Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/02 leq. 1
  • “Ba Tla Utloa Joang?”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ba Tla Utloa Joang?”
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lokisetsa Topollo ea ho Kena Lefatšeng le Lecha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • “Bopaki ho Lichaba Tsohle”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Hopolang Mosali oa Lota
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Re Lokela ho ba le Pono Efe ka Batho ha Letsatsi la Jehova le Ntse le Atamela?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 1/02 leq. 1

“Ba Tla Utloa Joang?”

1 Jesu o ile a bua tjena ka matla: “Litaba tse molemo li lokela ho boleloa lichabeng tsohle pele.” (Mar. 13:10) Ho sa tsotellehe boiteko boo re bo etsang ka khothalo, ho sa ntse ho e-na le batho ba limilione tse makholo ba e-song ho pakeloe. Mebuso e meng e thibela mosebetsi oa rōna. Linaha tse ngata li na le baahi ba bangata ba eketsehang ka potlako. Kahoo, “ba tla utloa joang?”—Bar. 10:14.

2 Tšepa Jehova: Re lokela ho hopola hore Jehova o tseba boemo ba lipelo tsa batho bohle. Ho sa tsotellehe hore na boemo ba motho ke bofe, haeba a batla ’nete e mabapi le Molimo ka pelo eohle, o tla e fumana.—1 Likron. 28:9.

3 Abrahama o ne a tšoenyehile ka baahi ba Sodoma le Gomora. Empa Molimo o ile a mo tiisetsa hore Sodoma e ke ke ea timetsoa esita le haeba e e-na le batho ba lokileng ba leshome feela. (Gen. 18:20, 23, 25, 32) Ha ho mohla Jehova a kileng a timetsa ba lokileng hammoho le ba khopo, joalokaha ho bonahetse tabeng ea ho lopolloa ha Lota le barali ba hae.—2 Pet. 2:6-9.

4 Ho na le nako eo ka eona Elia a ileng a nahana hore ke eena a le mong ea sebeletsang Molimo oa ’nete. Leha ho le joalo, Jehova o ile a mo tiisetsa hore ho hang o ne a se mong le hore mosebetsi oo a o qalileng o tla phethoa. (1 Mar. 19:14-18) Ho thoe’ng ka boemo ba mehleng ea rōna?

5 Lula U Phathahane Tšebeletsong ea Molimo: Ha re tsebe hore na ho sa ntse ho setse mosebetsi o mokae oa ho paka. Jehova o ikarabella mosebetsing oa hae ’me o sebelisa mangeloi a hae ho o laola. (Tšen. 14:6, 7) Ke eena ea lokelang ho etsa qeto ea hore na lichaba tsohle li lokela ho pakeloa ho isa hokae. Haeba Jehova a rata, a ka etsa bonnete ba hore molaetsa oa ’Muso o hasoa ka litsela tseo re ke keng ra li nahana hona joale e le hore batho ba bang ba bangata ba “utloe lentsoe la litaba tse molemo ’me ba lumele.” (Lik. 15:7) Seo Jehova a se etsang se tla lumellana ka ho feletseng le seo a leng sona—Molimo ea lerato, ea bohlale le ea lokileng.

6 Re na le tokelo ea ho etsa thato ea Jehova, ea ho etsa se molemohali hore e mong le e mong a utloe litaba tse molemo.—1 Bakor. 9:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela