Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 10 January
BEKE E QALANG KA LA 10 JANUARY
Pina ea 50 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
cf khao. 16 ¶1-6 (25 mets)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: 2 Likronike 33-36 (10 mets)
No. 1: 2 Likronike 34:12-21 (4 mets kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa ’Mè oa Jesu, Maria? (5 mets)
No. 3: Na Jesu e ne e le Moeta-pele oa Bolumeli ea Neng a Itšoanela le ba Bang?—rs leq. 191 ¶1 ¶2 (5 mets)
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Litsebiso.
10 mets: Bua ka Mosa ha U Bolela Litaba Tse Molemo. Puisano e thehiloeng bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 118, serapeng sa 1, ho ea leqepheng la 119, serapeng sa 5.
10 mets: Na U ka Tšelela Macedonia? (Lik. 16:9, 10) Puisano e thehiloeng Bukeng ea Selemo ea 2010, leqepheng la 163-164 le leqepheng la 238-239. Ka mor’a ho tšohla phihlelo ka ’ngoe, kōpa bamameli hore ba bolele hore na ke lintho life tseo ba ithutileng tsona. Ba ratang ho sebeletsa moo ho hlokahalang bahoeletsi ba eketsehileng ba lokela ho buisana le molebeli oa bona bo potoloho kapa ba ngolle ofisi ea lekala.
10 mets: “Mosebetsi o Monate ka ho Fetisisa.” Lipotso le likarabo. Ka bokhutšoanyane buisana le mohoeletsi ea ka bolelang thabo le khotsofalo eo a bileng le eona ka ho khanna thuto ea Bibele e hatelang pele.
Pina ea 75 le Thapelo