Bontša Hore U Thahasella Batho ba Bang—Ka ho ba Botsa Lipotso le ho ba Mamela
1 Batho ba bangata ba thabela ho bolela maikutlo a bona empa ha ba batle ho emelloa ka litaelo kapa ho botsoa ntho li hana ho fela. Ka hona, joalokaha re le basebeletsi ba Bakreste, re lokela ho ithuta ho botsa batho lipotso ka bohlale e le hore ba re bolelle maikutlo a bona.—Liprov. 20:5.
2 Lipotso tsa rōna ha lia lokela ho beha batho tsietsing empa li lokela ho ba susumelletsa ho nahana. Mor’abo rōna e mong o ee a bue tjena le batho ha a bolela ka ntlo le ntlo, “Na u nahana hore ho tla ke ho be le nako eo ka eona batho ba tla tšoarana ka tlhompho?” Ho itšetlehile ka hore na motho eo o mo araba joang, mor’abo rōna o tsoela pele ho re “U nahana hore ho tla hlokahala eng e le hore batho ba finyelle see?” kapa “Ke hobane’ng ha u nahana joalo?” Ha mor’abo rōna e mong eena a paka ka tsela e sa reroang le ha a le libakeng tsa sechaba, o ee a re ho batho ba nang le bana, “Ke eng eo u e thabelang ka ho fetisisa ka ho ba motsoali?” Ebe joale oa botsa, “Ke lintho life tseo u amehileng ka tsona haholo?” Hlokomela hore lipotso tsena li fa batho monyetla oa hore ba u bolelle maikutlo a bona u sa ba qobelle. Kaha maemo aa fapana, ho ka ’na ha hlokahala hore re fetole taba eo re buang ka eona le tsela eo re botsang lipotso ka eona e le hore li lumellane le batho tšimong ea rōna.
3 Ho Fata Batho Maikutlo ka Lipotso: Haeba batho ba rata ho u bolella maikutlo a bona, ba mamele u sa ba felle pelo ka ho ba kena hanong ho sa hlokahale. (Jak. 1:19) Ka mosa, ba lebohe ha ba u boleletse maikutlo a bona. (Bakol. 4:6) U ka ’na ua re: “Ke thabetse ho utloa maikutlo a hao. Kea leboha.” Ba babatse haeba u ka etsa joalo ho tsoa botebong ba pelo. Bontša mosa ha u ba botsa lipotso tse eketsehileng tse ba fatang maikutlo le mabaka a etsang hore ba ikutloe joalo. Batla taba eo le lumellanang ka eona. Haeba u batla ho ba bontša lengolo, u ka ’na ua re: “Na u kile ua nahana hore see se ka etsahala?” Qoba ho tsitlella maikutlo a hao kapa ho pheha khang.—2 Tim. 2:24, 25.
4 Hore na batho ba bang ba araba lipotso tsa rōna joang ho itšetlehile haholo ka tsela eo re mamelang ka eona. Batho baa lemoha ha re ba mametse ka pelo eohle. Molebeli e mong ea tsamaeang o ile a re, “Ha u bontša batho hore u batla ho ba mamela u sa ba felle pelo, seo se ba hohela ka mokhoa o makatsang ’me ke tsela e babatsehang ea ho bontša ba bang hore ua ba thahasella ebile ua ba rata.” Ho mamela batho ba bang ho etsa hore ba ikutloe ba hlomphiloe ’me seo se ka ’na sa ba susumelletsa ho mamela litaba tse molemo tseo re batlang ho ba bolella tsona.—Bar. 12:10.