Iketsetse Pakane ea ho Khanna Thuto ea Bibele
1 “Phahamisang mahlo ’me le talime masimo, hore a soeufetse bakeng sa kotulo.” (Joh. 4:35) Ka sebele mantsoe ao a ileng a buuoa ke Jesu Kreste a sebetsa boemong boo basebeletsi ba Bakreste ba leng ho bona kajeno.
2 Ho sa ntse ho fumanoa batho ba lipelo li ntle ba lakatsang ho rutoa litsela tsa Jehova. Sena se bontšoa ke palo ea barutuoa ba bacha ba kolobetsoang selemo le selemo. Haeba u hlile u e-na le tjantjello ea ho khanna thuto ea Bibele, ebe u ka etsa joang?
3 Iketsetse Pakane: Qala ka ho iketsetsa pakane ea ho qalisa thuto ea kamehla ea Bibele. Lula u ntse u hopotse pakane ea hao ha u le tšebeletsong ea tšimo. Kaha mosebetsi oa rōna oa Bokreste o akarelletsa ho ruta, hammoho le ho bolela, kaofela ha rōna re lokela ho batla menyetla e eketsehileng ea ho kopanela mosebetsing oa ho khanna lithuto tsa Bibele.—Mat. 24:14; 28:19, 20.
4 Lintlha Tse Ling Tseo re Lokelang ho li Hopola: Bahoeletsi ba ’Muso ba lokela ho rapela ho tsoa botebong ba pelo. Ka linako tse ling re fumana batho ba ileng ba rapella hore ba thusoe ho utloisisa Bibele. Ke tlotla e kaakang ho sebelisoa ke Jehova hore re fumane batho ba joalo le hore re ba rute!—Hag. 2:7; Lik. 10:1, 2.
5 Morali e mong oabo rōna o ile a rapella hore a be le thuto ea Bibele eaba ka mor’a moo o beha lipampitšana tse nang le sehlooho se reng Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele? moo a sebetsang teng. Ha mosali e mong a nka e ’ngoe ea lipampitšana tseo, ’me a e bala a bile a tlatsa setlankane se ho eona, morali eo oabo rōna o ile a bua le eena eaba o qalisa thuto ea Bibele.
6 Bahoeletsi ba bang ba atlehang ho qalisa lithuto tsa Bibele le ho li khanna ba ka u thusa hore u finyelle pakane ea hao ea ho khanna thuto ea Bibele. Rapela Molimo hore u fumane thuto ea Bibele, ’me u sebelise thuso eohle e teng ea hore u finyelle pakane ena. Mohlomong ka mor’a nakoana u tla thabela ho khanna thuto ea Bibele.