Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • si maq. 256-258
  • Buka ea Bibele ea 62—1 Johanne

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Buka ea Bibele ea 62—1 Johanne
  • “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LITABA TSE KA HARE TSA JOHANNE OA PELE
  • LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
  • Bontša Lerato le Tumelo Kamehla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Le ’Ne le Tsamaee Leseling la Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Tsoelang Pele le Phela Joaloka Bana ba Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Tsoelang Pele le Tsamaea Leseling le Leratong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
“Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
si maq. 256-258

Buka ea Bibele ea 62​—1 Johanne

Mongoli: Moapostola Johanne

Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Efese, kapa haufi le eona

Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 98 C.E.

1. (a) Ke tšoaneleho efe e hlahelletseng mangolong a Johanne, empa ke eng e bontšang hore e ne e se motho ea laoloang ke maikutlo? (b) Ke hobane’ng ha mangolo a hae a mararo a ne a le nakong?

JOHANNE, moapostola ea ratoang oa Jesu Kreste, o ne a e-na le lerato le matla la ho loka. Sena se ile sa mo fa temohisiso e seli ea mohopolo oa Jesu. Ka hona ha re makale hore e be sehlooho sa lerato ke sona se hlahelletseng haholo mangolong a hae. Leha ho le joalo, e ne e se motho ea laoloang ke maikutlo, hobane Jesu o ile a bua ka eena e le e mong oa “Bara ba sealuma [Boanergese].” (Mar. 3:17) Ha e le hantle, o ngotse mangolo a hae a mararo ka sepheo sa ho sireletsa ’nete le ho loka, hobane bokoenehi boo moapostola Pauluse a neng a bo boletse esale pele bo ne bo se bo ntse bo bonahala ka ho hlaka. Ka sebele mangolo a mararo a Johanne a ne a le nakong, hobane e ne e le thuso ea ho matlafatsa Bakreste ba pele ntoeng ea bona khahlanong le litlhaselo tsa “e mobe.”—2 Ba-Thess. 2:3, 4; 1 Joh. 2:13, 14; 5:18, 19.

2. (a) Ke eng e bontšang hore mangolo a Johanne a ngotsoe nako e telele haholo ka morao ho Mattheu, Mareka, le mangolo a boromuoa? (b) Ho bonahala eka mangolo ao a ngotsoe neng hona a ngolletsoe hokae?

2 Ha re ahlola ka litaba tse ka hare, mangolo ana a ngotsoe nako e telele ka morao ho Likosepele tsa Mattheu le Mareka—hape, a ngotsoe ka morao ho mangolo a boromuoa a Petrose le Pauluse. Mehla e ne e se e fetohile. Ha ho moo ho buuoang ka Bojuda, boo e neng e le tšokelo e khōlō liphuthehong mehleng ea bosea ba tsona; ’me ha ho bonahale ho e-na le karolo leha e le ’ngoe e qotsitsoeng ka ho toba Mangolong a Seheberu. Ka lehlakoreng le leng, Johanne o bua ka “nako ea qetello” le ho hlaha ha “bo-antikreste ba bangata.” (1 Joh. 2:18) O bitsa babali ba lengolo la hae ka lipolelo tse kang “bana ba ka ba banyenyane” ’me o ipitsa “monna ea hōlileng.” (1 Joh. 2:1, 12, 13, 18, 28, NW; 3:7, 18, NW; 4:4, NW; 5:21, NW; 2 Joh. 1, NW; 3 Joh. 1, NW) Sena sohle se bontša hore mangolo a hae a mararo a ngotsoe nakong ea morao. Hape, ho bonahala eka 1 Johanne 1:3, 4 e bontša hore Kosepele ea Johanne e ngotsoe hoo e ka bang ka eona nako eo. Ka tloaelo ho lumeloa hore mangolo a mararo a Johanne a phethiloe hoo e ka bang ka 98 C.E., nakoana pele ho lefu la moapostola eo, le hore a ngolletsoe mathōkong a Efese.

3. (a) Ke eng e pakang bongoli le bonnete ba Johanne oa Pele? (b) Ke boitsebiso bofe bo ileng ba eketsoa hamorao, empa ke eng e pakang hore ke bo kentsoeng ka bolotsana?

3 Hore Johanne oa Pele e hlile e ngotsoe ke moapostola Johanne ho bontšoa ke ho tšoana ha eona le Kosepele ea bone, eo ho seng pelaelo hore e ngotsoe ke eena. Ka mohlala, o kenyelletsa lengolo lena ka ho itlhalosa e le paki e boneng ka mahlo “lentsoe la bophelo . . . , bophelo bo sa feleng, bo neng bo le ho Ntate, ’me bo senoletsoe rōna,” e leng lipolelo tse tšoanang ka mokhoa o hlollang le tseo Kosepele ea Johanne e qalang ka tsona. Bonnete ba tlaleho ea eona bo pakoa ke Mosaletsa oa Muratori le bangoli ba pele ba kang Irenaeus, Polycarp, le Papias, bao kaofela e leng ba lekholong la bobeli la lilemo C.E.a Ho latela Eusebius (hoo e ka bang ka 260-342 C.E.), ha ho mohla ho kileng ha ba le pelaelo ka bonnete ba tlaleho ea Johanne oa Pele.b Leha ho le joalo, ho ke ho hlokomeloe hore liphetolelo tse ling tsa khalenyana li ekelitse mantsoe a latelang khaolong ea 5qetellong ea temana ea 7 le qalong ea temana ea 8: “Leholimong, Ntate, Lentsoe, le Moea o Halalelang: ’me bana ba bararo ke ntho e le ’ngoe. ’Me ho na le ba bararo ba behang bopaki lefatšeng.” (King James Version) Empa temana ena ha e fumanoe bukeng efe kapa efe ea Segerike e ngotsoeng ka letsoho ea nakong ea pele ’me ka ho totobetseng e ekelitsoe ka sepheo sa ho tšehetsa thuto ea Boraro-bo-bong. Boholo ba liphetolelo tsa kajeno, tsa K’hatholike le tsa Prostanta, ha li akarelletse mantsoe ana karolong e khōlō ea taba e ngotsoeng.—1 Joh. 1:1, 2.c

4. Johanne o batla ho sireletsa Bakreste-’moho le eena khahlanong le bo-mang, ’me o hanyetsa lithuto life tsa bohata?

4 Johanne o ngola ka morero oa ho sireletsa “baratuoa” ba hae, ‘bana ba hae ba banyenyane,’ hore ba qobe lithuto tse fosahetseng tsa “bo-antikreste ba bangata” ba tsoileng ho bona le ba lekang ho ba khelosa ’neteng. (2:7, 18, NW) E ka ’na eaba bo-antikreste bana ba bakoenehi ba ne ba susumelitsoe ke filosofi ea Bagerike, ho akarelletsa Thuto ea pele ea ba-Gnostic, eo batšehetsi ba eona ba neng ba bolela hore ba na le tsebo e khethehileng ea mofuta o itseng oa mohlolo e tsoang ho Molimo.d Johanne, a nkile khato e tiileng khahlanong le bokoenehi, o tšohla ka tsela e pharalletseng litaba tse tharo tsa sehlooho: sebe, lerato, le antikreste. Lipolelo tsa hae tabeng ea sebe, le ho tšehetsa sehlabelo sa Jesu bakeng sa libe, li bontša hore ka ho iketsa ba lokileng bo-antikreste bana ba ne ba bolela hore ha ba na sebe le hore ha ba hloke sehlabelo sa Jesu sa topollo. “Tsebo” ea bona ea boikhabi e ne e ba fetotse baithati le ba hlokang lerato, e leng boemo boo Johanne a bo pepesang ha a ntse a tsoela pele ho hatella lerato la ’nete la Bokreste. Ho feta moo, ho bonahala eka Johanne o loantša thuto ea bona ea bohata ha a hlalosa ka ho hlaka hore Jesu ke Kreste, hore o bile teng pele e e-ba motho oa nama, le hore o tlile nameng e le Mora oa Molimo ho tla fana ka poloko bakeng sa batho ba lumelang. (1:7-10; 2:1, 2, NW; 4:16-21; 2:22; 1:1, 2; 4:2, 3, 14, 15, NW) Johanne o pepesa matichere ana a bohata e le “bo-antikreste,” ’me o fana ka litsela tse ’maloa tseo bana ba Molimo le bana ba Diabolose ba ka tsejoang ka tsona.—2:18, 22; 4:3, NW.

5. Ke eng e bontšang hore Johanne oa Pele e ne e ngolletsoe phutheho ea Bokreste kaofela?

5 Kaha ha ho phutheho eo lengolo lena le neng le lebisitsoe ho eona ka ho toba, ho bonahala eka lengolo lena le ne le ngolletsoe mokhatlo oohle oa Bokreste. Hore e be ha ho tumeliso qalong le mantsoe a tumeliso qetellong le hona ho bontša sena. Ba bang ba bile ba hlalositse sena se ngotsoeng e le tlaleho ea khang e itseng le liqeto tse fihletsoeng ho fapana le lengolo. Ho sebelisoa ha lentsoe le ka bongateng “le” ho pholletsa le lengolo kaofela (joalokaha ho bontšitsoe ka litlhaku tse khōlō ho New World Translation) ho bontša hore mongoli o ne a lebisitse mantsoe a hae ho sehlopha ho fapana le ho motho a le mong.

LITABA TSE KA HARE TSA JOHANNE OA PELE

6. Johanne o bontša phapang efe pakeng tsa ba tsamaeang leseling le ba lefifing?

6 Ho tsamaea leseling, eseng lefifing (1:1–2:29). Johanne o re: “Re ngola litaba tsena, hore thabo ea rōna e tle e phethehe.” Kaha ‘Molimo o leseling,’ ke ba ‘tsamaeang leseling’ feela ba nang le ‘kopano le oona’ le ba kopaneng ka bobona. Bana ba hloekisitsoe sebe ka “mali a Jesu Kreste, Mora oa oona.” Ka lehlakoreng le leng, ba tsoelang pele ho “tsamaea lefifing” le ba reng, “Ha re na sebe,” baa ithetsa, ’me ha ho ’nete ho bona. Haeba ba bolela libe tsa bona, Molimo o tla bontša botšepehi ’me o tla ba tšoarela.—1:4-8.

7. (a) Motho o bontša joang hore o tseba Molimo ebile oa o rata? (b) Antikreste o tsejoa joang?

7 Jesu Kreste o tsebahatsoa e le “sehlabelo sa poelano” sa libe, e le “mothusi ho Ntate.” Ea reng o tseba Molimo empa a sa boloke litaelo tsa Oona o leshano. Ea ratang moena oa hae o lula leseling, empa ea hloileng moena oa hae o tsamaea lefifing. Ka matla Johanne o re lemosa hore re se rate lefatše kapa lintho tse lefatšeng, hobane o re, “Haeba ofe kapa ofe a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena.” Bo-antikreste ba bangata ba tlile, ’me Johanne o hlalosa hore “ba tsoile ho rōna,” hobane “e ne e se ba mofuta oa rōna.” Antikreste ke motho ea latolang hore Jesu ke Kreste. O latola Ntate hammoho le Mora. “Bana ba banyenyane” a ba ke ba lule ho seo ba ithutileng sona ho tloha qalong e le hore ba “lule bonngoeng le Mora le bonngoeng le Ntate,” ho latela ho tlotsoa hoo ba ho amohetseng ho eena, hoo e leng ’nete.—2:1, 2, 15, 18, 19, 24, NW.

8. (a) Ke eng e khethollang bana ba Molimo ho ba Diabolose? (b)  “Bana ba banyenyane” ba tsebile lerato joang, ’me ke ho itlhahloba lipelo hofe hoo ba lokelang hore ba ’ne ba tsoele pele ho ho etsa?

8 Bana ba Molimo ha baa tloaela ho etsa sebe (3:1-24). Ka lebaka la lerato la Ntate, ba bitsoa “bana ba Molimo,” ’me ponahalong ea Molimo ba tla tšoana le oona ’me ba tla “o bona hantle feela kamoo o leng ka teng.” Sebe ke ho hloka molao, ’me ba lutseng bonngoeng le Kreste ha baa tloaela ho se etsa. Ea tsoelang pele ho etsa sebe o simolohile ho Diabolose, eo Mora oa Molimo a tla senya mesebetsi ea hae. Ka hona bana ba Molimo le bana ba Diabolose baa bonahala: Ba simolohileng ho Molimo baa ratana, empa ba simolohileng ho ea khopo ba tšoana le Kaine, ea neng a hloile moena oa hae ’me a ba a ’molaea. Johanne o bolella “bana ba banyenyane” hore ba tsebile lerato kahobane “eo o nehelane ka sephefumolohi sa hae” bakeng sa bona, ’me o ba lemosa hore ba se ke ba ‘koalla baena ba bona monyako oa kutloelo-bohloko e mosa.’ A ba ke ba “rate, eseng ka polelo kapa molomo, empa ka ketso le ka ’nete.” Ho hlahloba hore na ba “simolohile ’neteng,” ba tlameha ho hlahloba se ka lipelong tsa bona ’me ba bone hore na ba “etsa lintho tse khahlisang mahlong [a Molimo].” Ba tlameha ho boloka taelo ea oona ea “ho lumela lebitsong la Mora oa oona Jesu Kreste le ho ratana.” Ka hona ba tla tseba hore ba lutse bonngoeng le oona, ’me le oona o lutse bonngoeng le bona ka moea.—3:1, 2, 16-19, 22, 23, NW.

9. (a) Ke teko efe e lokelang ho etsoa ka lipolelo tse bululetsoeng? (b) Ke eng e hatisang tlamo ea ho ratana?

9 Ho bontša lerato e mong ho e mong bonngoeng le Molimo (4:1–5:21). Lipolelo tse bululetsoeng li lokela ho lekoa. Lipolelo tse latolang hore Kreste o tlile ka nama “ha lia simoloha ho Molimo” empa ke tsa bo-antikreste. Li simolohile lefatšeng ’me li bonngoeng le lona, empa polelo e bululetsoeng ea ’nete e tsoa ho Molimo. Johanne o re: “Molimo ke lerato,” ’me “lerato le ntlheng ena, hase hore ke rōna ba ratileng Molimo, empa o re ratile ’me o rometse Mora oa oona e le sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna.” Ka hona, tlamo ea hore re ratane e khōlō hakaakang! Molimo o bonngoeng le ba ratang ba bang, ka hona lerato le entsoe le phethahetseng e le hore ba “ka ba le bolokolohi ba ho bua,” bo lelekang tšabo. Johanne o re: “Ha e le rōna, rea rata, hobane o re ratile pele.” “Ea ratang Molimo o lokela hore a boele a rate moena oa hae.”—4:3, 8, 10, 17, 19, 21, NW.

10. (a) Bana ba Molimo ba ka hlōla lefatše joang, ’me ba na le kholiseho efe? (b) Ba lokela ho ba le boikutlo bofe ka sebe le borapeli ba melimo ea litšoantšo?

10 Ho bontša lerato joaloka bana ba Molimo ho bolela ho boloka litaelo tsa oona, ’me phello ea sena ke ho hlōla lefatše ka tumelo. Mabapi le ba lumelang ho Mora oa Molimo, Molimo o fana ka bopaki ba hore O ba file “bophelo bo sa feleng, ’me bophelo bona bo ka ho Mora oa oona.” Ka hona, ba ka kholiseha hore o tla ba utloa ho eng kapa eng eo ba e kōpang ho oona ho latela thato ea oona. Hohle ho sa lokang ke sebe, empa ho na le sebe se sa tliseng lefu. E mong le e mong ea tsoetsoeng ke Molimo ha aa tloaela ho etsa sebe. Le hoja “lefatše lohle le rapalletse matleng a ea khopo . . . , Mora oa Molimo o tlile,” ’me o file barutuoa ba hae “matla a ho nahana” a ho fumana tsebo ea Molimo oa ’nete, oo joale ba nang le bonngoe le oona “ka Mora oa oona Jesu Kreste.” Ba tlameha hore ba boele ba itebele khahlanong le melimo ea litšoantšo!—5:11, 19, 20, NW.

LEBAKA LEO E LENG MOLEMO

11. Kajeno Bakreste ba ka loantša bo-antikreste le litakatso tsa lefatše joang?

11 Feela joaloka lilemong tsa ho qetela tsa lekholo la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng, kahoo kajeno ho na le “bo-antikreste ba bangata” bao Bakreste ba ’nete ba tlamehang ho lemosoa khahlanong le bona. Bakreste bana ba ’nete ba tlameha ho khomarela ‘taba eo ba e utloileng e sa le ho qaleng, e leng hore ba ratane,’ ’me ba lule bonngoeng le Molimo le thuto ea ’nete, ba tloaele ho etsa ho lokileng ka bolokolohi ba ho bua. (2:18; 3:11; 2:27-29, NW) Ho hong hoo e leng habohlokoa ka ho fetisisa ke temoso e khahlanong le “takatso ea nama, le takatso ea mahlo, le boikhantšo joa bophelo,” bobe ba lefatše ba lerato la lintho tse bonahalang, bo tšoasitseng karolo e khōlō ea ba ipolelang hore ke Bakreste. Bakreste ba ’nete ba tla qoba lefatše le takatso ea lona, ba tseba hore “ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.” Mehleng ena ea takatso ea lefatše, ho etsoa ha lihlotšoana tsa bokhelohi, le lehloeo, ka sebele ho molemo hakaakang ho ithuta thato ea Molimo ka Mangolo a bululetsoeng le ho etsa thato eo!—2:15-17.

12. Ke lintho life tseo Johanne oa Pele e bontšang phapang ea tsona molemong oa rōna, ’me re ka hlōla lefatše joang?

12 Molemong oa rōna, Johanne oa Pele e hlakisa phapang pakeng tsa leseli le hlahang ho Ntate le lefifi le senyang ’nete le tsoang ho e mobe, phapang pakeng tsa lithuto tsa Molimo tse phelisang le mashano a thetsang a bo-antikreste, phapang pakeng tsa lerato le teng ka har’a phutheho eohle ea ba leng bonngoeng le Ntate hammoho le Mora le lehloeo le bolaeang le kang la Kaine le teng ho ba ‘tsoileng ho rōna hore ho tle ho bonahale hore hase bohle bao e leng ba mofuta oa rōna.’ (2:19, NW; 1:5-7; 2:8-11, 22-25; 3:23, 24, 11, 12, NW) Re e-na le kutloisiso ena, re lokela ho ba le takatso e matla ea ho ‘hlōla lefatše.’ ’Me re ka etsa see joang? Ka ho ba le tumelo e matla le “ho rata Molimo,” ho bolelang ho boloka litaelo tsa oona.—5:3, 4.

13. (a) Lerato la Molimo le phahamisoa e le tšusumetso e sebetsang joang? (b) Lerato la Mokreste e lokela ho ba la mofuta ofe, ’me phello ea lona e tla ba bonngoe bofe?

13 “Ho rata Molimo”—tšusumetso ee e phahamisoa ka tsela e babatsehang hakaakang ho pholletsa le lengolo lee kaofela! Khaolong ea 2 re fumana phapang e khōlō pakeng tsa ho rata lefatše le ho rata Ntate. Hamorao re hlokomelisoa hore “Molimo ke lerato.” (4:8, 16, NW) ’Me lerato lee ke le sebetsang hakaakang! Le bonahetse ka tsela e hlollang ha Ntate a romela “Mora oa hae, e tle e be ’Moloki oa lefatše.” (4:14) Sena se lokela ho tsosa lerato le nang le kananelo, le se nang tšabo ka lipelong tsa rōna, tumellanong le mantsoe a moapostola: “Ha e le rōna, rea rata, hobane o re ratile pele.” (4:19, NW) Re lokela ho ba le lerato la mofuta o tšoanang le la Ntate le Mora—lerato le sebetsang, le itelang. Feela joalokaha Jesu a ile a nehelana ka sephefumolohi sa hae bakeng sa rōna, kahoo re “tlas’a tlamo ea ho nehelana ka liphefumolohi tsa rōna bakeng sa baena ba rōna,” e, ho bula monyako oa kutloelo-bohloko ea rōna e mosa e le hore re se rate baena ba rōna ka mantsoe feela, empa ka “ketso le ka ’nete.” (3:16-18, NW) Joalokaha lengolo la Johanne le bontša ka ho hlaka, ke lerato lena, le kopaneng le tsebo ea ’nete ea Molimo, le tlamahanyang ba tsoelang pele ho tsamaea le Molimo bonngoeng bo ke keng ba senngoa le Ntate le Mora. (2:5, 6) Johanne o bua le majalefa a ’Muso a tlamahanong ena e hlohonolofalitsoeng ea lerato ha a re: “’Me re bonngoeng le eo e leng oa ’nete, ka Mora oa hae Jesu Kreste. Ona ke Molimo oa ’nete le bophelo bo sa feleng.”—5:20, NW.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a The International Standard Bible Encyclopedia, Moq. 2, 1982, e hlophisitsoeng ke G. W. Bromiley, maqephe 1095-6.

b The Ecclesiastical History, III, XXIV, 17.

c Insight on the Scriptures, Moq. 2, leqephe 1019.

d New Bible Dictionary, khatiso ea bobeli, 1986, e hlophisitsoeng ke J. D. Douglas, maqephe 426, 604.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela