Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/02 leq. 8
  • Na U Tlatsetsa ho Etsoeng ha Tlaleho e Nepahetseng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Tlatsetsa ho Etsoeng ha Tlaleho e Nepahetseng?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Kopanela Tšebeletsong ea Tšimo ka Mehla
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Thusa Molebeli oa Hao oa Thuto ea Buka ea Phutheho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Baboleli ba Molaetsa oa ’Muso oa Molimo
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 12/02 leq. 8

Na U Tlatsetsa ho Etsoeng ha Tlaleho e Nepahetseng?

1 Litlaleho tse ngata tsa Bibele li na le lipalo tse tobileng, e leng ho thusang ho fana ka setšoantšo se hlakileng sa se etsahetseng. Ka mohlala, Gideone o ile a hapa liahelo tsa Bamidiane ka banna ba 300 feela. (Baahl. 7:7) Lengeloi la Jehova le ile la bolaea masole a Assyria a 185 000. (2 Mar. 19:35) Ka Pentekonta ea 33 C.E., ho ile ha kolobetsoa batho ba ka bang 3 000, ’me nakoana ka mor’a moo palo ea balumeli e ile ea eketseha ho ba ba ka bang 5 000. (Lik. 2:41; 4:4) Ho totobetse ho tsoa litlalehong tsena hore bahlanka ba Molimo ba boholo-holo ba ne ba etsa boiteko bo matla ba ho bokella tlaleho e feletseng le e nepahetseng.

2 Kajeno mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng o re rupela hore re tlalehe mosebetsi oa rōna oa tšebeletso ea tšimo khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Ho latela ha rōna ka botšepehi tokisetso ena ho tlatsetsa ho tsamaiseng ka katleho mosebetsi oa boboleli. Litlaleho li ka ’na tsa senola hore ho hlokahala hore ho lebisoe tlhokomelo karolong e itseng ea tšebeletso kapa hore ho na le tlhokahalo ea basebetsi ba eketsehileng karolong e itseng ea tšimo. Ka phuthehong, litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo li thusa baholo ho lemoha ba nang le monyetla oa ho eketsa tšebeletso ea bona hammoho le bao e ka ’nang eaba ba hloka thuso. ’Me litlaleho tsa kamoo mosebetsi oa boboleli ba ’Muso o tsoelang pele kateng li khothatsa Bakreste bohle mokhatlong oa bara ba motho. Na u phetha karolo ea hao ho tlatsetsa ho etsoeng ha tlaleho e nepahetseng?

3 Boikarabelo ba Hao: Qetellong ea khoeli, na u fumana ho le thata ho hopola seo u se entseng tšebeletsong? Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha u sa ngole fatše mosebetsi oa hao lekhetlo ka leng ha u le tšebeletsong ea tšimo? Ba bang ba sebelisa k’halendara kapa bukana ea ho ngola lintlha. Ba bang ba tsamaea ba nkile leqetšoana la tlaleho ea tšebeletso ea tšimo le sa tlatsoang. Qetellong ea khoeli, fana ka tlaleho ea hao ho molebeli oa thuto ea buka hang-hang. Haeba u lebetse ho fana ka tlaleho ea hao, iteanye le molebeli oa hao oa thuto ea buka ka potlako ho fapana le ho emela hore e be eena ea tlang ho uena. Ho ba seli ho tlaleha mosebetsi oa hao ho bontša ho hlompha tokisetso ea Jehova le ho ameha ka lerato ka barab’abo rōna ba abetsoeng ho bokella le ho hlophisa litlaleho.—Luka 16:10.

4 Mosebetsi oa Molebeli oa Thuto ea Buka: Joaloka molisa ea hlokolosi le ea tsotellang, molebeli oa thuto ea buka o thahasella mosebetsi oa sehlopha khoeli eohle. (Liprov. 27:23) Oa tseba ha mohoeletsi e mong le e mong a kopanela kamehla, a sebetsa ka morero a bile a thabile ’me o potlakela ho fana ka thuso haeba e mong a sa kopanele khoeli eohle. Hangata ho mo khothatsa, ho mo fa tlhahiso e sebetsang, kapa ho mo mema hore a sebetse le eena tšebeletsong ea tšimo ke sohle se hlokahalang.

5 Qetellong ea khoeli, molebeli oa thuto ea buka o netefatsa hore bohle ba sehlopheng ba phethile boikarabelo ba bona ba ho tlaleha mosebetsi oa bona e le hore mongoli a ka romela tlaleho e nepahetseng ea phutheho ofising ea lekala ka la botšelela la khoeli e latelang. Ha khoeli e se e tla fela, e ka ’na ea e-ba thuso hore a hopotse ba sehlopheng le hore ho be le maqetšoana a litlaleho setsing sa thuto ea buka. Haeba ba bang ba lebala ho tlaleha mosebetsi oa bona, a ka ba hopotsa le ho ba khothatsa ka tsela e loketseng.

6 Ho fana ka litlaleho tsa rōna tsa tšebeletso ea tšimo ka nako ho tlatsetsa ho etseng tlaleho e bonahatsang ka nepo se finyeletsoeng tšimong. Na u tla phetha karolo ea hao ka ho tlaleha mosebetsi oa hao oa khoeli le khoeli ka nako?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela