Na U Tla Etsisa Jehova le Jesu ka Hore U Bolele ka Cheseho Nakong ea Sehopotso?
1. Lipaki Tsa Jehova li ikitlaelletsa ho etsa’ng nakong ea Sehopotso?
1 Jehova o phetha morero oa hae ka cheseho. Ha Esaia 9:7 e bua ka tse ling tsa litlhohonolofatso tse tla tlisoa ke ’Muso oa Molimo, e re: “Cheseho ea Jehova oa mabotho e tla etsa sena.” Ka ho tšoanang, nakong eo Mora oa Molimo a neng a phetha tšebeletso ea hae lefatšeng, o ile a chesehela borapeli ba ’nete haholo. (Joh. 2:13-17; 4:34) Selemo le selemo nakong ea Sehopotso, bahoeletsi ba limilione lefatšeng ka bophara ba ikitlaelletsa ho etsisa cheseho ea Jehova le ea Jesu ka hore ba eketse nako eo ba e qetang mosebetsing oa boboleli. Na u tla ba e mong oa bona?
2. Cheseho e tla re susumelletsa hore re etse’ng ho tloha ka la 14 March?
2 Phutuho ea ho Memela Batho Sehopotsong: Phutuho ea ho phatlalatsa Sehopotso selemong sena e tla qala ka Moqebelo oa la 14 March. Hlophisa hona joale hore u tle u bolele litaba tse molemo ka cheseho. Re tla thabela ho sebetsa ka thata ha re ntse re leka ho mema batho ba bangata tšebeletsong ea tšimo. Ikitlaelletse ho mema batho bao u ithutang Bibele le bona, lipoelo tsa hao, batho bao u sebetsang le bona, beng ka uena le bao u kenang sekolo le bona ka ho ba fa memo kapa ka ho sebelisa jw.org.
3. Re ka eketsa tšebeletso ea rōna joang khoeling ea March le ea April?
3 Nka Bopula-maliboho bo Thusang: Cheseho e tla boela e re susumelletse ho eketsa tšebeletso ea rōna. Ha ho pelaelo hore batho ba bangata ba tla ba le monyetla oa ho nka bopula-maliboho bo thusang ka March le ka April, kaha ba ka ’na ba khetha ho sebetsa lihora tse 30 likhoeling tseo. Nakong ea borapeli ba lōna ba lelapa kapa thutong ea hao ea botho, rapellang taba ena ’me le hlophise maemo a lōna e le hore le tle le nke bopula-maliboho bo thusang. (Liprov. 15:22) Ha u sebetsa ka cheseho nakong ea phutuho ena, seo se ka susumelletsa ba bang hore le bona ba sebetse ka cheseho. Haeba u etsa liphetoho tse itseng e le hore u ka eketsa tšebeletso ea hao, u tla be u etsisa cheseho ea Jesu.—Mar. 6:31-34.
4. Re tla fumana moputso ofe ha re etsisa mohlala oa Jehova le oa Jesu oa ho cheseha?
4 Ha re etsisa cheseho ea Jehova le ea Jesu nakong ena ea Sehopotso, re tla fumana moputso o moholo. Batho ba bangata ba tla utloa litaba tse molemo. Re tla thaba ’me re ikutloe re khotsofalletse hore ebe re sebelelitse Jehova ’me ho na le seo re se fileng batho ba bang. (Lik. 20:35) Habohlokoa le ho feta, re tla thabisa Molimo oa rōna ea chesehang le Mora oa hae.