng. Bakeng sa mohlala oa sena, hlahloba lipolelo tsa leetsi ho Genese 2:2, 3. Liphetolelong tse ngata, ha ho buuoa ka ho phomola ha Molimo ka letsatsi la bosupa, ho sebelisitsoe lipolelo tse kang tsena “o phomotse,” “o khaolitse,” “o ne a ile a khaotsa,” “joale a phomola,” “Molimo oa phomola,” le “o ne a ile a phomola.” Motho ha a bala lipolelo tsena o ne a ka etsa qeto ea hore ho phomola ha Molimo ka letsatsi la bosupa ho phethiloe nakong e fetileng. Empa hlokomela kamoo New World Translation e ntšang kutloisiso ea maetsi a sebelisitsoeng serapeng sena ho Genese 2:2, 3: “’Me ka letsatsi la bosupa Molimo oa fihla sephethong sa mosebetsi oa oona oo o neng o o entse, ’me oa tsoela pele ho phomola ka letsatsi la bosupa mosebetsing oohle oa oona oo o neng o o entse. ’Me Molimo oa tsoela pele ho hlohonolofatsa letsatsi la bosupa ’me oa le etsa le halalelang, hobane ka lona o ne o ntse o phomotse mosebetsing ’ohle oa oona oo Molimo o o bōpileng ka morero oa ho o etsa.” Polelo e temaneng ea 2 “oa tsoela pele ho phomola” ke leetsi le boemong bo sa phethahalang ka Seheberu ’me kahoo le bontša khopolo ea ketso e sa fellang kapa e tsoelang pele. Phetolelo ena “oa tsoela pele ho phomola” e tumellanong le se boletsoeng ho Ba-Heberu 4:4-7. Ka lehlakoreng le leng, leetsi le ho Genese 2:3 le boemong bo phethahetseng, empa hore le tle le lumellane le temana ea 2 le Ba-Heberu 4:4-7, NW, le fetoletsoe e le “o ne o ntse o phomotse.”
14. Ho qoba pono e fosahetseng ea waw e lateloang ke leetsi, New World Translation e loanela ho etsa eng mabapi le maetsi a Seheberu?
14 Le leng la mabaka a ho se nepahale ha ho fetoleloa libōpeho tsa maetsi a Seheberu ke khopolo ea kajeno ea ho ngoloa ha puo e bitsoang waw e lateloang ke leetsi. Waw (ו) ke lehokelo la Seheberu leo ha e le hantle le bolelang “le.” Ha ho mohla le ikemelang ka bolona empa ka mehla le kopanngoa le lentsoe le leng, hangata le leetsi la Seheberu, e le ho bōpa lentsoe le le leng le lona. Ho ’nile ha boleloa, ’me ho ntse ho boleloa ke ba bang hore kamano ena e na le matla a ho fetola leetsi ho le tlosa boemong bo bong ho le isa ho bo bong, ke hore, ho tloha ho ba ho se phethahale ho ea ho bo phethahetseng (joalokaha ho entsoe liphetolelong tse ngata, ho akarelletsa le tsa kajeno, ho Genese 2:2, 3) kapa ho tloha ho bo phethahetseng ho ea ho bo sa phethahalang. Phello ena e boetse e ’nile ea hlalosoa ka lentsoe “waw e fetolehang.” Tšebeliso ena e sa nepahalang ea sebopeho sa leetsi e lebisitse pherekanong e khōlō le ho fetoleleng ka mokhoa o fosahetseng taba e ngotsoeng ka Seheberu. New World Translation ha e hlokomele hore letere waw e na le matla leha e le afe a ho fetola boemo ba leetsi. Ho e-na le hoo, ho entsoe boiteko ba ho hlahisa matla a nepahetseng le a khethollehileng a leetsi la Seheberu, kahoo e boloka moelelo oa pele ka ho nepahala.d
15. (a) Maetsi a Segerike a fetoletsoe ka hloko efe? (b) Bontša molemo oa ho hlahisa khopolo e tsoelang pele ka nepo.
15 Ho biloe hlokolosi ka ho tšoanang ha ho fetoleloa maetsi a Segerike. Ka Segerike bonako ba leetsi ha bo bontše feela nako ea ketso kapa boemo empa hape mofuta oa ketso, hore na ke ea nakoana, ea qala, e tsoela pele, ea phetoa, kapa e feletse. Ho ela hloko kutloisiso e joalo libopehong tsa maetsi a Segerike ho lebisa phetolelong e nepahetseng hantle ka matla a felletseng a ketso e hlalositsoeng. Ka mohlala, ho fana ka kutloisiso ea khopolo e tsoelang pele moo sena se hlahang leetsing la Segerike hase feela hore ho hlahisa kutloisiso ea ’nete ea boemo empa ho boetse ho etsa hore keletso le khalemelo li be matla haholoanyane. Ka mohlala, ho se lumele ho tsoelang pele ha Bafarisi le Basadduci ho fetisoa ka ho hlaka ke mantsoe a Jesu: “Moloko o khopo le o febang o ntse o tsoela pele o batla pontšo.” ’Me hore bohato bo tsoelang pele boa hlokahala linthong tse nepahetseng ho bontšoa ke mantsoe ana a Jesu: “Tsoelang pele le rata lira tsa lōna.” “Joale, le ’ne le tsoele pele le batla ’muso pele.” “Le ’ne le tsoele pele le kōpa, ’me le tla fuoa; le ’ne le tsoele pele le batla, ’me le tla fumana; le ’ne le tsoele pele le kokota, ’me le tla buleloa.”—Matt. 16:4; 5:44; 6:33; 7:7, NW.
16. Ka ho nahanela bonako ba Segerike ba “aorist,” tlhaloso ea Johanne ka “sebe” ho 1 Johanne 2:1 e beiloe ka nepo joang?
16 Segerike se na le bonako bo sa tloaelehang bo bitsoang “aorist,” bo supang ketso e amanang le nako e itseng, kapa ea nakoana. Maetsi a ka ho “aorist” a ka ’na a fetoleloa ka litsela tse sa tšoaneng, ho latela moelelo oa oona. Tsela e ’ngoe eo a sebelisoang ka eona ke ka ho bontša ketso e le ’ngoe ea mofuta o mong o itseng, le hoja e sa amane le nako leha e le efe e khethehileng. Mohlala o joalo o fumanoa ho 1 Joh. 2:1, moo liphetolelo tse ngata li fetolelang lereho “sebe” ka leetsi ho lumella tsela e tsoelang pele ea sebe, ha New World Translation e baleha tjena, “etsa sebe,” ke hore, ketso e le ’ngoe ea sebe. Sena se fetisa moelelo o nepahetseng oa hore haeba Mokreste a ka etsa ketso ea sebe, o na le Jesu Kreste, ea nkang bohato e le ’muelli, kapa mothusi, ho Ntate oa leholimo. Kahoo, 1 Joh. 2:1 ho hang ha e hanane empa feela e bapisa le ho nyatsuoa ha ho ‘itloaetsa sebe’ ho fumanoang ho 1 Joh. 3:6-8, (NW) le 5:18, (NW).e
17. Ntle le ho bontša ketso e tsoelang pele, ke eng hape eo bonako ba Segerike bo sa phethahalang bo ka e hlalosang? Bontša.
17 Bonako bo sa phethahalang ka Segerike bo ka ’na ba se ke ba bontša feela ketso e tsoelang pele empa hape le ketso e lekiloeng empa e sa phethahala. Hlokomela kamoo Ba-Heberu 11:17 e balehang ka teng ho King James Version: “Ka tumelo Abrahama, ha a ne a lekoa, o nyehelane ka Isaaka: ’me ea amohetseng litšepiso o nyehelane ka mora oa hae ea tsoetsoeng a le mong.” Leetsi lena “nyehelane ka” le fapana ka sebopeho mona moo le hlahang habeli ka Segerike. Moo le hlahang teng ka lekhetlo la pele le bonakong bo phethahetseng (felletseng), ha lekhetlong la bobeli le le sebopehong se sa phethahalang (bokhale bo tsoelang pele). New World Translation, e hopoletse ho se tšoane ha bonako, e fetolela temana ena tjena: “Abrahama, ha a ne a lekoa, ho tšoana leha a ne a nyehelane ka Isaaka, ’me monna enoa . . . o lekile ho nyehelana ka mora oa hae ea tsoetsoeng a le mong.” Kutloisiso e felletseng ea leetsi la pele kahoo e bolokiloe, ha bonako bo sa phethahalang ba leetsi la bobeli bo bontša hore ketso e ne e reriloe kapa e lekiloe empa ha ea ka ea phethahatsoa ka ho felletseng.—Gen. 22:9-14.
18. Ho ela hloko tšebetso ea maretlo-puo a mang ho felletse ka eng? Fana ka mohlala.
18 Ho ba hlokolosi tšebetsong ea maretlo-puo a mang, a kang kamano ea mareho le mantsoe a mang, ho lebisitse ho hlakisoeng ha ho bonahalang eka ke ho hanyetsana. Ka mohlala, ho Liketso 9:7, ha li pheta phihlelo e makatsang ea Saule tseleng e eang Damaseka, liphetolelo tse ’maloa li re bao a neng a tsamaea le bona ba “utloile lentsoe” empa ha baa ka ba bona motho. Joale, ho Liketso 22:9, moo Pauluse a phetang taba ena, tsona liphetolelo tseo li re le hoja ba ile ba bona khanya, ‘ha baa ka ba utloa lentsoe.’ Leha ho le joalo, tšupisong ea pele, lereho la Segerike bakeng sa “lentsoe” ha le amane ka ho toba le eo ho buuoang le eena, empa tabeng ea bobeli, le amana ka ho toba le eo ho buuoang le eena, joaloka ho Liketso 9:4. Ke hobane’ng ha ho e-na le phapano ee? Ha ho e fetisoang liphetolelong tse ka holimo tsa Senyesemane, empa Segerike, ka ho fetoha ha sebopeho sa lereho kamanong le bao ho buuoang le bona, se bontša ho hong ho fapaneng. Ha e le hantle banna bao ba utloile “oa lentsoe” empa ha ba ka ba utloa ka tsela eo Pauluse a utloileng ka eona, ke hore, ba utloa mantsoe le ho a utloisisa. Kahoo, New World Translation, e hlokomela tšebeliso ena ea lentsoe le sa tobang eo ho buuoang le eena ho Liketso 9:7, e baleha ka hore banna ba neng ba e-na le eena ba ile “ba utloa, ka sebele, molumo oa lentsoe, empa ba sa bone motho leha e le ofe.”
“YOU” KA BONGATENG E BONTŠITSOE
19, 20. (a) New World Translation e entse eng ka libopeho tsa ho bua tse nkoang li halalela ka ho khethehileng, hona hobane’ng? (b) Bontša kamoo “you” [uena] ka bonoosing e ka khetholloang ho e ka bongateng.
19 Libopeho tsa khale tsa Senyesemane tsa motho oa bobeli bonoosing, “thee,” “thou,” le “thy,” li ’nile tsa bolokoa liphetolelong tse ling tsa kajeno mabakeng ao ho buuoang le Molimo. Leha ho le joalo, lipuong tseo Bibele e neng e ngotsoe ka tsona, ho ne ho se na sebopeho se khethehileng sa seemeli sa botho se neng se sebelisoa ha ho buuoa le Molimo, empa ho ne ho sebelisoa sebopeho se tšoanang le ha ho buuoa le motho e mong. Kahoo New World Translation e lahlile mantsoe a mofuta ona a nkoang a halalela ka ho khethehileng le hore mabakeng ’ohle e sebelise “you” (uena, ka Sesotho) e tloaelehileng ha ho qoqoa. E le ho khetholla seemeli “you” sa motho oa bobeli ka bongateng le maetsi ao bongata ba oona bo sa totobaleng habonolo ka Senyesemane, mantsoe ao kaofela a ngoloa ka litlhaku tse khōlō tse nyenyane. Hangata ho thusa ’mali ho tseba hore na temana e fanoeng ea Lengolo e supa “you” e le motho ka mong, kapa “YOU” e le sehlopha sa batho, phutheho.
20 Ka mohlala, ho Ba-Roma 11:33, (NW) Pauluse o bua le ba bangata: “Joale ke bua le lōna [YOU] bao le leng batho ba lichaba.” Empa temaneng ea 17 Segerike se fetohela ho “you” e ka bonoosing, ’me tšebeliso e tobisoa ho motho ka mong: “Leha ho le joalo, haeba a mang a makala a khethutsoe empa uena [you] . . . le nyalantsoe . . . ”
NEW WORLD TRANSLATION KA LIPUO TSE LING
21. (a) Ho bile bonolo joang hore ba eketsehileng ba baahi ba lefatše ba thabele melemo ea New World Translation? (b) Ka kakaretso ke lenane le lekae la likopi tsa New World Translation tse hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower ka 1989?
21 Ka 1961 ho ile ha tsebisoa hore Mokhatlo oa Watch Tower o ne o tsoela pele ho fetolela New World Translation lipuong tse tšeletseng tse sebelisoang ka bophara, e leng, Sedatche, Sefora, Sejeremane, Setaliana, Sepotoketsi, le Sepanishe. Mosebetsi ona oa ho fetolela o ne o tšepetsoe bafetoleli ba nang le tsebo le ba inehetseng, kaofela ba sebetsa hammoho ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower e Brooklyn, New York. Ba ne ba sebeletsa e le komiti e khōlō ea machaba e sebetsang tlas’a tataiso e tšoanelehang. E ne e le ka Phupu 1963, Kopanong ea Lipaki tsa Jehova ea “Litaba tse Molemo Tsa ka ho sa Feleng” Milwaukee, Wisconsin, U.S.A., moo lilopotsiea tsa mosebetsi ona oa phetolelo li ileng tsa fumaneha ha New World Translation of the Christian Greek Scriptures e ne e lokolloa ka nako e le ’ngoe ka lipuo tse tšeletseng tse ka holimo. Joale baahi ba lefatše ba buang lipuo tse ling ntle ho Senyesemane ba ne ba ka qala ho thabela melemo ea phetolelo ena ea kajeno. Ho tloha ka nako eo, mosebetsi oa ho fetolela o ile oa tsoela pele, hoo ka 1989 New World Translation of the Holy Scriptures e neng e hlahile ka lipuo tse 11, ’me ho se ho hatisitsoe likopi tse fetang 56 000 000.f
LITEBOHO BAKENG SA KOFUTO E MATLA
22, 23. Ke ka litsela life tse ikhethang moo phetolelo ee ea Mangolo a bululetsoeng e ruisang Mokreste molemo?
22 Ka sebele New World Translation ke kofuto e matla bakeng sa ho bontša hore “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo.” Lintlheng tseo ho buisanoeng ka tsona thutong ena, re ka ananela hore e nepahetse e bile ea tšepahala le hore e ka fana ka thabo ea sebele ho ba lakatsang ho utloa ha Molimo o bua le motho ka mokhoa o susumetsang ka puo ea kajeno, e phelang. Puo ea New World Translation ea hlasimolla moeeng, ’me ka potlako e bea ’mali boemong bo loketseng ka lipolelo tse matla tsa Mangolo a bululetsoeng a pele. Ha ho sa hlokahala hore re bale re be re bale litemana hore re tle re utloisise lipoleloana tse sa hlakang. E bua ka matla le ka ho hlaka ha e baloa ka lekhetlo la pele feela.
23 New World Translation of the Holy Scriptures ke phetolelo e tšepahalang ea Lentsoe la Molimo, “sabole ea Moea.” E le joalo, ka sebele ke sebetsa se sebetsang ntoeng ea moea ea Mokreste, thuso ho ‘heletseng lithuto tsa bohata tse itsetsepetseng ka matla le mabaka a phahamisoang khahlanong le tsebo ea Molimo.’ E re nolofalletsa hakaakang ho phatlalatsa ka kutloisiso e kholoanyane lintho tse molemo le tse hahang, lintho tse khanyang tse amanang le ’Muso oa Molimo oa ho loka—e, “limakatso tsa Molimo”!—Ba-Ef. 6:17, BPN; 2 Ba-Kor. 10:4, 5; Lik. 2:11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Introduction to the Old Testament, Robert H. Pfeiffer, 1952, leqephe 94.
b Kingdom Interlinear Translation, Khatiso ea 1985, maqephe 1133-8.
c Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 528.
d Reference Bible, sehlomathiso 3C, “Hebrew Verbs Indicating Continuous or Progressive Action.”
e Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 1008.
f Liphetolelo tse felletseng li hatisitsoe ka Sedanishe, Sedatche, Senyesemane, Sefora, Sejeremane, Setaliana, Sejapane, Sepotoketsi, le Sepanishe (hape e sa fella ka Sefinishe le Seswedishe).