Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/07 leq. 4
  • Lebaka Leo re Lulang re Khutlela ka Lona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka Leo re Lulang re Khutlela ka Lona
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Re Sebelitse Tšimo ea Rōna ka Makhetlo a Mangata!”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • U Se Ke Ua Khathala ke Ho Etsa Hantle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Tsoela Pele U Bolela?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Ke Hobane’ng ha re Tsoela Pele ho Khutlela?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 7/07 leq. 4

Lebaka Leo re Lulang re Khutlela ka Lona

1. Ke potso efe e botsoang mabapi le mosebetsi oa rōna oa boboleli?

1 Libakeng tse ngata re akaretsa tšimo ea rōna khafetsa. Re lula re khutlela matlong a le mang nako le nako, le haeba mong’a ntlo a re boleletse hore ha a thahaselle. Ke hobane’ng ha re lula re buisana le batho ba sa kang ba bontša thahasello nakong e fetileng?

2. Ke lebaka lefe le ka sehloohong le etsang hore re mamelle tšebeletsong?

2 Ho Rata Jehova le ho Rata Batho: Lebaka le ka sehloohong le etsang hore re mamelle tšebeletsong ke hobane re rata Jehova. Lipelo tsa rōna li re susumelletsa hore re tsoele pele re bolella batho ba bang ka Molimo oa rōna e moholo. (Luka 6:45) Lerato la rōna ho Jehova le re susumelletsa hore re mamele litaelo tsa hae re be re thuse ba bang hore ba etse se tšoanang. (Liprov. 27:11; 1 Joh. 5:3) Ho mamella ha rōna ka botšepehi mosebetsing ona ha hoa itšetleha ka hore na batho baa mamela kapa ha ba mamele. Leha Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba hlorisoa, ba ile ba tsoela pele ba ntse ba bolela “ba sa khaotse.” (Lik. 5:42) Haeba batho ba sa batle ho mamela, ho e-na le hore re lumelle sena hore se re nyahamise, re ema re tiile, e le ha re bontša hore na lerato la rōna ho Jehova le matla hakae le hore na boinehelo ba rōna ho eena bo tebile hakae.

3. Ho rata batho ho tla re thusa joang hore re tsoele pele re bolela?

3 Re boetse re mamella hobane re rata baahelani ba rōna. (Luka 10:27) Jehova ha a batle hore leha e le mang a timetsoe. (2 Pet. 3:9) Le tšimong e sebetsoang khafetsa, re ntse re fumana batho ba batlang ho sebeletsa Jehova. Ka mohlala, Guadeloupe moo motho a le mong ho ba 56 e leng Paki ea Jehova, batho ba 214 ba ile ba kolobetsoa selemong se fetileng. Batho ba ka bang 20 000 ba bile teng Sehopotsong, e leng motho a le mong ho batho ba bang le ba bang ba 22 Guadeloupe!

4. Tšimo e ka fetoha ka litsela life?

4 Liphetoho Tse Etsahalang Tšimong: Tsela eo tšimo ea rōna e leng ka eona e lula e ntse e fetoha. Lekhetlo le latelang ha re e-ea ntlong eo re sa kang ra amoheloa hantle ho eona, setho se seng sa lelapa—mohlomong se e-s’o ka se utloa molaetsa oa rōna—se ka ’na sa bula monyako eaba sea mamela. Mohlomong re ka ’na ra fumana ntlong eo ho lula batho ba bacha ba thahasellang. Bana bao batsoali ba bona ba hanyetsang molaetsa baa hōla ebe baa phurusetsa. Batho ba joalo ba ka ’na ba rata ho mamela molaetsa oa ’Muso.

5. Ke eng e ka etsang hore batho ba bang ba mamele?

5 Batho le bona baa fetoha. Ho na le nako eo ka eona moapostola Pauluse e neng e le “monyefoli le mohlorisi le monna oa monyelisi.” (1 Tim. 1:13) Ka tsela e tšoanang ba bangata ba sebeletsang Jehova kajeno ho na le nako eo ka eona ba neng ba sa thahaselle ’nete. Ho ka ’na ha etsahala hore ba bang ba ne ba kile ba hanyetsa litaba tse molemo. Ha maemo a lefatše a ntse a fetoha, bahanyetsi ba bang kapa batho ba bang ba neng ba sa natse molaetsa ba ka ’na ba susumelletseha hore ba mamele. Ba bang ba ka ’na ba mamela ka mor’a hore ba hlaheloe ke tlokotsi e kang ho shoeloa ke setho sa lelapa, ho felloa ke mosebetsi, bothata ba lichelete kapa ho kula.

6. Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele re bolela ka cheseho?

6 Tsamaiso ena ea lintho e lebile qetellong, empa mosebetsi oa rōna oa ho bolela le ho ruta o ntse o tsoela pele ka potlako. (Esa. 60:22) Ka lebaka lena, re ntse re tsoela pele ho bolela ka cheseho re bile re leka hore re lule re e-na le maikutlo a matle. Mohlomong motho ea latelang eo re tla bua le eena a ka ’na a mamela. Re lokela ho tsoela pele re bua! ‘Ha re etsa sena re tla ipholosa re be re pholose le ba re mamelang.’—1 Tim. 4:16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela