Tokisetso ea Rōna e Bebofalitsoeng ea Kabo ea Lingoliloeng
1 Khoeling ea October le November 1999, ho ile ha hlalosoa hore ho tloha ka la 1 January, 2000, tokisetso e bebofalitsoeng ea kabo ea lingoliloeng e tla qala ho sebetsa makaleng ’ohle a lefatšeng ka bophara, ho akarelletsa le lekala la Afrika Boroa. Sena se bolela hore limakasine le libuka li tla fuoa bahoeletsi le batho ba thahasellang ntle ho tefiso. Ha re sa tla hlola re kōpa monehelo oa chelete e itseng. Ha motho ea thahasellang a amohela sengoliloeng, re tla hlalosa hore mosebetsi oa rōna oa lefatšeng ka bophara o tšehetsoa ka menehelo ea boithatelo le hore haeba a lakatsa, le eena a ka ntša monehelo. Re tla siela batho ba thahasellang lingoliloeng ebang ba ntša monehelo kapa ha ba o ntše.
2 Leha ho le joalo, ha re tlas’a tlamo ea ho fana ka lingoliloeng re sa khethe ho motho leha e le mang ea tla li amohela, ebile ha re lakatse ho etsa joalo. Feela joalokaha re sebelisa thepa ea rōna ka bohlale, mohoeletsi e mong le e mong o na le boikarabelo ba ho sebelisa ka bohlale lingoliloeng tseo a li amohelang ho Mokhatlo ntle ho tefiso tseo a li fumanang phuthehong ea habo. Taba ea hore Mokhatlo o etsa hore bahoeletsi ba fumane lingoliloeng tsa oona ntle ho tefiso ka sebele ha e bolele hore ha ho litšenyehelo tse tlisoang ke tlhahiso le kabo ea tsona. Ka ho khetheha bohle ba lokela ho ananela bohlokoa ba lingoliloeng tsa rōna bakeng sa ho thusa batho ba lipelo li tšepahalang ha ba ntse ba batla tsebo e nepahetseng mabapi le Jehova Molimo le Mor’a hae Jesu Kreste.—Joh. 17:3.
3 Mokhatlo o khona joang ho fa bohle lingoliloeng tsa oona ntle ho tefiso? Litšenyehelo tse ke keng tsa qojoa tse tlisoang ke tlhahiso le kabo ea tsona li koaheloa ka menehelo. Bahlanka ba Jehova ba inehetseng ke oona mohloli o ka sehloohong oa tšehetso ena. Lipaki tsa Jehova ha lia lebella hore sechaba se tšehetse mosebetsi ona oa bohlokoa haholo oa ho phatlalatsa ’Muso. Ha ho mohla re kileng ra kōpa chelete ho sechaba leha e le hore hona joale rea e kōpa. Leha ho le joalo, menehelo e menyenyane ea batho ba thahasellang le ba ananelang e le kannete bao re kopanang le bona tšimong ea ananeloa.
4 Phetoho ena e entsoeng mokhoeng oo re sebetsang ka oona e fana ka bopaki bo eketsehileng ba hore “ha re ba tsamaeang ba rekisa lentsoe la Molimo.” (2 Bakor. 2:17) E boetse e paka hore re arohile lefatšeng.—Joh. 17:14.
5 Ha timetso ea Babylona e Moholo e ntse e atamela, ho ba le likhatello tse ntseng li eketseha khahlanong le mekhatlo eohle ea bolumeli. Seo re hlileng re amehileng ka sona ke hore mosebetsi ona oa bohlokoa oa ho bolela ’Muso lefatšeng ka bophara o tsoele pele ntle ho tšitiso, e leng ho tlisang ba bangata polokong.—Mat. 24:14; Baroma 10:13, 14.