Na Phutheho ea Lōna e na le Tšimo e Khōlō?
1 Jesu o ile a fana ka bopaki bo feletseng ho pholletsa le tšimo e khōlō ea Iseraele ea boholo-holo, ho tloha metseng ea Judea ho ea mathōkong a Galilea. (Mar. 1:38, 39; Luka 23:5) Le rōna re lokela ho buisana le batho ba bangata kamoo re ka khonang ka litaba tse molemo. (Mar. 13:10) Leha ho le joalo, sena e ka ba phephetso. Hobane’ng?
2 Liphutheho tse ngata li na le masimo ao boholo ba ’ona a leng libakeng tsa mahae, a bophara ba lik’hilomithara tse makholo. Liphutheho tse buang puo ea batho ba mofuta o mong li ka ’na tsa sebetsa libakeng tse phetheselang tsa litoropo, li batla batho ba buang puo ea tsona. Re ka thusa batho ba phelang masimong aa a maholo joang hore ba tsebe ’nete ka Jehova, Jesu le ’Muso?
3 Lokisetsa ka Hloko: Molebeli oa tšebeletso le mohlanka oa tšimo ba lokela ho hlophisa boiteko ba phutheho ba ho finyella se molemo ka ho fetisisa. Mohlomong ho ka hlophisoa Meqebelo e itseng eo ka eona ba bangata ba ka khonang ho qeta letsatsi lohle tšebeletsong. Ha le sebetsa masimo a hōle, lokisetsang ho qeta nako e teletsana tšebeletsong ea tšimo haeba ho khoneha, le nke mofao bakeng sa lijo tsa motšehare. Le ka ’na la kopana pele ho nako eo le e tloaetseng bakeng sa tšebeletso e le hore le be le nako ea ho ea moo tšimo e leng hona teng kapa ea ho tšoara seboka sa tšebeletso ea tšimo haufi le sebaka se il’o sebetsoa. Koloi ka ’ngoe e nke ba seng bakae e le hore bohle ba be le matlo a lekaneng. Lokisetsang ho sebetsa libakeng tsa mahae nakong eo boemo ba leholimo le maemo a tsela a lumelang.
4 Ba sebetsang masimo ao ho ’ona ho buuoang puo esele ba ka boloka nako ea bohlokoa ka ho ba le mabitso le liaterese tse nakong, le ’mapa o nakong. Hlophisang masimo e le hore sehlopha se sebetsang tšimo se ka etela malapa ’ohle a sebakeng seo.
5 Tiisang hore le nka lingoliloeng tse lekaneng. Haeba tšimo e sebetsoa seoelo, ho ka ’na ha e-ba molemo hore le siee pampitšana kapa makasine ea khale malapeng ao ho sa fumanoeng batho ho ’ona. Haeba pampitšana ea Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele? e fumaneha ka puo ea lōna, e feng e mong le e mong eo le kopanang le eena hape le e siee malapeng ao le fumaneng ho se na motho ho ’ona.
6 Sebelisanang Hammoho ka Hohle-hohle: Ho sebetsa tšimo e khōlō ho hloka hore bohle ba sebelisane hammoho ka phuthehong. Haeba le tlameha ho tsamaea sebaka se selelele ka koloi, ba tsamaeang hammoho ba ka arolelana litšenyehelo tsa peterole. Le lokela ho sebelisa kahlolo e molemo ha le fumana beng ba matlo ba thabelang ho qoqa le lōna. Hopolang hore le lokela ho koahela tšimo eohle, hape le nahanele ba bang bao le tsamaeang le bona ba le emetseng koloing. Haeba le lakatsa ho qoqa haleletsana le motho ea thabelang, na le ka etsa litokisetso tse ling e le hore le se ke la tšoarella ba bang sehlopheng?
7 Etsang litokisetso tse tobileng tsa ho khutlela ho bohle ba bontšitseng thahasello. Lekang ho fumana aterese le nomoro ea mohala ea motho ea thabelang e le hore le tle le buisane le eena ’me le mo pakele ka ho eketsehileng thelefonong. Haeba litsela tsa mahaeng li se na mabitso kapa matlo a se na linomoro, etsang ’mapa ka hloko kapa le hlalose kamoo motho eo ea thabelang a ka fumanoang kateng leetong la ho boela.
8 Ruri ke tokelo e ikhethang ho rōna ho latela taelo ea Jesu: “Ha le kena motseng kapa motsaneng ofe kapa ofe, le batle hore na ke mang ho oona ea tšoanelehang”! (Mat. 10:11) Ka sebele Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba lōna ha le ntse le ikitlaetsa mosebetsing ona o putsang ka ho fetisisa!