Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/07 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 10 December
  • Beke e Qalang ka la 17 December
  • Beke e Qalang ka la 24 December
  • Beke e Qalang ka la 31 December
  • Beke e Qalang ka la 7 January
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 12/07 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 10 December

Pina ea 46

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo ho ka tsamaisoang Molula-Qhooa oa December 15 le Tsoha! ea December.

20 mets: Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo sa 2008. E fanoe ke molebeli oa sekolo. Tšohla lintlha tse hlokang ho hatisoa phuthehong ea lōna tse tsoang kenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 2007. Hlalosa mosebetsi oa motlatsi oa molebeli oa sekolo. Khothalletsa bohle hore ba be mafolofolo ha ba phetha likabelo tsa bona, ha ba fana ka litlhaloso nakong eo ho tšohloang lintlha-khōlō tsa ’malo oa Bibele le ha ba sebelisa litlhahiso tse tsoang bukeng ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.

15 mets: “Khothatsang ba Robehileng Lipelo.”a Pheta phihlelo e le ’ngoe kapa tse peli tsa sebakeng sa heno.

Pina ea 34

Beke e Qalang ka la 17 December

Pina ea 28

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Khothalletsa bohle hore ba shebelle video e ho DVD eo sehlooho sa eona se reng Jehovah’s Witnesses—Organized to Share the Good News ha ba itokisetsa puo e tla fanoa Sebokeng sa Tšebeletso bekeng ea la 7 January.

15 mets: “Re Lokela ho Lula re Cheseha Tšebeletsong.”b Buisana le mohoeletsi ea tsebahalang ka ho chesehela tšebeletso. Lipotso tseo u ka li botsang: Ekaba ke sefe seo u ileng ua lokela ho se etsa e le hore u lule u cheseha? U thusitsoe ke eng hore u lule u cheseha?

20 mets: “Fana ka Limakasine Tse Pakelang ’Nete.”c Kōpa bahoeletsi hore ba fane ka litlhaloso tse thehiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea November 2006, leqepheng la 8. Khothalletsa bamameli hore ba bale Molula-Qhooa oa January 1 le Tsoha! ea January. Ba kōpe hore ba tle le tsona sebokeng sa beke e latelang.

Pina ea 139

Beke e Qalang ka la 24 December

Pina ea 212

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Bolela hore na ho tla tsamaisoa lingoliloeng life ka January, ebe u lokisetsa pontšo e le ’ngoe.

15 mets: Itokisetse ho Fana ka Limakasine Tsa Morao-rao. Puisano le bamameli e thehiloeng Molula-Qhooeng oa January 1 le Tsoheng! ea January. Ka mor’a ho etsa kakaretso e khutšoanyane ea tokollo ka ’ngoe, botsa bamameli hore na ke lihlooho life tse ka khahlang batho tšimong le hore na li ka ba khahla hobane’ng. Kōpa bamameli hore ba fane ka litlhahiso ba sebelisa tse ling tsa lihlooho tseo ba tla bua ka tsona tšimong. Ho ka botsoa potso efe ho qala moqoqo? Ke lengolo lefe le teng sehloohong le ka baloang? Lengolo leo le ka amahanngoa joang le sehlooho? U sebelisa linehelano tse fanoeng e le mohlala Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso kapa nehelano leha e le efe eo bamameli ba faneng ka eona, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo makasine ka ’ngoe e ka tsamaisoang kateng.

20 mets: “Iketsetse Pakane ea ho Khanna Thuto ea Bibele.”d Buisana le a le mong kapa ba babeli ba sa tsoa qalisa ho khanna lithuto tsa Bibele. Ba qalisitse lithuto tseo joang? Lithuto tseo li hatela pele joang?

Pina ea 21

Beke e Qalang ka la 31 December

Pina ea 89

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Hopotsa bahoeletsi hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa December.

15 mets: Matla a Susumetsang a Boinehelo ba Bomolimo. Puo e khothatsang e thehiloeng Molula-Qhooeng oa March 1, 1990, leqepheng la 22-3.

20 mets: Tsoelang Pele ho Tsamaea Joaloka Bana ba Leseli. Puo le lipuisano. Re tsoile lefifing la lefatše lena ’me re entse qeto ea hore re tataisoe ke leseli la Jehova. (Baef. 5:8, 9) Sena se ntlafalitse bophelo ba rōna, se entse hore bo be le morero. (1 Tim. 4:8) Leseli le boetse le re fa tšepo. (Bar. 15:4) Buisana le bahoeletsi ba babeli kapa ba bararo ba ileng ba tobana le litšitiso tse khōlō ba ba ba li hlōla e le hore ba be le kamano e ntle le Jehova le hore ba tsoele pele ba e-na le eona. Ba ile ba thulana le mathata afe ha ba amohela ’nete? Ba ile ba a hlōla joang? Bophelo ba bona bo ntlafetse joang hona joale? Ke eng e ba thusang hore ba lule ba sa sisinyehe ’neteng? Phetha ka ho khothalletsa bohle hore ba ’ne ba matlafatse kamano ea bona le Jehova le ho bontša kananelo e tebileng bakeng sa ’nete eo Jehova a e senotseng.—2 Pet. 1:5-8.

Pina ea 202

Beke e Qalang ka la 7 January

Pina ea 159

5 mets: Litsebiso tsa phutheho.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

25 mets: “Phutuho e Khōlō ka ho Fetisisa ea ho Bolela e Kileng ea Etsoa Lefatšeng!”e Kōpa bamameli hore ba fane ka litlhaloso mabapi le lintho tse ntle tseo beng ka bona, metsoalle, batho bao ba khutlelang ho bona le liithuti tsa Bibele ba ileng ba li bua ha ba ne ba ba bontša video eo sehlooho sa eona se reng Jehovah’s Witnesses—Organized to Share the Good News.

Pina ea 99

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

d Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

e Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela