Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/12 leq. 2
  • E-ba Sebete ha U Paka Tšimong ea Khoebo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-ba Sebete ha U Paka Tšimong ea Khoebo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Paka Tšimong ea Khoebo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Tsela ea ho Paka Tšimong ea Mabenkele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Bolela Litaba Tse Molemo Hohle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Litsela Tse Ncha Tsa ho Paka Phatlalatsa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2012
km 3/12 leq. 2

E-ba Sebete ha U Paka Tšimong ea Khoebo

1. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho nyahama haeba re utloa eka ho paka libakeng tsa khoebo hoa tšosa?

1 Na u utloa u tšoha ha u nahana ka ho pakela batho libakeng tsa khoebo? Haeba ho joalo, u se ke ua nyahama, kaha esita le Pauluse, eo e neng e le mosebeletsi ea sebete le ea sa tšabeng letho, o ile a lokela ho “iteta sebete” hore a bolele litaba tse molemo. (1 Bathes. 2:2) Ka tlaase mona ho tšohloa mathata a tloaelehileng le litsela tse molemo tsa ho a hlōla.

2. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšoenyeha ka hore re tla khopisa basebetsi?

2 Na ho Emisa Basebetsi ho se Hokae ho Tla ba Khopisa? Likhoebong tse ngata, basebetsi ba sebeletsa sechaba ’me ba lebeletse hore ho be le tšitiso e itseng. Hangata ba tla u buisa hantle, kaha ba ka ’na ba nka hore u tla reka khoebong ea bona. Ha u apere ka tsela e itlhomphang u bile u le botsoalle, u tla ba khothalletsa hore ba u tšoare hantle.

3. Re ka qoba ho khopisa bareki joang?

3 Na ke Tla Lokela ho Bua ka Pel’a Bareki ba Bangata? Ha ho khoneha, khetha ho ea nakong eo ho se nang sephethephethe, e kang ha ba qala ho bula. Emela hore mookameli kapa morekisi a be mong pele u buisana le eena. Buisana le eena ka bokhutšoanyane.

4. Re ka ’na ra re’ng ha re paka libakeng tsa khoebo?

4 Ke Lokela ho Re’ng? Buisana le motho ea ikarabellang haeba ho e-na le basebetsi ba ’maloa. U ka ’na ua re: “Ha ho bonolo ho fumana batho ba khoebo malapeng, kahoo re u etetse mona mosebetsing. Kea tseba hore u mosebetsing, kahoo ke tla bua ka bokhutšoanyane haholo.” E le hore ba se ke ba nka hore rea rekisa, hangata ho molemo hore re se ke ra bua ka tokisetso ea monehelo, ntle le haeba ba re botsa hore na mosebetsi oa rōna o tšehetsoa ka lichelete joang. Ho itšetlehile ka hore na ke khoebong ea mofuta ofe, u ka ’na ua kōpa mookameli hore u buisane le basebetsi ka bokhutšoanyane. Bua le bona ka tsela e tšoanang le eo u buileng le mookameli ka eona. Haeba ho bonahala eka mosebetsi o phathahane, buisana le eena ka bokhutšoanyane ’me u mo siele pampitšana. Haeba ho sa khonehe hore u buisane le basebetsi, mohlomong u ka lumelloa ho siea lingoliloeng phaposing eo basebetsi ba khefutsang ho eona kapa sebakeng se seng seo bohle ba fetang ho sona.

5. Re na le mabaka afe a ho paka ka sebete tšimong ea khoebo?

5 Jesu le Pauluse ba ile ba pakela batho libakeng tsa bona tsa khoebo ka sebete ’me le uena u ka khona. (Mat. 4:18-21; 9:9; Lik. 17:17) Kōpa Jehova ho u thusa hore u khobe matšoafo ’me u be sebete. (Lik. 4:29) Kaha batho ba ba sieo ka seoelo tšimong ea khoebo, ke hobane’ng ha u sa leke mokhoa oo oa ho paka o atlehang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela