Tse Bonolo ke Tsona Tse Molemohali
1 Ke hobane’ng ha bahoeletsi ba banyenyane hangata ba hapa tlhokomelo ea bao ba ba arolelang molaetsa oa ’Muso? Lebaka le leng ke hobane lipolelo tsa bona ke tse bonolo. Bahoeletsi ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore ho paka ka katleho ho hlokahala nehelano ea bokheleke. Leha ho le joalo, phihlelo e bontša hore nehelano e bonolo le e hlakileng ke eona e molemohali.
2 Jesu o ile a phatlalatsa ’Muso oa Molimo ka tsela e bonolo, e otlolohileng ’me o ile a koetlisa barutuoa ba hae ho etsa se tšoanang. (Mat. 4:17; 10:5-7; Luka 10:1, 9) O ne a sebelisa likenyelletso, lipotso le lipapiso tse sa rarahanang ho hapa tlhokomelo ea bamameli ba hae le ho ba finyella lipelo. (Joh. 4:7-14) Re tla be re etsa hantle ha re ka etsisa mohlala oa hae ’me ra fana ka linehelano tseo ho leng bonolo ho li utloisisa.
3 “Litaba . . . tse molemo tsa ’muso” ke molaetsa oo re tlamehang ho o bolela. (Mat. 24:14) Ho sebelisa ’Muso e le sehlooho sa hao sa motheo ho tla u thusa ho boloka nehelano ea hao e le bonolo. Bua ka lintho tse amang bamameli ba hao. Hangata basali ba thahasella malapa a bona ho feta litaba tsa lipolotiki. Ntho eo ntate a amehileng ka eona haholo ke mosebetsi oa hae le ho sireletseha ha lelapa la hae. Bacha ba thahasella bokamoso ba bona; batho ba hōlileng ba thahasella bophelo bo botle ba ’mele le ho sireletseha ha bona. Hangata batho ba batla ba amehile ka liketsahalo tsa sebaka sa habo bona ho feta ka se etsahalang linaheng tse hōle. Ka mor’a ho bua ka litaba tse thahaselloang ke batho ka kakaretso, lebisa tlhokomelo mahlohonolong ao batho ba mamelang ba tlang ho a thabela tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo. Mantsoe a seng makae a bonolo, a khethiloeng hantle a tsamaeang le lengolo e ka ba mokhoa o molemohali oa ho hapa thahasello ea momameli oa hao.
4 U ka ’na ua qala moqoqo ka ho re:
◼ “Ha ho pelaelo hore ua lumela hore moloko oa batho o hlasetsoe ke mafu a mangata a sa phekoleheng. Empa na u ne u tseba hore Molimo o tšepisitse hore haufinyane o tla tlosa mefuta eohle ea bokuli, hammoho le lefu?” Emela karabo, ebe u bala Tšenolo 21:3, 4.
5 Ka linehelano tse hlakileng le tse bonolo, e se eka u ka finyella likelello le lipelo tsa batho ba eketsehileng tšimong ea lōna, u ba thuse ho ithuta ka Jehova le ka tebello ea ho thabela bophelo bo sa feleng.—Joh. 17:3.