Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/90 maq. 1-8
  • Lebaka Leo U Batlang ho Tsamaisa Thuto ea Bibele ka Lona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka Leo U Batlang ho Tsamaisa Thuto ea Bibele ka Lona
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • RAPELLA LITHUTO
  • LIHLOOHO TSE TLANG
  • Na U Buella Lithuto Tsa Bibele?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Karolo ea 1: Thuto ea Bibele ke Eng?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • U ka Khona ho Etsa Batho Barutuoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Ho Nehelana ka Litaba Tse Molemo—Ho Buella Lithuto tsa Mahae tsa Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
km 8/90 maq. 1-8

Lebaka Leo U Batlang ho Tsamaisa Thuto ea Bibele ka Lona

1 E ’ngoe ea liphihlelo tse putsang ka ho fetisisa ho Mokreste ke ho sebelisoa ke Jehova ho thusa motho e mong hore e be morutuoa oa Kreste. (Matt. 28:19, 20; 1 Ba-Kor. 3:6, 9) Ho bao re ba thusang ka tsela ena, ho ka bolela bophelo bo sa feleng.

2 Kamano e haufi-ufi e ba teng pakeng tsa tichere le motho ea rutoang. Ka sebele khōlo ea moea ea seithuti ke mohloli oa thabo e khōlō. (1 Ba-Thess. 2:11, 19, 20) Ka hona, e lokela ho ba pakane ea Mokreste e mong le e mong hore bonyane a be le thuto e le ’ngoe ea lehae ea Bibele eo a e tsamaisetsang motho e mong ea ka ntle ho lelapa la hae. Ha e le hantle, ke boikarabelo ba hlooho e ’ngoe le e ’ngoe ea lelapa ho tsamaisetsa lelapa la eona thuto ea Bibele e nang le morero le ea ka mehla. Malapeng ao ho ’ona ntate eseng molumeli, ho tla hlokahala hore ’mè oa Mokreste a etse litokisetso tse loketseng tsa ho ithuta Bibele le bana ba hae.

RAPELLA LITHUTO

3 Kaha re se re kenelletse haholo nakong ena ea bofelo, kaofela re lokela ho etsa boiteko ba ho tsamaisa lithuto tse atlehileng tsa Bibele. Ho rapela Jehova ka mehla ka taba ena ho bontša takatso ea rōna e tiileng ea ho tsamaisa thuto ea Bibele. Ho bontša hore re hlokomela tseko e amang lefu le bophelo e amehang. (Ezek. 33:7-9, 14-16) Re ka tiiseha hore Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rōna bo hlokolosi.—1 Joh. 5:14, 15.

4 Hore re atlehe ho etsa barutuoa, re tlameha ho lokisetsa hantle. Hape ho thusa haholo ho shebella ba bang ba hloahloa ho tsamaiseng lithuto tsa Bibele. Likhoeling tse tlang, re tla fana ka litlhahiso tse tsoang ho balebeli ba tsamaeang le ba bang ba atlehileng ho etsa barutuoa. Letoto la lihlooho le tla totobatsa likhopolo tse sebetsang mabapi le kamoo ho ka qalisoang le ho tsamaisa lithuto tsa Bibele tse behang litholoana.

LIHLOOHO TSE TLANG

5 Tse ling tsa likhopolo tsee tseo ho tla buisanoa ka tsona lihloohong tse tlang tsa Tšebeletso ea Rona ea ’Muso ke life? Re tla buisana kamoo bahoeletsi ba fapa-fapaneng le bo-pula-maliboho ba qalisitseng lithuto tsa Bibele le hore na ke mekhoa efe e rutang eo ba e sebelisitseng ho finyella lipelo tsa liithuti tsa bona. Hape re tla abelana litlhahiso tsa ho haha kananelo bakeng sa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova le ho hlaolela takatso ea ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Ho tla boela ho be le litlhahiso mabapi le kamoo u ka etsang hore thuto ea lelapa la hao ea Bibele e be e nang le morero haholoanyane e le hore bana ba hao ba ka ba le kamano e haufi ea botho le Jehova.

6 Nakong ea lilemo tse ’nè tsa tšebeletso tse fetileng, ho kolobelitsoe batho ba 959 834 lefatšeng ka bophara, ’me ba 12 683 ho bana ba ne ba le liphuthehong tsa Afrika Boroa. Boholo ba batho bana bo ile ba fihla ntlheng ea kolobetso ka thuso ea e mong ea neng a ba tsamaisetsa thuto ea Bibele. Lenane la ba bang teng Sehopotsong le likopanong tsa rōna tsa setereke le bontša hore ho ntse ho e-na le ba bang ba eketsehileng ba ka ’nang ba thusoa hore ba tsoele pele ho isa ntlheng ea kolobetso. Ka ho tsoela pele ka boiteko ba rōna ba ho qalisa le ho tsamaisa lithuto tsa Bibele le batho ba joalo, re ka thusa ba bang ba eketsehileng ho ba barutuoa ’me qetellong ba thabele bophelo bo sa feleng.—1 Tim. 6:12, 19.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela