Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/11 leq. 1
  • Mosebetsi o Monate ka ho Fetisisa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mosebetsi o Monate ka ho Fetisisa
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka Khona ho Etsa Batho Barutuoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • U ka Thusa Lithuto Joang Hore li Qetelle li Kolobelitsoe?​—Karolo ea Bobeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Thabela Mosebetsi oa ho Etsa Barutuoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Karolo ea 1: Thuto ea Bibele ke Eng?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
km 1/11 leq. 1

Mosebetsi o Monate ka ho Fetisisa

1. Mehleng ee ho etsoa mosebetsi ofe oa ho folisa batho moeeng?

1 Lekholong la pele la lilemo batho ba ile ba thaba haholo ha ba bona ba bang ba folisoa maloetse. (Luka 5:24-26) Mehleng ena, re thabela ho etsa mosebetsi oa ho thusa batho hore ba fole moeeng. (Tšen. 22:1, 2, 17) Ka sebele re thabela ho bala liphihlelo tsa batho bao bophelo ba bona bo fetotsoeng ke Lentsoe la Jehova le moea o halalelang! Empa ho thabisang haholo ke ho kenya letsoho mosebetsing ona ka ho khanna lithuto tsa Bibele tse hatelang pele.

2. Re ka ’na ra thabela’ng ha re ruta motho ’nete?

2 Lebitso la Molimo ke mang? Ke hobane’ng ha a lumella hore batho ba utloe bohloko? ’Muso oa Molimo o tla etsetsa batho eng? Ha re thabe feela ha re araba lipotso tseo empa re boetse re thaba ha re bona thabo ea seithuti ha se ithuta ’nete. (Liprov. 15:23; Luka 24:32) Ha se ntse se hatela pele, se ka ’na sa qala ho sebelisa lebitso la Jehova, sa lokisa tsela eo se aparang le ho itlhopha ka eona, sa khaotsa mekhoa e kotsi ’me sa qala ho pakela batho ba bang. Haeba se hatela pele hoo se inehelang le ho kolobetsoa, e tla ba mora kapa morali oabo rōna le mosebetsi-’moho le rōna. Ena ke mehato e babatsehang ’me ea re thabisa.—1 Bathes. 2:19, 20.

3. Re ka nka mehato efe e loketseng e le hore re qale thuto ea Bibele?

3 Na U ka Kenya Letsoho? Haeba u rata ho kenya letsoho mosebetsing ona o monate ka ho fetisisa, kōpa Jehova hore a u thuse hore u khanne thuto ea Bibele, ebe u etsa se lumellanang le lithapelo tsa hao. (1 Joh. 5:14) Bolela litaba tse molemo moo batho ba fumanehang teng le ka nako eo ba fumanehang ka eona. Buella thuto ea Bibele neng le neng ha ho loketse. (Moek. 11:6) Ha u fumana motho ea ratang ho ithuta ’me u jala peō ea ’nete, khutlela ho eena ho ea e nosetsa.—1 Bakor. 3:6-9.

4. Ke hobane’ng ha re lokela ho buella lithuto tsa Bibele re utloisisa hore metsotso e se e jele babeli?

4 Ho sa na le batho ba bangata ba lapetseng le ba nyoretsoeng ho loka. Ke mang ea tla ba khannela thuto ea Bibele e le hore ba tsebe Jehova? (Mat. 5:3, 6) A re ithaopeleng ho phetha mosebetsi oa ho bolela le ho etsa barutuoa pele nako ea kotulo e fela.—Esa. 6:8.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela