Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/12 leq. 3
  • Na U Itokiselitse Bokuli ba Tšohanyetso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Itokiselitse Bokuli ba Tšohanyetso?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Meso e Ntse e Tsoala Mesoana?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Na Meso e Ntse e Tsoala Mesoana?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Video e Totobatsang Phetoho ea Bohlokoa Phekolong ea Meriana
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Video e Totobatsang Phetoho ea Bohlokoa Mokhoeng oa Phekolo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
km 1/12 leq. 3

Na U Itokiselitse Bokuli ba Tšohanyetso?

Motho a ka kula ka tšohanyetso ebile a sa lebella. (Jak. 4:14) Ka hona, ea masene o tla etsa sohle seo a ka se khonang ho itokiselletsa boemo boo. (Liprov. 22:3) Na u se u entse qeto ea hore na u tla amohela phekolo ea mofuta ofe ’me na u e ngotse fatše? E le ho u thusa ho etsa seo, karolo ea bobeli ea DVD e reng Transfusion-Alternatives—Documentary Series e na le sehlooho se reng Transfusion-Alternative Health Care—Meeting Patient Needs and Rights. E shebelle ebe u leka ho araba lipotso tse latelang. Kaha videong ena ho na le moo ho bontšoang ka bokhutšoanyane ha batho ba buuoa, batsoali ba lokela ho ba hlokolosi ha ba e shebella le bana ba banyenyane.

(1) Ke hobane’ng ha basebeletsi ba bang ba lefapha la bophelo ba se ba belaella taba ea ho tšela mali? (2) Fana ka mehlala e meraro ea liopereishene tse khōlō tse entsoeng ho sa tšeloe mali. (3) Ke hobane’ng ha lingaka tse likete lefatšeng lohle li ikemiselitse ho phekola bakuli li sa ba tšele mali? (4) Morao tjee liphuputso tse entsoeng lipetlele li senotse eng ka tšebeliso ea mali? (5) Ke likotsi life tse ka bakoang ke ho tšela mali? (6) Litsebi tse ngata li fihletse qeto efe ka melemo ea ho phekoloa ka mekhoa e meng ho fapana le ho tšela mali? (7) Ke eng e bakang khaello ea mali, hona ho ka etsoa’ng ho thusa mokuli ea haelloang ke mali? (8) Ho ka etsoa’ng hore ’mele oa mokuli o hlahise lisele tse khubelu ka bongata? (9) Ho sebelisoa mekhoa efe e le hore mokuli a se ke a lahleheloa ke mali a mangata ha a buuoa? (10) Na mekhoa e meng ea ho phekola mokuli a sa tšeloe mali ea atleha baneng ba banyenyane kapa ho batho bao bophelo ba bona bo leng kotsing? (11) O mong oa melao-motheo e ka sehloohong ea ho fana ka phekolo e molemo ke ofe?

Litlaleho li bontša hore bahoeletsi ba ’maloa ha baa tlatsa likarete tsa bona tsa Advance Medical Directive, kapa hore ha ba tsamaee ka tsona ka linako tsohle. Balebeli ba litsi ba lokela ho netefatsa hore bohle ba litsing tsa bona ba latela tataiso ena ea bohlokoa. Kaha taba ea ho amohela mefuta e meng ea phekolo e bontšitsoeng videong eo e itšetlehile ka letsoalo la motho, u se ke ua emela hore u tla khetha phekolo ha u se u tobane le boemo ba tšohanyetso. Khaolo ea 7 bukeng ea “Lerato la Molimo” le litšupiso tse bontšitsoeng moo hammoho le lintlha tse fanoeng ikenyelletsong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea November 2006 li tla u thusa hore u etse qeto u e-na le kutloisiso. Haeba u kolobelitsoe, ngola qeto eo u e entseng kareteng ea DPA ’me u nke karete eo ka linako tsohle.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]

Na u se u entse qeto ea hore na u tla amohela phekolo ea mofuta ofe ’me na u e ngotse fatše?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela