Ho Ithuta Buka ea Rapela Molimo
Morero oa buka ea Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete ke hore e ithutoe le ba bacha ’neteng ka mor’a hore ba qete ho ithuta buka ea Tsebo. Ho ithuta ha rōna buka ena Thutong ea Buka ea Phutheho ho tla re hlomella hore re e sebelise tšebeletsong ’me ho tla re thusa ho tebisa lerato le kananelo ea rōna bakeng sa Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Re ka rua molemo o feletseng joang ka ho ithuta buka ea Rapela Molimo?
Ho Khanna Thuto: Kaha re tla be re ithuta khaolo e feletseng beke ka ’ngoe, ho tla hlokahala hore balebeli ba thuto ea buka ba arole nako ka bohlale. Ha baa lokela ho qeta nako e ngata lirapeng tse qalang e le hore boholo ba nako bo ka qetoa litabeng tse tebileng haholoanyane, tseo hangata li hlahang bohareng ba likhaolo. Ho hlahloba lebokose la tlhahlobo hakhutšoanyane qetellong ea thuto ka ’ngoe ho tla thusa bamameli ho hopola lintlha tsa sehlooho.
Lirapa tsa lipotso tse reretsoeng ho thuisoa le ho tšohloa li hlaha likhaolong tse ngata tsa buka ea Rapela Molimo. Mohlala oa sena o ka fumanoa leqepheng la 48-9. Ha ho hlokahale hore lipotso tse joalo li baloe ha ho baloa lirapa. Ha li tšohloa le sehlopha, molebeli o lokela ho lokisetsa hore ho baloe mangolo a bontšitsoeng a be a tšohloe haeba nako e lumela.
Ho Lokisetsa Esale Pele: Ho lokisetsa thuto ena hantle ha ho bolele ho tšoaea likarabo feela. Ho thuisa ka ho teba ka mangolo a bontšitsoeng ho tla re nolofalletsa hore re se ke ra lokisetsa likarabo tsa rōna feela empa, habohlokoa le ho feta, re lokise lipelo tsa rōna. (Esdr. 7:10) Kaofela ha rōna re ka tlatsetsa ho khothatsaneng ka hore re fane ka likarabo ka tsela e hlomphehang.—Bar. 1:11, 12.
Ho ithuta ha rōna buka ea Rapela Molimo ho tla re thusa ho atamela haufi le Molimo ’me ho tla re hlomella ho thusa ba lipelo li tšepahalang ho kopanela le rōna ho mo rapela. (Pes. 95:6; Jak. 4:8) E se eka kaofela ha rōna re ka rua molemo o feletseng tokisetsong ena e ntle ea moea.