Tsela ea ho Buella Limakasine
Tsoha! Dec. 8
“Hohle batho ba itokiselletsa ho keteka Keresemese. Na ua tseba hore na Keresemese e simolohile joang? [Emela karabo.] Na ha u na ho makala ha u utloa hore Jesu ha aa tsoaloa ka la 25 December? Ke rata ho u balla lengolo lena la Jakobo 1:27. [Le bale.] Na u hlokometse hore borapeli ba rōna bo lokela ho ba bo hloekileng le bo sa silafalang? Sehlooho sena se reng ‘Seo U Lokelang ho se Tseba ka Keresemese’ se tšohla tse ling tsa lintlha tse thahasellisang ka tšimoloho ea Keresemese, se boetse se re fa pono ea Bibele ka mokete ona.”
Molula-Qhooa Dec. 15
“Nakong ena ea selemo, batho ba bangata ba nahana ka tsoalo ea Jesu. Na u ne u tseba hore ho na le lintho tsa bohlokoa tseo re ka ithutang tsona tlalehong ea Bibele ka tsoalo ea hae? [Emela karabo. Joale phetla leqephe la 5, ebe u bala 2 Timothea 3:16.] Tokollo ena ea Molula-Qhooa e tšohla tse ling tsa lintho tsena tseo re ka ithutang tsona.”
Molula-Qhooa Jan. 1
“Ha batho ba shoeloa ke eo ba mo ratang kapa ba hlokofatsoa ke ho kula, ba atisa ho ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha Molimo a lumella see?’ Mohlomong le uena u kile ua ipotsa potso ena. Bibele e bontša hore Molimo o qenehela ba mahlomoleng. [Bala Esaia 63:9a.] Makasine ena e hlalosa mabaka ao ka ’ona re ka kholisehang hore Molimo o tla felisa lintho tse utloisang bohloko.”
Tsoha! Jan. 8
“Na u nahana hore ’muso o lokela ho kena-kenana le bolokolohi ba puo? [Emela karabo.] Ho thoe’ng haeba ho ameha ho buisana le ba bang ka bolumeli, joalokaha re bala moo? [Bala Liketso 28:30, 31.] Potso ena e sa tsoa tekoa ka pel’a Lekhotla le ka Holimo-limo la United States. Ke u khothalletsa ho bala ka taba ena tokollong ena ea Tsoha!”