“Chesehang Moeeng”
1. Re lokela ho etsa mosebetsi oa rōna oa boboleli joang?
1 Tšebeletsong ea rōna re le Bakreste, ha ho na mosebetsi oo re lokelang ho e etsa ka monyebe. Ho e-na le hoo, re khothalletsoa hore re ‘chesehe moeeng, re be makhoba a Jehova.’ (Bar. 12:11) Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ngata tse ka etsang hore re be monyebe tšebeletsong ea rōna. Re ka etsa joang hore re ‘fehle cheseho ea rōna joaloka mollo’ tšebeletsong ea rōna ea ’Muso?—2 Tim. 1:6, 7.
2. Ho ithuta Bibele ho re thusa joang hore re phethe tšebeletso ea rōna ka cheseho?
2 Ho Ithuta Bibele: ’Moleli oa ’Muso ea ipabolang ke ea ratang molao oa Molimo ’me a ananela ka ho teba linnete tse fumanoang ho oona. (Pes. 119:97) Ha re ithuta Bibele re fumana matlotlo a re khothatsang le a etsang hore re chesehe haholoanyane. Ntho e re susumelletsang ho rorisa Molimo le ho bolela lebitso la hae phatlalatsa ke hore rea mo rata etsoe e le eena ea re senolelang linnete tsena, le hore re lakatsa ho bolella ba bang litaba tse molemo. (Baheb. 13:15) Ho hlakile hore ho bolella batho ba bang litaba tse molemo ka cheseho ho bontša hore rea utloisisa hore ke tsa bohlokoa.
3. Moea oa Molimo o re thusa joang tšebeletsong ea rōna?
3 Rapella Moea o Halalelang: Re ke ke ra atleha ho phetha tšebeletso ea rōna ka matla a rōna. Moea oa Molimo oo re o fuoang ka seatla se bulehileng ke oona o re thusang hore re chesehe e le kannete. (1 Pet. 4:11) Ho atamela haufi le Mohloli oa ‘matla ao a maholo’ ho tla re fa matla a hore re pake ka sebete. (Esa. 40:26, 29-31) Ha moapostola Pauluse a kopana le mathata tšebeletsong ea hae, o ile a ‘fumana thuso e tsoang ho Molimo.’ (Lik. 26:21, 22) Moea o halalelang oa Jehova o re fang matla o ka re thusa hore re chesehe ha re phetha tšebeletso ea rōna, kahoo, re lokela ho o rapella.—Luka 11:9-13.
4. Re ka kotula litholoana life tse molemo ka lebaka la ho cheseha, empa ke temoso efe eo re lokelang ho e ela hloko?
4 Haeba re chesehela mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, hangata re ka tšoaetsa Bakreste-’moho le rōna cheseho eo. (2 Bakor. 9:2) Batho bao re kopanang le bona tšimong ba ka mamela litaba tse molemo haeba re ba bolella tsona ka cheseho le ka kholiseho. Empa le hoja re cheseha, kamehla re tlameha ho ba masene ’me re be bonolo. (Tite 3:2) Ka linako tsohle, re batla ho siela mong’a ntlo seriti le bolokolohi ba ho ikhethela.
5. Ke keletso efe e bululetsoeng eo re ikitlaelletsang ho e sebelisa?
5 Re le baboleli ba ’Muso, e se eka kamehla re ka ‘cheseha moeeng.’ A re lekeng ka matla hore re chesehe ka hore re ithute Bibele ’me re rapele Jehova ka tieo, e leng eena ea re fang moea o halalelang o matla ka ho fetisisa. Ha re etsa joalo, re tla phetha tšebeletso ea rōna “ka moea o halalelang le kholiseho e matla.”—1 Bathes. 1:5.