Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang la 24 February, 2003. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 30 e thehiloeng likabelong tsa beke ea la 6 January ho ea ho ea la 24 February, 2003. [Tlhokomeliso: Ha ho sa fanoa ka litšupiso ka mor’a potso, u tla lokela ho iketsetsa lipatlisiso e le hore u fumane likarabo.—Bona buka ea Sekolo ea Tšebeletso, maq. 36-7.]
LITŠOBOTSI TSA PUO
1. ’Nete kapa Bohata: Senotlolo sa ho bala ka nepo ke ho etsa bonnete ba hore se baloang se utloahala se nepahetse, esita le haeba se fapana hanyenyane le se ngotsoeng. Hlalosa. [3, be-SU leq. 83]
2. Tlatsa Likheo: E le hore motho a bale ka nepo, o lokela hore a .................. khafetsa ’me a etse joalo ka lentsoe le phahameng. [4, be-SU leq. 85]
3. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho bua ka mokhoa o hlakileng? (1 Bakor. 14:8, 9) [5, be-SU leq. 86]
4. Ke lintho life tse ling tse ka etsang hore puo e se ke ea hlaka, ’me re ka etsa’ng hore re bue ka mokhoa o hlakileng haholoanyane? [6, be-SU maq. 87-8]
5. Ke mantsoe afe a mang a sebelisitsoeng Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo likhoeling tse peli tse fetileng ao u nahanang hore u lokela ho ithuta ho a bitsa ka nepo? [8, be-SU leq. 92]
PUO EA 1
6. ’Nete kapa Bohata: Mahlo a rōna a ka re thusa ho mamela. Hlalosa. [5, be-SU leq. 14]
7. Tlatsa Likheo: .................. , .................. le .................. kaofela ha tsona ke litšupa-nako tseo Molimo a faneng ka tsona. [7, si-SU leq. 279 ser. 7]
8. Tlatsa Likheo: Lentsoe “letsatsi” ka Bibeleng le ka bolela nako ea lihora tse .................. , tse .................. lilemo tse .................. , kapa .................. , taba e potolohileng temana e ka bontša moelelo oo le sebetsang ka oona. [7, si-SU leq. 279 ser. 8]
9. Mohlala oa Anna, Mareka le Elia o ka re thusa joang ho sebetsana ka katleho le ho nyahama? Re ka sebelisa mehlala ee joang ho thusa ba bang? [3, w01-SU 2/1 maq. 20-3]
10. Ho utloisisa lipapali tsa boholo-holo tsa baatlelete ho fana ka leseli lefe litemaneng tse ling tsa Bibele? Boitsebiso boo bo lokela ho ama bophelo ba rōna joang? [2, w01-SU 1/1 maq. 28-31]
’MALO OA BIBELE OA BEKE LE BEKE
11. ’Nete kapa Bohata: Kaha ’Muso oa Molimo o hlomiloe leholimong ka 1914, ha ho sa hlokahala hore re ’ne re rapele re re, “’Muso oa hao o ke o tle.” (Mat. 6:10) Hlalosa. [1, be-SU leq. 279; w96-SU 6/1 leq. 31]
12. ’Nete kapa Bohata: Mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 11:24 a bontša hore batho bao Jehova a ileng a ba timetsa ka mollo Sodoma le Gomora ba tla tsosoa bafung. Hlalosa.
13. Khetha e Nepahetseng: Lekhoba le tšepahalang le le masene leo Jesu a buileng ka lona ho Matheu 24:45-47 ke (a) Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova; (b) sehlopha sa Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ba lefatšeng ka nako leha e le efe e behiloeng; (c) Jesu Kreste ka boeena. Lekhoba lena le fa ‘bahlanka ba ntlo’ lijo tsa moea ka nako e tšoanetseng, ba emelang (a) batlotsuoa ka bomong; (b) linku tse ling; (c) bohle ba balang lingoliloeng tsa Bokreste. Monghali o ile a khetha lekhoba hore le okamele lintho tsohle tsa hae ka selemo sa (a) 1914; (b) 33 C.E.; (c) 1919. [5, w93-SU 5/1 maq. 16-18; bona le w90-SU 3/15 leq. 14.]
14. Khetha e Nepahetseng: Letlooa leo Jesu a buileng ka lona papisong e ho Matheu 13:47-50 le akarelletsa phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng le (a) ’Muso oa Molimo oa Bomesia; (b) metsoalle ea bona ea linku tse ling; (c) Bokreste-’mōtoana. Letlooa le emela kofuto ea lefatšeng e ipolelang hore ke phutheho ea Molimo le e bokellang “litlhapi,” kapa batho ba ipolelang hore ba latela Kreste. Le akarelletsa Bokreste-’mōtoana, bo bokeletseng “litlhapi” tse ngata tse sa tšoaneleheng tse sa amoheleheng ho Molimo hammoho le phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng, ba ’nileng ba tsoela pele ho bokella ‘litlhapi tse ntle,’ tlas’a tataiso ea mangeloi, tumellanong le Matheu 13:49. [3, w92-SU 6/15 leq. 20]
15. Ho ea ka mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 5:24, u lokela ho etsa’ng ha u hlokomela hore u khopisitse molumeli-’moho le uena? [1, g96-SU 2/8 maq. 14-15] Haeba letsoalo la hao le u bolella hore u khopisitse molumeli-’moho le uena, u lokela ho bua ka tsela e ikokobelitseng le motho eo u mo khopisitseng ka moea o lerato oa Bokreste, ka sepheo sa ho lokisa boemo, hangata ka ho kōpa tšoarelo.