Phetoho Libokeng Tsa Har’a Beke
Ho qala ka beke ea la 3 September, Thuto ea Bibele ea Phutheho ha e sa tla nka metsotso e 25, empa e tla nka e 30. Ha mokhanni a e kenyelletsa, o lokela ho nka motsotso a hlahloba seo re ithutileng sona bekeng e fetileng. Nako ea Seboka sa Tšebeletso le eona e tla ba metsotso e 30 eseng e 35. Ho ke ke ha hlola ho e-ba le puo e ka thōko ea litsebiso. Ho e-na le hoo, litsebiso li tla fanoa qalong ea puo ea pele. Maemong a mangata, ho tla etsoa litsebiso tse seng kae haeba li le teng ebile ha ho hlokahale hore ho boleloe hore na ho tla fanoa ka lipuo life sebokeng sa tšebeletso. Ho se ke ha etsoa litsebiso tse amanang le tšebeletso ea tšimo, ho hloekisa holo le litumeliso. (km 10/08 leq. 1, ser. 4) Haeba ho tla etsoa tsebiso e telele, ho ka ba molemo hore ba tla fana ka lipuo ba bolelloe nako esale teng e le hore ba khutsufatse lipuo tsa bona.