Thusa Liithuti Tsa Bibele Hore e be Bahoeletsi ba Litaba Tse Molemo Tsa ’Muso
1 Mosebetsi oo Jesu a o fileng barutuoa o hlalosoang ho Matheu 28:19, 20 o ne o namme haholo. Barutuoa ba Kreste ba ile ba laeloa hore ba etse barutuoa ba eketsehileng bao le bona ba neng ba tla etsa barutuoa. Ho ne ho tla raloa motheo oa hore litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li boleloe ka lekhetlo la ho qetela nakong ena ea bohlokoa ea bofelo, e leng eo re phelang ho eona.—Mat. 24:14.
2 Re ka ithuta Bibele le bana ba rōna kapa ba bang ba ratang ho ithuta Bibele le rōna. Ka sebele re rata ho ba thusa hore ba jare boikarabelo ba ho thusa ba bang hore e be barutuoa ba Jesu Kreste.—Luka 6:40.
3 Ba Hlomelle ho Fana ka Bopaki: Khothalletsa bao u ithutang le bona hore ba bolelle ba bang seo ba ithutang sona. Ba phetele liphihlelo tsa tšebeletso ea tšimo tse khothatsang. Koetlisa bana ba hao ho tloha bonyenyaneng hore ba behe litholoana tšebeletsong ho latela matla a bona. (Pes. 148:12, 13) Bontša ka mantsoe le ka liketso hore u rata tšebeletso.—1 Tim. 1:12.
4 Jehova o sebelisa ba amohelang melao ea hae e lokileng le ba e bolokang. Ke ’nete hore bahoeletsi ba bacha ha ba na tsebo e lekanang le ea bahoeletsi ba ’Muso ba nang le phihlelo, ba inehetseng le ho kolobetsoa, leha ho le joalo ba bacha ba lokela ho lumela lithuto tsa motheo tsa Bibele ’me ba khone ho li hlalosa. (Bona Ho Hlophisetsoa, maq. 79-82.) Kaha ba tsoile “Babylona e Moholo” ka ho feletseng ebile ha e sa le litho tsa mekhatlo ea lipolotiki, ba lokela ho ba teng kamehla libokeng.—Tšen. 18:2, 4; Joh. 17:16; Baheb. 10:24, 25.
5 Hang ha u lumela hore seithuti se seng sa hao sa Bibele sea tšoaneleha hore e be mohoeletsi ea sa kolobetsoang, u lokela ho tsebisa molebeli ea okamelang. O tla lokisetsa hore baholo ba babeli ba kopane le uena le seithuti sa hao sa Bibele e le hore ba bone hore na sea tšoaneleha hore e be mohoeletsi ea sa kolobetsoang oa litaba tse molemo tsa ’Muso ea sebetsang le phutheho. Joale u tla ba le tokelo ea ho koetlisa seithuti sa hao sa Bibele ka ho eketsehileng ha u ntse u sebetsa le sona tšebeletsong ea tšimo.