Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 10/05 leq. 1
  • Le ’ne le Bolele Lentsoe la Molimo ka Sebete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Le ’ne le Bolele Lentsoe la Molimo ka Sebete
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Etsisa Jesu—Bolela ka Sebete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • “Bolela Lentsoe la Molimo ka Sebete”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Na U Bolela ka Sebete?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Fumana Likarabo Tsa Lipotso Tsena
    2018-2019 Lenaneo la Kopano ea Potoloho—E Nang Le Molebeli oa Potoloho
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
km 10/05 leq. 1

Le ’ne le Bolele Lentsoe la Molimo ka Sebete

1 Joaloka basebeletsi ba Bakreste, rea tseba hore hase bohle ba tla mamela ha re ba bolella litaba tse molemo. (Mat. 10:14) Leha ho le joalo, ha re tlohele ho bolela litaba tse molemo hobane batho ba bang ba sa batle ho li mamela. (Liprov. 29:25) Ke eng e re thusang hore re ’ne re bolele lentsoe la Molimo ka sebete?

2 Moapostola Pauluse o ne a utloisisa “bohlokoa bo fetisisang ba tsebo ea Kreste Jesu.” Sena se ile sa mo susumelletsa ho bua ka “kholiseho e matla.” (Bafil. 3:8; 1 Bathes. 1:5) Le hoja ba bang ba ne ba nka molaetsa oo a neng a o bolela o eiseha ebile o se na kelello, o ne a tseba hore ke “matla a Molimo a poloko ho e mong le e mong ea nang le tumelo.” (Bar. 1:16) Kahoo, esita leha a ne a hanyetsoa, o ile a ’na a “bua ka sebete ka matla a tsoang ho Jehova.”—Lik. 14:1-7; 20:18-21, 24.

3 Mohloli oa Matla a Rōna: Pauluse o ile a atleha ho paka ka sebete, empa eseng ka matla a hae. Ha Pauluse a bua ka seo eena le Silase ba ileng ba se etsa, o ile a ngola tjena: “Ka mor’a hore pele re utloe bohloko le ho nyelisoa . . . Filipi, re [ile] ra iteta sebete ka Molimo oa rōna ho le bolella litaba tse molemo tsa Molimo ka ntoa e khōlō.” (1 Bathes. 2:2; Lik. 16:12, 37) Ho feta moo, Pauluse o ile a kōpa hore ba bang ba mo rapelise ha a ntse a koaletsoe chankaneng Roma, e le hore a ka tsoela pele ho tsebahatsa litaba tse molemo ‘ka sebete e leng kamoo a neng a tšoanela ho bua.’ (Baef. 6:18-20) Kaha Pauluse o ne a tšepile Jehova a sa itšepa boeena, o ile a ’na a bolela lentsoe la Molimo ka sebete.—1 Bakor. 4:7; Bafil. 4:13.

4 Le kajeno hoa tšoana. Mor’abo rōna ea neng a thatafalloa ke ho bolella basebetsi-’moho le eena hore ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova le ho paka ka mokhoa o sa reroang, o ile a rapella taba ena eaba o qala ho ba pakela. Qalong motho e mong eo a neng a sebetsa le eena o ile a hana ho mo mamela, empa o ile a qala ho ithuta Bibele ha a utloa ka tšepo ea tsoho. Ho tloha ka nako eo, mora eo oabo rōna o ile a sebelisa monyetla o mong le o mong e le hore a pake. O ile a sebetsa sebakeng se seng, moo ka lilemo tse 14 a ileng a thusa batho ba 34 hore ba kolobetsoe. Ka ho tšoanang re ka kholiseha hore Jehova o tla re matlafalletsa hore re ‘’ne re bolele lentsoe la hae ka sebete sohle.’—Lik. 4:29.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela