Ba Bang ba Ithuta’ng ho Uena?
1. Barutuoa ba Jesu ba ile ba ithuta’ng ho eena?
1 Jesu o itse: “Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na.” (Mat. 11:29) Ho hlakile hore o ile a ruta ba bang ka mohlala o motle, eseng ka mantsoe feela. Ak’u nahane hore na ha barutuoa ba hae ba mo shebeletse ba ne ba ithuta eng ho eena. O ne a le bonolo, a le mosa a bile a le lerato. (Mat. 8:1-3; Mar. 6:30-34) O ne a ikokobelitse e le kannete. (Joh. 13:2-5) Ha barutuoa ba tsamaea le Jesu tšebeletsong, ba ne ba bona mosebetsi ea mahlahahlaha, ea rutang ba bang ’nete ka tsela e atlehang. (Luka 8:1; 21:37, 38) Ba bang ba ikutloa joang ha ba re bona tšebeletsong?
2. Tsela eo re shebahalang ka eona le boitšoaro ba rōna ha re le tšebeletsong e ka ama beng ba matlo joang?
2 Beng ba Matlo: Ha re apere ka tsela e hlomphehang, re le mekhoa e metle ’me re thahasella beng ba matlo e le kannete, seo se ka hlahisa litholoana tse ntle haholo. (2 Bakor. 6:3; Bafil. 1:27) Baa bona hore re sebelisa Bibele khafetsa. Ba bang baa thaba ha ba bona hore re ba mamela ka tlhompho. Le ka mohla u se ke ua halala tsela eo ho beha mohlala o motle lintlheng tsena ho ka hapang batho hore ba mamele molaetsa oa ’Muso.
3. Re ka susumetsa bara le barali babo rōna hore ba etse lintho life tse ntle?
3 Barab’abo Rōna: Ak’u nahane hape hore na re ka susumetsa barab’abo rōna hore ba etse lintho life tse ntle. Ha re chesehela tšebeletso, ba bang le bona ba ka e chesehela. Joalokaha tšepe e leotsoa ka tšepe, ha re lokisetsa hantle re susumetsa ba bang hore ba chorise tsela eo ba bolelang litaba tse molemo ka eona. (Liprov. 27:17) Ha re le hlokolosi hore re boloke litlaleho tse nepahetseng tsa ba thahasellang ebe re khutlela hang-hang, re khothalletsa ba bang ho etsa se tšoanang. Ha re phetha bosebeletsi ba rōna ka botlalo, seo se tla susumetsa bara le barali babo rōna hore ba latele mohlala oa rōna o motle.—2 Tim. 4:5.
4. Ke hobane’ng ha nako le nako re lokela ho hlahloba mohlala oa rōna?
4 Ho ka ba molemo hore nako le nako u hlahlobe liketso tsa hao le lipuo tsa hao ’me u ipotse hore na mohlala oa hao o ama batho ba bang joang. Mohlala oa rōna o motle o tla thabisa Jehova ’me o etse hore re ikutloe joaloka moapostola Pauluse ha a re: “E-bang baetsisi ba ka, esita le joalokaha ke le oa Kreste.”—1 Bakor. 11:1.