Rera Esale Pele!
1 Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o fana ka lenaneo la kamehla la mesebetsi ea puso ea Molimo le reretsoeng ho khotsofatsa litlhoko tsa rōna tsa moea. Kananelo e re susumelletsa hore re sebelise monyetla oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lokiselitsoeng, e kang maeto a molebeli ea tsamaeang, likopano tse nyenyane le tse khōlō le mesebetsi e meng e khethehileng e lokiselitsoeng sebakeng ka seng. (Mat. 5:3) Leha ho le joalo, ba bang ba lahleheloa ke litokisetso tsena tsa moea tse ngata ka lebaka la lintho tse ling tseo ba seng ba itlamme ka tsona. Ho ka etsoa eng ho thibela see? Re ka tiisa joang hore mesebetsi eo e seng ea puso ea Molimo ha e sire “lintho tsa bohlokoa haholoanyane”?—Bafil. 1:10.
2 Ho Rera ka Bohlale Hoa Hlokahala: Liproverbia 21:5 ea eletsa: “Merero ea motho ea mahlaha-hlaha e isa khoreng; empa ea potlakang o tla oela bofumeng.” Hore re fumane ‘khora’ ea moea, ho hlokahala re rere esale pele ka ho khothala, re ntse re hopola mesebetsi ea puso ea Molimo e seng e lokiselitsoe. Re lokela ho etsa kemiso bakeng sa mesebetsi ea rōna ea botho ka nako eo e ke keng ea sitisa hore re be teng ho kotuleng mahlohonolo a moea. Haeba re potlakela ho rera lintho tseo re batlang ho li etsa, ntle le ho nahana ka liketsahalo tse atamelang tsa puso ea Molimo, ho ka etsahala hore re oele “bofumeng” ba moea.
3 Se ke Ua Lahleheloa! Kaofela ha rōna re etsa litokisetso bakeng sa ka moso, ho akarelletsa nako ea phomolo, maeto a khoebo, ho etela beng ka rōna, joalo-joalo. Pele u itlama kapa u qetella litokisetso tsa hao, sheba kemiso ea mesebetsi ea moea e atamelang. Haeba u hlokomela hore molebeli oa potoloho oa tla kapa hore kopano e lokiselitsoe ka nako e le ’ngoe le eo u tla beng u le sieo ka eona, etsa boiteko bo tiileng ba ho hlophisa litaba tsa hao bocha e le hore u ka ba teng. Re tsebisoa nako e sa le ngata ka liketsahalo tse khōlō tse lokiselitsoeng nakong e tlang. Baholo phuthehong ea heno ba ka u bolella se lokiselitsoeng sebakeng seo u leng ho sona.
4 Ka ho sebelisa ponelo-pele le ka ho lokisetsa esale pele bakeng sa lintho tsa bohlokoa haholoanyane, re tla “tlala litholoana tse lokileng, . . . khanyeng le thorisong tsa Molimo.”—Bafil. 1:11.