Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/01 leq. 10
  • Etsang se Molemo le Tle le Rorisoe!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Etsang se Molemo le Tle le Rorisoe!
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Bolokang Boitšoaro ba Lōna bo le Botle Har’a Lichaba”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Kopano ea Setereke ea “Barorisi ba Thabileng” ea 1995
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Boitšoaro bo Tlotlisang Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Likopano Tsa Rōna Tsa Setereke li Fana ka Bopaki bo Matla
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 10/01 leq. 10

Etsang se Molemo le Tle le Rorisoe!

1 “Har’a bona ho na le khutso e sa fumaneheng ho batho bafe kapa bafe.” “Hoa thabisa ho ba le sehlopha sena.” Ena ke mehlala ea lipolelo tse ngata tse boletsoeng ke bashebelli ka mor’a likopano tsa setereke tsa selemo se fetileng, e leng ho lebisang tlhokomelo botumong bo botle boo re nang le bona re le mokhatlo o hlophisitsoeng. (Liprov. 27:2; 1 Bakor. 4:9) Qetellong thoriso e joalo e lebisoa ho Jehova. (Mat. 5:16) Monyetla o mong o motle haholo oa ho rorisa Molimo o re bulehetse hona joale Kopanong ea Setereke ea selemong sena ea “Mesuoe ea Lentsoe la Molimo.”

2 Selemo le selemo re hopotsoa ka mosa boitšoaro bo loketseng ha re le kopanong. Hobane’ng? Hobane ha mekhoa, moaparo le boitšoaro ba lefatše lena li ntse li senyeha, re hana ho li etsisa. Ha re batle hore botumo ba rōna bo botle bo senyehe. (Baef. 2:2; 4:17) A re hopoleng litemoso tse latelang.

3 Etsang se Molemo—Lihoteleng, Libakeng Tsa ho Paka Lik’haravene, Kapa Matlong a Baeti: Re tsejoa re le batho ba tšepahalang. (Baheb. 13:18) Kahoo, re lokela ho tšepahala tabeng ea lenane la batho bao re lulang le bona. Ha rea lokela ho phehela ka likamoreng haeba sena se sa lumelloe. Mookameli e mong o ile a bolela hore o ile a khona ho theolela Lipaki tsa Jehova tefo ea likamore hobane ha ho mohla a lokelang ho kenya lithaole tse ling bakeng sa tse nyametseng. Oa tseba hore thepa e tla hlokomeloa hantle. Ka sebele re ke ke ra nka “lintho tseo re reng re tla ikhopotsa ka tsona hore re ne re fihletse moo.” Ho e-na le hoo, moo ho tloaelehileng, re lokela ho siea chelete e itseng ho bontša kananelo bakeng sa tšebeletso eo re e etselitsoeng. Re lokela hore re be le mekhoa e metle ka linako tsohle re be re mamelle ha re sebelisana le basebetsi.

4 Ba shebeletseng baa khahloa ha ba bona bana ba rōna ba banyenyane ba e-na le mekhoa e metle ba bile ba mamela. (Baef. 6:1, 2) Batsoali, ka kōpo hlokomelang bana ba lōna e le hore ba se ke ba sitisa ba bang, ho akarelletsa le ha ba sebelisa letamo la ho sesa kapa mefuta e meng ea boikhathollo. Bohle ba lokela ho qoba ho khahlela mamati kapa ho etsa lerata, haholo-holo ha e se e le bosiu haholo.

5 Re ka etsa se molemo ka ho nahanela baeti bao e seng Lipaki bao le bona ba sebelisang mehaho eo. Ha rea lokela ho nka lijo tse sa lefelloeng hore re li je hamorao. Ha ho mohla re lokelang ho ikutloa hore re mekhelo tabeng ea ho mamela melao ea bolulo.

6 Etsang se Molemo—Sebakeng sa Kopano: Ho ’nile ha hlokomeloa hore ba bang ba tlileng kopanong ba ile ba hana ho sebelisana le bahlokomeli, ba bile ba ba buisa ka tsela eo e seng ea Bokreste. Ka lebaka la ho hlōleha ha ba bang ho latela litaelo tsa barab’abo rōna ’me ba paka moo molao o sa ba lumelleng, likoloi tsa bona li ile tsa tlosoa moo li se li huloa ke mapolesa. Ka sebele maikutlo a ho iketelletsa pele ha a bontše hore motho o etsa lintho tse molemo, leha e le hona hore a tlisa thoriso ho Jehova Molimo. Ka lebaka leo, a re beng le lerato, re mamelle ’me re be le moea oa tšebelisano.—Bagal. 5:22, 23, 25.

7 Ha ho buloa menyako ea sebaka sa kopano ka 7:00 hoseng, bara le barali babo rōna ba bang ba bonoa ba matha, ba sututsa, ba soebehla ba bang e le hore ba ka fumana litulo sebakeng se “setlehali.” Ba bang ba ile ba tsoa likotsi ka lebaka la boitšoaro ba mofuta ona. Le hoja ho entsoe tlhahiso ea hore re tle le lijo tse bobebe e le hore re ka li ja motšehare o moholo, hase ho nepahetseng ho teka litafole sebakeng sa ho paka likoloi e le hore re ka aba lijo tse ngata. Sena se ka fana ka maikutlo a hore ke lipikiniki tse tloaelehileng lipapaling.

8 Etsang se Molemo—Moaparong le Boitlhophong: Ka mor’a kopano e ’ngoe ea setereke ea selemo se fetileng, mohlophisi oa koranta ea motse-moholo o mong, o ile a ngola: “Ho feta leha e le eng, se neng se tsoteha ka ho fetisisa e ne e le boitšoaro ba Lipaki. Ho ne ho khatholla hakaakang ho bona batho ba bangata hakaale ba itšoara ka tsela e bontšang seriti le tlhompho! A inoele, malapa a makholo a merabe eohle le litso tsohle a ile a phallela ka lebaleng a khutsitse. Boitšoaro ba bona bo ne bo fapane hōle le ba matšoele a mang a kenang ka lebaleng. Ha e le hantle, Lipaki li fapane haholo le matšoele a batho ka kakaretso. Ho se ho tloaelehile haholo ho bona sechaba se mabifi. . . . Ka sebele, letšoele la Lipaki lea khatholla.” E se eka ho ke ke ha e-ba le mohla re tla etsa hore moaparo oa rōna le ho itlhopha kapa boitšoaro li senye tikoloho ea moea ea kopano ka tsela leha e le efe.—Bafil. 1:10; 1 Tim. 2:9, 10.

9 Etsang se Molemo—Kolobetsong: Ba eang kolobetsong ba lokela ho hlompha ketsahalo ena. Ho apara liaparo tsa ho sesa tse hlomphehang ho tla bontša hore ba utloisisa hore ketsahalo ena ea halalela. Ho ka ba molemo haholo hore ba khannang lithuto tsa Bibele ba hlahlobe le liithuti tsa bona “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” tokollong ea Molula-Qhooa ea April 1, 1995, esale pele.

10 Ponahalo ea rōna le boitšoaro ba bomolimo li tšehetsa tumelo ea rōna ea Bokreste ’me li etsa hore ho be bonolo hore batho ba lipelo li tšepahalang ba amohele ’nete. Ka lebaka leo, a re ‘’neng re etse se molemo,’ re tle re rorisoe ha re le Kopanong ea Setereke ea “Mesuoe ea Lentsoe la Molimo.”—Bar. 13:3.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela