Fana ka Bopaki Joaloka Moahelani ea Molemo
1 Jesu o itse “u rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” (Mat. 22:39) Ha ho pelaelo hore u ‘sebetsa se molemo’ ho balumeli-’moho le uena, empa na u ka atolosetsa lerato la hao bathong ba lulang pel’a hao? (Bagal. 6:10) Ka litsela life?
2 Ka ho Itsebahatsa: Na baahelani ba hao baa tseba hore u Paki? Haeba ha ho joalo, ke hobane’ng ha u sa ba etele tšebeletsong ea tšimo? Liphello li ka ’na tsa u makatsa! Kapa haeba u tla ikutloa u lokolohile haholoanyane, leka ho ba pakela ka tsela e sa reroang. Ha u le ka ntle, u ka ’na ua ba bona ba sebetsa jareteng kapa ba itsamaela feela seterateng. Ba atamele u bososela ka mofuthu. Ikemisetse ho bua ka tumelo ea hao, sebaka seo Holo ea ’Muso e leng ho sona, le hore na ho etsahala’ng moo, hape ba tsebise hore na ke bo-mang hape tikolohong eo ba bang teng. Ba memele libokeng. Ikemisetse ho pakela e mong le e mong eo u mo tsebang ka litaba tse molemo ka ho qaqileng.—Lik. 10:42; 28:23.
3 Ka Boitšoaro ba Hao bo Behang Mohlala: Boitšoaro ba hao bo nang le botsoalle bo bua ho hoholo ka uena ’me bo ka u bulela monyetla oa ho fana ka bopaki. Hape bo ‘khabisa thuto ea Molimo.’ (Tite 2:7, 10) Thahasella baahelani ba hao e le kannete. E-ba le botsoalle ’me u be ea utloisisang. Hlompha tokelo ea bona ea ho batla nako ea boinotši le ho ba tikolohong e khutsitseng. Haeba e mong oa bona a kula, mo nahanele ’me u ithaopele ho thusa. Ha lelapa le lecha le fallela tikolohong ea lōna, pota le ha bona u ba amohele. Liketso tse joalo tsa mosa lia khahlisa ’me li thabisa Jehova.—Baheb. 13:16.
4 Ka Ponahalo ea Jarete ea Hao: Ho ba moahelani ea molemo ho akarelletsa ho hlokomela lehae la hao e le hore le hlahe hantle. Lehae le jarete tse hloekileng le tse bohehang ke bopaki ka botsona. Empa lehae le litšila kapa leo ho lona lintho li qhalakaneng hohle le tla tlosa ho itseng molaetseng oa ’Muso. Kahoo, ke habohlokoa haholo ho boloka lehae la hao, jarete le likoloi li hloekile ’me li le boemong bo botle.
5 Ho bontša ho ameha ka ba ka ntle ho phutheho ea Bokreste ho bontša lerato ho baahelani ba hao. Phello e ka ’na ea e-ba efe? E ka ’na ea e-ba hore “ka lebaka la mesebetsi ea lōna e metle eo . . . e leng lipaki tsa eona tse boneng ka mahlo,” ba bang ba bona ba tla “tlotlisa Molimo.”—1 Pet. 2:12.