Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/04 leq. 1
  • Na U ka Thusa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U ka Thusa?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U “Batla” ho Thusa ba Bang?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Hopola ba Tšepahalang ba Seng ba Hōlile
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Na U ka ea le Bona Tšimong?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Ke Eng e ka re Thusang ho Ema re Tiile Tumelong?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 11/04 leq. 1

Na U ka Thusa?

1 Kamehla Jehova o batla litsela tsa ho thusa bahlanka ba hae ba tšepahalang. (2 Likron. 16:9; Esa. 41:10, 13) Ha a mo tšoantša le molisa ea tsotellang, Esaia o ile a ngola: “O tla bokella likonyana ka letsoho la hae; o tla li beha sefubeng. Tse anyesang o tla li tsamaisa ka tlhokomelo.” (Esa. 40:11) Nahana ka litsela tse ling tseo ka tsona re ka etsisang tlhokomelo ea Jehova e lerato.

2 Thusa ba Bacha: Re ka thusa ba bacha ka ho ba mema hore ba thabele botsoalle bo hahang le rōna. (Liprov. 13:20) Ha mor’abo rōna e mong a hopola kamoo ba bang ba ileng ba mo thusa kateng ha a qala ho kopanela le phutheho, o ile a re: “Hangata, lelapa le leng le ne le ’mema hore ke be le lōna thutong ea lelapa. Ha ke ntse ke tsoela pele, banyalani ba bang ba bacha ba bo-pula-maliboho ba ne ba lula ba ’mema hore ke ee le bona tšebeletsong letsatsi lohle. Kamehla re ne re e-ba le meqoqo e monate ea lintho tsa moea.” A phaella ka ho re: “Pele ke e-ba Mokreste, ke ne ke tloaetse ho intša ka Labohlano le Moqebelo bosiu. Empa nako eo ke neng ke e qeta le barab’abo rōna e ne e mpha monyetla oa ho thabela botsoalle boo ke bo hlokang.” Thahasello e lerato ea phutheho e thusitse mora enoa oabo rōna ho tiea le ho tsitsa tumelong, ’me hona joale o sebeletsa e le setho sa lelapa la Bethele.—Bakol. 2:6, 7.

3 Hahanang: Re ka ’na ra lemoha menyetla ea ho thusa barab’abo rōna ha ba tobane le maemo a boima. Na u ka lokisetsa ho paka ka thelefono u e-na le mohoeletsi ea fokolloang ke bophelo kapa ua mo mema hore a ee le uena thutong ea Bibele kapa ua khannela thuto ea hao ha hae? Na motsoali ea nang le bana ba banyenyane a ka thabela thuso ha a le tšebeletsong? Na ho na le ba lihlong ba ka thabelang thuso ea hao ha ba etsa maeto a ho boela kapa ha ba kopanela karolong e itseng ea tšebeletso? Ho thahasella barab’abo rōna ka lerato ho tla re susumelletsa ho batla litsela tsa ho ba haha.—Bar. 14:19.

4 Ha re etsisa kameho e mofuthu eo Jehova a nang le eona ho bahlanka ba hae, rea matlafatsana, re thusa phutheho hore e momahane leratong, ’me re tlotlisa Ntate oa rōna oa leholimo.—Baef. 4:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela