Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/00 leq. 1
  • “Mosebetsi oa Lōna Hase oa Lefeela”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Mosebetsi oa Lōna Hase oa Lefeela”
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Patlo ea ’Nete e-ea Putsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Na ke Tšitiso Boboleling?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Ke Hobane’ng ha Kaofela re Lokela ho Rorisa Molimo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ho Tloha ho Tepelleng Maikutlo ho ea Thabong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 6/00 leq. 1

“Mosebetsi oa Lōna Hase oa Lefeela”

1 Ke monahano o khothatsang hakaakang! Mosebetsi oa lōna tšebeletsong ea Jehova hase oa lefeela. (1 Bakor. 15:58) Ha ho bapisoa, nahana kamoo batho ba sebetsang nako e telele le ka thata kateng ba leka ho ntlafatsa boemo ba bona bophelong, kapa boemo ba bona ba lichelete. Ba ka ’na ba phehella thuto e phahameng ka lilemo tse ngata, kapa ba sebetsa joaloka makhoba e le hore ba hlahelle linthong tse bonahalang. Empa, ka lebaka la “nako le ketsahalo e sa lebelloang,” ba ka ’na ba se ke ba hlola ba fumana botumo boo ba bo batlang, kapa ba ka ’na ba qobelleha ho khotsofalla lintho tse bonahalang tse fokolang ho feta tseo ba neng ba li batla. Joaloka “ho lelekisa moea,” boiteko ba bona ke ba lefeela. (Moek. 1:14; 9:11, NW) Joale ke habohlokoa hakaakang hore ebe re na le ho hongata mosebetsing oo e leng oona feela oo eseng oa lefeela kahobane o e-na le molemo o sa feleng!

2 Mosebetsi oo e Hlileng e Leng oa Bohlokoa: Ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ke mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa lefatšeng. Ke mosebetsi o lokelang ho etsoa ebang batho baa mamela kapa che. Re batla hore re khone ho bua joaloka Pauluse: “Ke hloekile maling a batho bohle, kaha ha kea ithiba ho le bolelleng morero oohle oa Molimo.”—Lik. 20:26, 27.

3 Ha batho ba mamela ’me ba arabela molaetseng oa ’Muso, hoo e-ba thabo e kaakang! Mosali e mong e mocha o ile a hlokahalloa ke ’mangoan’ae. O ile a ipotsa hore na ’mangoan’ae o ile hokae—leholimong kapa liheleng? O ile a rapela Molimo a kōpa thuso a sebelisa lebitso la Jehova joalokaha morali’abo a ne a mo rutile. Kapele o ile a ithuta Bibele a bile a kopanela libokeng tsa Bokreste. O ile a ba le pono e ncha ka ho feletseng ka bophelo ’me a khaola maqhama a hae le likenke tsa seterateng. Mosali eo e mocha o ile a tlohela ho tsuba, ho sebelisa lithethefatsi le ho utsoa. Oa lumela: “Ke ho rata Jehova feela ho entseng hore ke tlohele mokhoa o mobe joalo oa bophelo. Ke Jehova feela ka mohau oa hae o moholo ea neng a ka mpha tšepo ea bophelo bo sa feleng.” Ha a sa qeta bophelo ba hae a phehella lintho tsa lefeela.

4 Esita leha batho ba hana ho mamela, le ntse le finyella ho hong ha bohlokoa. Baa tseba hore Lipaki tsa Jehova li ile tsa ba etela. Ho tšepahala ha lōna le lerato la lōna lia tiisoa. Kahoo, na mosebetsi oa lōna mosebetsing oa Morena ke oa lefeela? Le hanyenyane!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela