Lebokose La Lipotso
◼ Ke hobane’ng ha re lokela ho ba hlokolosi ha re paka ka mangolo?
Ho paka ka mangolo ke mokhoa oa khale o atlehang oa ho bolela litaba tse molemo. Leha ho le joalo, liketsahalo tsa lefatše morao tjena li etsa hore batho ba tšabe ho bula mangolo ao ba sa a tsebeng. Mangolo a tsoang mehloling e sa tsejoeng kapa a se nang aterese ea motho ea a rometseng a atisa ho tlisa khoao, haholo-holo haeba a ngotsoe ka letsoho a bile a tšetse phamphang ea lintho. Beng ba matlo ba ka lahla mangolo ao ba sa a bula le ho a bula. Re ka etsa joang hore see se se etsahale?
Haeba ho khoneha, lengolo le enfelopo li lokela ho thaepuoa. U lokela ho ngola lebitso la mong’a ntlo enfelopong. Se ke ua ngola ho “Mong’a Ntlo.” Ho feta moo, ka linako tsohle u fane ka aterese eo lengolo le tsoang ho eona. Haeba ho se bohlale hore u fane ka aterese ea hao ea lapeng, ngola lebitso la hao le aterese ea Holo ea ’Muso. Se ke ua romela mangolo a se nang mong’a ’ona. Le ka mohla u se ke ua sebelisa aterese ea ofisi ea lekala.—Bona Lebokose la Lipotso Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea November 1996.
Litlhahiso tse eketsehileng le mohlala oa lengolo le ka ngoloang li ka fumanoa bukeng ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, leqepheng la 71-3, ha e se e fumaneha ka puo ea heno. Tataiso ena e tla re thusa ho sebelisa mangolo ka tsela e atlehang ho finyella ba bang ka litaba tse molemo.