Batlang ba Tšoanelehang
1. Re bontša joang hore re ananela tšebeletso ebile re e nka e le tokelo?
1 Ha Jesu a ntse a etsa tšebeletso ea hae o ile a etsa ka hohle hore a bolelle ba bonolo litaba tse molemo tse khothatsang. (Esa. 61:1, 2) Kaha re manģosa a emeng bakeng sa Kreste, kajeno re na le tokelo e babatsehang ea ho mo etsisa ha re ntse re etsa ka hohle-hohle ho batla ba tšoanelehang tšimong ea rōna ’me re etsa seo re sa khaotse.—Mat. 10:11; 2 Bakor. 5:20.
2. Ho ile ha totobala joang hore Pauluse o ne a feto-fetoha le maemo, hona phello e bile efe?
2 Feto-fetoha le Maemo: Moapostola Pauluse o ne a tloaetse hore a qale ka ho ea synagogeng ho ea bolella Bajuda le basokolohi litaba tse molemo. (Lik. 14:1) Ha eena le Silase ba le Filipi ba ile ba ea moo ba neng ‘ba nahana hore ho na le sebaka sa thapelo.’ Eaba ba qala ho pakela basali ba itseng, ’me e mong oa bona, e leng Lydia, a amohela ’nete ka potlako.—Lik. 16:12-15.
3. Re ka bolela litaba tse molemo ka litsela life hape ntle le ho ea ka ntlo le ntlo?
3 Ho phaella tšebeletsong ea ntlo le ntlo, na u ka boela ua bolella batho litaba tse molemo ha u ba fumana boemelong ba lipalangoang, lirapeng tsa boikhathollo, liofising, lik’honeng tsa literata tse phetheselang, libakeng tsa khoebo le mabenkeleng a leng tšimong ea phutheho? Mohlomong u ka sebelisa mangolo kapa thelefono ha u pakela batho ba lulang metseng eo ho kenoang ka likeiti feela le lifoleteng tseo ho sa kenoeng ho tsona ntle ho tumello. Ha u le hlokolosi u bile u feto-fetoha le maemo a tšimo ea phutheho u tla ba ‘le ho hongata hoo u ka ho etsang mosebetsing oa Morena.’—1 Bakor. 15: 58.
4. Ke menyetla efe e meng eo re nang le eona haeba tšimo ea phutheho ea habo rōna e le nyenyane?
4 Bahoeletsi ba bangata ba bile le monyetla oa ho atolosa tšebeletso ea bona ka hore ba fallele phuthehong e ’ngoe naheng ea habo bona kapa ba fallele naheng e ’ngoe. Ba bang ba ithutile puo e ’ngoe e le hore ba pakele batho ba tsoang linaheng tse ling.
5. Re lokela ho ba le maikutlo afe ka nako eo re phelang ho eona ’me re ikemisetse ho etsa eng?
5 Kaofela ha rōna re lokela ho hopola hore “tšimo ke lefatše.” (Mat. 9:37; 13:38) Kaha bofelo ba tsamaiso ena e khopo bo haufi, e mong le e mong o lokela ho hlahlobisisa maemo a hae, bokhoni le menyetla ea ho atolosa tšebeletso ea hae. Jehova o re kholisa hore ha re etelletsa pele mesebetsi e amanang le ’Muso, o tla hlohonolofatsa seo re se etsang ha re leka ka hohle ho atolosa tšebeletso ea rōna.—Mat. 6:33.