Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/08 leq. 2
  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 14 July
  • Beke e Qalang ka la 21 July
  • Beke e Qalang ka la 28 July
  • Beke e Qalang ka la 4 August
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 7/08 leq. 2

Kemiso ea Liboka Tsa Tšebeletso

Beke e Qalang ka la 14 July

Pina ea 126

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. U sebelisa litlhahiso tse leqepheng la 4 kapa linehelano tse ling tse loketseng tšimo ea lōna, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo Molula-Qhooa oa July 1 le Tsoha! ea July li ka tsamaisoang kateng.

15 mets: Bua ka litlhophiso tsa ho sebetsa tšimo e sa abuoang. E fanoe ke molebeli oa tšebeletso. Hlahloba lengolo la la 31 May, 2008, le buang ka tšimo e sa abuoang, lingoliloeng tse tla tsamaisoa, matsatsi a ho ea le hore na ho tla sebetsoa libakeng life, tsa marobalo le litlhophiso tsa lipalangoang. Na ho na le ba ka nkang bopula-maliboho bo thusang? Liphutheho tse sa eeng tšimong e sa abuoang li lokela ho etsa litlhophiso tsa ho sebetsa tšimo e sa sebetsoeng kamehla.

20 mets: “Lula U Hopola Letsatsi la Jehova.”a Bolela lintho tse ikhethang bukeng ena. Hlahloba kemiso ea thuto ea buka le litaelo tse leqepheng la 3 la Tšebeletso ena ea Rōna ea ’Muso. Khothalletsa bohle hore ba be teng kamehla le ho araba ka bolokolohi. Buisana hakhutšoanyane le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba tsebahalang ka ho lokisetsa hantle bakeng sa liboka, u ba botse hore na ba susumetsoa ke eng hore ba etse joalo.

Pina ea 147

Beke e Qalang ka la 21 July

Pina ea 95

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Hopotsa bamameli ho tla le Molula-Qhooa oa August 1 le Tsoha! ea August Sebokeng sa Tšebeletso bekeng e tlang ’me ba itokisetse ho tla tšohla linehelano tse loketseng tšimo ea phutheho.

15 mets: Na U “Bua ka Bolokolohi”? Puo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa May 15, 2006, leqepheng la 13-16. Totobatsa bohlokoa ba ho paka ka sebete.

20 mets: “Ho Lokisetsa ho re Thusa ho Etsa Maeto a ho Boela a Atlehang.”b Kenyelletsa pontšo ea metsotso e mene ea mohoeletsi ea buang a le mong ea lokisetsang maeto a ho boela. O hlahloba lintlha tseo a li ngotseng ’me o etsa qeto ea ho khutlela ho batho ba babeli mafelo-bekeng ana. Joale, bakeng sa motho ka mong, o nahana ka seo a se buileng nakong e fetileng, o rera seo a batlang ho se finyella, ’me o lokisetsa kamoo a ka finyellang sepheo seo kateng. Bakeng sa motho e mong, o lokisetsa ho buella thuto ea Bibele. Bakeng sa e mong, o lokisetsa ho thusa motho eo hore a lule a thahasella molaetsa a sebelisa keletso e fanoeng serapeng sa 5.

Pina ea 189

Beke e Qalang ka la 28 July

Pina ea 6

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bohle hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo tsa July. Bala tlaleho ea liak’haonte le melaetsa e bontšang hore menehelo e amohetsoe. Bolela lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka August, ’me u lokisetse hore ho be le pontšo ea nehelano e le ’ngoe.

15 mets: Ho Lula re Hopotse Hore Metsotso e Jele Babeli. Puo e fanoang ka cheseho e thehiloeng Molula-Qhooeng oa December 15, 2006, leqepheng la 18-19, serapeng sa 17-21.

20 mets: Itokisetse ho Tsamaisa Limakasine Tsa Morao-rao. Puisano le bamameli. Ka mor’a ho etsa kenyelletso e khutšoanyane ea Tsoha! ea August le Molula-Qhooa oa August 1, botsa bamameli hore na ke lihlooho life tse ka ipiletsang ho batho tšimong hona e le ka lebaka lefe. Kōpa bamameli hore ba bolele lintlha tseo ba rerileng ho li buella. Ho ka botsoa potso efe ho qalisa moqoqo? Ka mor’a moo ho ka baloa lengolo lefe? U sebelisa e ’ngoe ea linehelano tse Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso kapa nehelano e boletsoeng ke bamameli, lokisetsa hore ho be le pontšo ea kamoo makasine ka ’ngoe e ka tsamaisoang.

Pina ea 106

Beke e Qalang ka la 4 August

Pina ea 222

10 mets: Litsebiso tsa phutheho.

15 mets: Na Bana ba Hao ba Itokiselitse Tšimo ea Bona e Ikhethang? Puo le puisano le bamameli. Bolela a mang a mathata ao bana ba Bakreste ba tobanang le ’ona sekolong. Hlalosa kamoo batsoali le bana ba bona ba ka sebelisang Watch Tower Publications Index ho fumana lintlha tse ka ba thusang. Fana ka mehlala. (Sheba sehlooho se seholo sa “Schools,” sehloohoana sa “experiences.”) Kōpa bamameli ba hōliselitsoeng malapeng a Bokreste ho bolela hore na batsoali ba bona ba ne ba ba hlomella joang hore ba tobane le mathata ba be ba sebelise melao-motheo ea Bibele sekolong. Ba ka ba ba bolela le mesebetsi ea sekolo eo ba ileng ba e etsa ba sebelisa lihlooho tse Tsoheng! E-re ba hlalose kamoo ho sebetsa tšimo ea bona e ikhethang ho ileng ha ba sireletsa kateng.

20 mets: “Re Phethola Lintho Tse Metseng ka Matla.”c Kōpa bamameli hore ba bolele kamoo motho ea neng a ba khannela thuto ea Bibele a ileng a ba thusa kateng hore ba lahle lintho tseo ba neng ba li lumela ka matla tseo ba neng ba rutiloe hore ke ’nete.

Pina ea 83

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

b Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

c Etsa hore kenyelletso e be ka tlaase ho motsotso ebe ho latela puisano ea lipotso le likarabo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela