Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/00 leq. 1
  • Ho Tsebahatsa Lebitso la Jehova Lefatšeng Lohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tsebahatsa Lebitso la Jehova Lefatšeng Lohle
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Bolela Phatlalatsa le ka Ntlo le Ntlo
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Mekhoa ea ho Bolela Litaba Tse Molemo
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Mekhoa ea ho Paka​—Ho Sebelisa Mokhoa o Mong le o Mong ho Finyella Batho
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Ho Bolela ka Ntlo le Ntlo—Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa Hona Joale?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 1/00 leq. 1

Ho Tsebahatsa Lebitso la Jehova Lefatšeng Lohle

1 Ha Jesu a ne a laela barutuoa ba hae hore e be lipaki “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše,” o ne a se a ntse a ba behetse mohlala oo ba lokelang ho o latela. (Lik. 1:8) Neng le neng le kae le kae moo a neng a fumana batho teng, o ne a bua ka morero oa Molimo bakeng sa moloko oa batho. Se etsisa Jesu, sehlopha sa lekhoba le tšepahalang se sebelisa litsela tse ngata tse sa tšoaneng ho tsebahatsa lebitso la Jehova “lefatšeng lohle.”—Esa. 12:4, 5.

2 Se ’Nileng sa Etsoa Nakong e Fetileng: Lilemong tse fetileng, ho ile ha hatisoa linehelano likoranteng; ha hlahisoa “Photo-Drama of Creation” ’me ea bontšoa ba limilione; ha sebelisoa likoloi tse nang le libuela-hōle; ’me ha sebelisoa keramafono ka ho pharaletseng, ’me ka nakoana ha sebelisoa seea-le-moea—tseo tsohle e le bakeng sa ho bolela litaba tse molemo. Ke ’nete hore esale ho hatelloa ka matla taba ea ho buisana le batho ka ho toba e le hore moo thahasello e fumanoang e ka hlaoleloa. Ka lebaka leo, tšebeletso ea ntlo le ntlo e ipakile e le tsela e atlehang haholo ea ho tsebahatsa lebitso la Jehova libakeng tsohle.—Lik. 5:42.

3 Se Etsoang Nakong ea Rōna: Ka lebaka la mehla e fetohang lefatše le potlakile haholo, ’me libakeng tse ngata ke ka seoelo batho ba fumanehang malapeng. Ke ba seng bakae feela ba nang le tšekamelo ea ho qeta nako ba bala le ho nahanisisa ka lintho tsa moea. Ka hona re lokela ho fetola tšebeletso ea rōna hore e lumellane le maemo. Ho phaella tabeng ea ho tsoela pele re akaretsa tšimo ka ntlo le ntlo, re ’nile ra khothalletsoa ho ea moo batho ba leng teng le ho lula “ka mehla [re] loketse” ho sireletsa tšepo e ho rōna. (1 Pet. 3:15) Sena se bolela ho ikitlaelletsa ho pakela basebetsi-’moho, liithuti-’moho, batho ba seterateng le lirapeng tsa boikhathollo kapa libakeng tsa ho paka likoloi, mabenkeleng le kae le kae moo batho ba ka fumanehang teng. Re e-na le tšehetso ea Jehova, boiteko ba rōna bo hlile boa atleha. Na u kopanela ho finyelleng batho kae le kae moo ba leng teng?

4 E se eka ka bomong re ka etsa sohle se matleng a rōna ha ho tluoa tabeng ea ho tsebahatsa lebitso la Jehova tšimong ea rōna. Re ka fumana khotsofalo e khōlō ka ho phetha tšebeletso ea rōna ka botlalo, ha re ntse re lebeletse hore Jehova a hule ba lipelo li lokileng.—Joh. 6:44.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela