Litsela Tse Tharo Tsa ho Ntlafatsa Mokhoa oa Hao oa ho Ruta
1. Ke hobane’ng ha re lokela ho ntlafatsa mokhoa oa rōna oa ho ruta?
1 Basebeletsi bohle ba Bakreste ke matichere. Ebang re qala ho buisana le batho, re khutlela ho ba thahasellang, kapa re khanna lithuto tsa Bibele, re ba fa boitsebiso. Boitsebiso boo re fanang ka bona bo khethehile. Re thusa batho ho utloisisa “lingoliloeng tse halalelang” tse ka ‘ba hlalefisetsang poloko.’ (2 Tim. 3:15) Ke boikarabelo bo bokaakang! Litsela tse latelang tse tharo li ka re thusa ho ntlafatsa mokhoa oa rōna oa ho ruta.
2. Re ka ruta ka tsela e bonolo joang?
2 Ruta ka Tsela e Bonolo: Ha re tseba taba hantle, re ka lebala habonolo hore e ka ’na ea thatafalla motho ea sa e tsebeng. Kahoo, ha u khanna thuto ea Bibele, u se ke ua bua lintlha tse ngata tse sa hlokahaleng. Ho e-na le hoo, totobatsa lintlha tsa bohlokoa. Ho ruta ka tsela e hlakileng hase ho bua lolololo. (Liprov. 10:19) Hangata ho molemo ka ho fetisisa hore u bale mangolo a sehlooho feela. Ka mor’a ho bala lengolo, bua feela seo le se hlalosang ka taba eo le e tšohlang. Thuto ea Thabeng e ho Matheu khaolo ea 5 ho ea ho 7, e na le linnete tsa bohlokoa haholo, empa Jesu o rutile ka tsela e bonolo le ka mantsoe a seng makae a khethiloeng ka hloko.
3. Molemo oa lipapiso ke ofe, ’me ke tsa mofuta ofe tse atisang ho atleha?
3 Lipapiso: Lipapiso li thusa motho ho nahana, li susumetsa maikutlo ’me li mo thusa ho hopola. U se ke ua nahana hore u tlameha ho ba ralipale e le hore u etse lipapiso tse ntle. Hangata Jesu o ne a etsa lipapiso tse khutšoanyane le tse sa rarahanang. (Mat. 7:3-5; 18:2-4) Ho toroea litšoantšo tse sa rarahanang le hona ho ka thusa haholo. Ha u lokisetsa hantle u ka fumana lipapiso tse ntle.
4. Re ka botsa lipotso ka katleho joang?
4 Lipotso: Lipotso li etsa hore seithuti se nahane. Kahoo, ha u qeta ho botsa potso, emela karabo u sa fele pelo. Ha u potlakela ho fana ka karabo, u ke ke ua tseba hore na seithuti se utloisisa taba eo joang. Ha se fosa, ho ka ba molemo hore u se tataise ka lipotso hore se fihle qetong e nepahetseng ho e-na le hore u se bolelle karabo. (Mat. 17:24-27) Ke ’nete hore har’a rōna ha ho na matichere a phethahetseng. Kahoo, Bibele e re khothalletsa hore kamehla re ele hloko ho ruta ha rōna. Ho etsa joalo ho tla re ruisa molemo oa ka ho sa feleng hammoho le ba re mamelang.—1 Tim. 4:16.