Re Phethola Lintho Tse Metseng ka Matla
1 Ka lilemo tse makholo, Satane o ’nile a khelosa lipelo le likelello tsa batho ba bangata ka ho sebelisa lithuto tsa bohata le ka ho ba qhekella. O bueletse lithuto tse kang Boraro-bo-bong, hore moea ha o shoe le lihele. O khothalletsa batho hore ba belaele hore na ’Mōpi o teng le hore na ehlile Bibele e ngotsoe ke Molimo. Lintho tse ling tse sitisang batho ho amohela ’nete ke khethollo ea merabe le bochaba. (2 Bakor. 4:4) Ke joang re ka phetholang lintho tsee tse metseng ka matla?—2 Bakor. 10:4, 5.
2 Ke Taba e Amanang le Maikutlo: Hangata lintho tseo batho ba li lumelang tseo ba rutiloeng hore ke ’nete li amana le maikutlo a bona a tebileng. Ba bang ba ’nile ba lumela lintho tse fosahetseng ho tloha bongoaneng. E le ho thusa batho ba joalo, ho hlokahala hore re bue ka tsela e bontšang hore re hlompha maikutlo a bona.—1 Pet. 3:15.
3 Re ka hlompha batho ba joalo ka ho ba lumella hore ba hlalose seo ba se lumelang le lebaka la seo. (Jak. 1:19) Mohlomong ba na le tumelo e matla ea hore moea ha o shoe hobane ba shoetsoe ke baratuoa ba bona ’me ba labalabela ho ba bona hape. Kapa mohlomong ba keteka matsatsi a phomolo hobane a etsa hore ba khone ho ba hammoho le malapa a bona. Ho ba mamela ho tla re thusa ho utloisisa maikutlo a bona ’me re khone ho ba araba ka tsela e atlehang.—Liprov. 16:23.
4 Etsisa Jesu: Jesu o ile a re behela mohlala o babatsehang ha a araba lipotso tsa monna ea neng a rutehile Molaong. Jesu ha aa ka a mo bolella hore na a etse eng, e leng seo monna eo a neng a ka ’na a hana ho se etsa ka lebaka la lintho tseo a neng a li lumela ka matla. Ho e-na le hoo, Jesu o ile a mo isa Mangolong, a batla ho tseba maikutlo a hae, eaba o mo thusa hore a etse qeto e nepahetseng ka ho mo etsetsa papiso.—Luka 10:25-37.
5 Lentsoe la Molimo le ka etsa hore batho ba khaotse ho lumela lithuto tsa bohata. (Baheb. 4:12) Haeba re sa fele pelo ’me re susumetsa lipelo tsa batho, re ka khona ho ba thusa hore ba lahle leshano ’me ba amohele ’nete e tla ba lokolla.—Joh. 8:32.