Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/98 maq. 5-6
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 12/98 maq. 5-6

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Tlhahlobo ea libuka tse koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa la 7 September ho ea ho la 21 December, 1998. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang ka nako e lekanyelitsoeng.

[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo e ngoloang, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ka ’na tsa se ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]

Araba polelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:

1. “Mpho” eo ho buuoang ka eona ho 2 Timothea 1:6, ke bokhoni ba ho bua ka lipuo tse sa tšoaneng boo Timothea a neng a bo filoe ka lebaka la ho sebetsa ha moea o halalelang oa Molimo. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w85-SU 5/1 leq. 16 ser. 15.]

2. Mokreste ea hōlileng tsebong ‘o koetlisa matla a hae a ho khetholla ka bobeli se nepahetseng le se fosahetseng’ ka ho itloaetsa ho sebelisa tsebo leha e le efe ea Lentsoe la Molimo eo a nang le eona. (Baheb. 5:14) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w85-SU 6/15 leq. 9 ser. 7.]

3. Le hoja mebuso e ka ngolisa Lipaki tsa Jehova e le mokhatlo oa bolumeli, ka ho totobetseng tumello ea ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete ha e tsoe ho motho leha e le ofe kapa ’muso leha e le ofe oa batho. [jv-SU leq. 696 ser. 1]

4. Mongoli oa Bibele Jakobo e ntse e le eena Jakobo eo e neng e le ’muelli oa “baapostola le banna ba baholo” nakong ea ha ho etsoa qeto ka taba ea lebollo. (Lik. 15:6, 13; Jak. 1:1) [si-SU leq. 248 lir. 2-3]

5. Le hoja 1 Petrose 5:13 e bolela hore Petrose o ne a le Babylona ha a ne a ngola lengolo la hae la pele, bopaki bo bontša hore Babylona e ne e le lebitso leo ho patoang Roma ka lona. [si-SU leq. 251 ser. 4]

6. Polelo “mohanyetsi oa Kreste oa tla” e ho 1 Johanne 2:18 e bua ka motho a le mong. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona rs-SU leq. 27 ser. 5.]

7. Taelo e ho 2 Johanne 10 e reng motho a se ke a amohela batho ba itseng ha hae kapa a ba lumelisa e bua feela ka ba ntšetsang pele lithuto tsa bohata. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w85-SU 7/15 leq. 30 lir. 1-3.]

8. Buka ea Tšenolo e behiloe qetellong ka Bibeleng hobane e le eona buka ea ho qetela e ngotsoeng ke moapostola Johanne. [si-SU leq. 263 ser. 1]

9. Tšenolo 13:11-15 e bontša hantle kamoo ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o fetohileng motšehetsi ea ka sehloohong le mophelisi oa Selekane sa Lichaba le mohlahlami oa sona, Machaba a Kopaneng. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 12/15 leq. 19 ser. 3.]

10. Taelo ea ho ratana, e boletsoeng ho Johanne 13:34, e ne e le “taelo e ncha” hobane ke ea moraonyana ho feta Molao oa Moshe. [jv-SU leq. 711 ser. 3]

Araba lipotso tse latelang:

11. Ho bolela’ng hore molebeli e se ke ea e-ba “ea otlang”? (Tite 1:7) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w90-SU 9/1 leq. 27 ser. 21.]

12. Fana ka mabaka a mabeli a etsang hore Jehova a etse hore ho fana e be karolo ea borapeli ba ’nete. [w96-SU 11/1 leq. 29 lir. 3-6; leq. 30 ser. 3]

13. Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a re, “Sehlabelo le nyehelo ha ua ka ua li batla”? (Baheb. 10:5) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w96-SU 7/1 leq. 14 ser. 3.]

14. Bakreste ba ka “hlōla lefatše” joang? (1 Joh. 5:3, 4) [si-SU leq. 258 ser. 12]

15. Ke eng se akarelletsoang ke polelo ea Petrose e reng ‘le lule le hopolela haufi ho ba teng ha letsatsi la Jehova’? (2 Pet. 3:12) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w97-SU 9/1 leq. 19 ser. 2.]

16. Ho hloeka moeeng ho akarelletsa eng, ’me see se thusa ho sireletsa lelapa la motho joang? (2 Bakor. 7:1) [fy-SU leq. 46 ser. 14]

17. Tumellanong le Tšenolo 1:7, ke joang ba ileng ba hlaba Jesu ba tlang ho mo bona a “tla ka maru”? [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w93-SU 5/1 leq. 22 ser. 7.]

18. Bakreste ba seli ba ‘ikela hloko le ho lula ba falimehile’ joang? (Luka 21:34, 36) [jv-SU leq. 714 ser. 4]

19. Ba bōpang mokhatlo o le mong o hlophisitsoeng oa Bakreste ba ’nete ba fihlela kutloisiso e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo joang? [jv-SU leq. 708 ser. 3]

20. Ke tlhokahalo efe ea Mangolo eo mokhatlo o le mong o hlophisitsoeng oa Bakreste o lokelang ho e finyella mehleng ea bofelo? [jv-SU leq. 706 ser. 3]

Ngola (ma)lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetela polelo ka ’ngoe ho tse latelang:

21. Monna le mosali ba tlameha ho ․․․․․․․․, ba ntse ba hopola hore ․․․․․․․․ ke oa bohlokoa ho feta ponahalo ea kantle. [fy-SU leq. 26 lebokose la tlhahlobo]

22. Lengolo la Pauluse le eang ho Baheberu le bontša hore litšobotsi tse fapa-fapaneng tsa ․․․․․․․․ li ile tsa fetoha mohlala oo Molimo a ileng a o etsa o neng o supa linthong tse khōloanyane tse tlang, tseo kaofela ha tsona li ileng tsa fihla sehlohlolong ka ․․․․․․․․, phetho ea Molao. [si-SU leq. 247 ser. 23]

23. Ho 2 Petrose 1:5-8, moapostola Petrose o khothalletsa ․․․․․․․․ bakeng sa ho haha litšoaneleho tsa bomolimo tse tla re thibela ho ba ․․․․․․․․ kapa ․․․․․․․․. [si-SU leq. 255 ser. 9]

24. Ha monna le mosali ba buisana, ․․․․․․․․ le ․․․․․․․․ ke tsa bohlokoa haholo. [fy-SU leq. 36 ser. 21]

25. Kamoo ho bonahalang kateng e ne e le ․․․․․․․․ pele ho Kreste moo Bajuda ba ileng ba qala ho amohela thuto ea ․․․․․․․․ ho Bagerike. [w96-SU 8/1 leq. 6 lir. 2-3]

Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:

26. Ha Pauluse a ne a koaletsoe teronkong ka lekhetlo la pele Roma, (Onesiforase; Onesimase; Onane), lekhoba le neng le balehile tlung ea (Filipi; Festase; Filemone), o ne a le har’a ba ileng ba mamela boboleli ba hae. [si-SU leq. 241 ser. 2]

27. (Lerato; Tlhompho; Kamohelo e mofuthu ea baeti) e hlalosoa e le “ho nahanela ba bang, ho ba tlotla.” [fy-SU leq. 30 ser. 7]

28. Ho Luka 14:28, Jesu o bua ka (ho rera esale pele; ho se senye chelete; ho qoba ho alima lichelete). [fy-SU leq. 40 ser. 4]

29. “Borena” boo ho buuoang ka bona ho Juda 8 ke (boemo ba Jesu; bobusi ba Jehova; taolo e fanoeng ke Molimo phuthehong ea Bokreste). [si-SU leq. 263 ser. 9]

30. Ho Tšenolo 11:11, “matsatsi a mararo le halofo,” ao masala a batlotsuoa a ileng a bonahala e le litopo tse shoeleng ka ’ona mahlong a lira, a bolela (lilemo tse tharo le halofo; nako e khutšoanyane; likhoeli tse tharo le halofo). [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona re-SU leq. 167 ser. 21.]

Nyalanya mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:

Liprov. 8:30; Mat. 19:13-15; Baheb. 2:1; Jak. 4:15; 1 Pet. 3:4

31. E le hore re loantše tšusumetso ea liphatlalatso tse mpe tseo re lulang re li pepeselitsoe lefatšeng lena, re lokela ho ‘ela hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng’ Lentsoe la Molimo ka ho ba le mekhoa e metle ea ho ithuta le ho ntšetsa pele kemiso e ntle ea ho bala Bibele. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w98-SU 1/1 leq. 7 ser. 9.]

32. Neng le neng ha re etsa litokisetso bakeng sa bokamoso, re lokela ho nahanisisa ka thapelo hore na li lumellana hakae le morero oa Molimo. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w97-SU 11/15 leq. 21 lir. 10-11.]

33. “Moea o thōtseng le o bonolo” oa mosali le ’mè oa Mokreste ha o khahlise monna oa hae feela empa habohlokoa haholo o khahlisa Molimo. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w89-SU 5/15 leq. 19 ser. 12.]

34. A etsisa mohlala oa Jehova, ntate ea molemo o lokela ho leka ka matla ho hlaolela kamano e mofuthu, e lerato le ngoan’a hae qalong feela ea bophelo ba ngoana. [fy-SU leq. 54 ser. 7]

35. Kaha Jesu o ne a sa bontše leeme ha a hlohonolofatsa bana, motho ha aa lokela ho talima bana ba bashanyana ba le boemong bo phahameng ho feta ba banana. [fy-SU leq. 52 ser. 4]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela