Re Lokela ho Lula re Cheseha Tšebeletsong
1 Ho tloha ka 1992, selemo le selemo, ka cheseho Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa sebetsa lihora tse fetang tse limilione tse sekete mosebetsing oa lefatše ka bophara oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa. Re thaba hakaakang hore ebe re ile ra kenya letsoho mosebetsing oo o babatsehang!—Mat. 28:19, 20.
2 Ho hlakile hore lithoriso le liteboho tsohle li isoa ho Jehova, e leng eena ea ileng a re tšehetsa tšebeletsong ea rōna ‘linakong tsena tse mahlonoko.’ (2 Tim. 3:1) Ho hlokahala hore re etse eng e le hore re tsoele pele re etsa mosebetsi oo oa bohlokoa ka cheseho?
3 Lebaka Leo re Chesehang ka Lona: Lerato la rōna le leholo bakeng sa Molimo le moahelani hammoho le takatso e tlohang botebong ba pelo ea ho phelela boinehelo ba rōna ke tsona tse re susumetsang tšebeletsong ea rōna ea ’Muso. (Mat. 22:37-39; 1 Joh. 5:3) Lerato le re susumelletsa ho itela e le hore re ka kopanela ka botlalo mosebetsing oa ho bolela.—Luka 9:23.
4 Ho Ikitlaelletsa ho Lula re Cheseha: Sera sa rōna e leng Diabolose, se leka kahohle ho fokotsa ho chesehela ha rōna tšebeletso. Lintho tse seng kae tseo a li sebelisang ho leka ho re nyahamisa ke: Ho se batle ho mamela ha batho tšimong ea rōna, litšitiso tsa lefatše lena, mathata a bophelo ba letsatsi le leng le le leng le ho tšoenyeha ka ho fokolloa ke bophelo.
5 Ka lebaka leo, re lokela ho sebetsa ka thata e le hore re lule re cheseha. Ke habohlokoa hore re ntšetse pele ‘lerato leo re neng re e-na le lona pele.’ Seo se akarelletsa hore kamehla re bale re be re thuise ka Lentsoe la Molimo, e leng Bibele, le hore re sebelise lintho tsohle tseo Jehova a re fang tsona ho re matlafatsa tumelo ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.”—Tšen. 2:4; Mat. 24:45; Pes. 119:97.
6 Joalokaha boprofeta ba Bibele bo bontša ka ho hlaka, letsatsi la Jehova la ho timetsa batho ba sa tšabeng Molimo le atamela ka potlako. (2 Pet. 2:3; 3:10) Re ntse re hopola seo ka ho hlaka, a re sebetseng ka thata ho lula re cheseha tšebeletsong, re kopanela ka botlalo mosebetsing oa lefatše ka bophara oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa, o ntseng o tsoela pele hona joale!