Young People Ask—What Will I Do With My Life? (Karolo ea 1)
Ha bacha ba hōla ’me e e-ba batho ba baholo, ba lokela ho etsa liqeto tsa bohlokoa. E le ho ba thusa, ho lokiselitsoe video ea Young People Ask—What Will I Do With My Life? Tlas’a main menu, khetha Play Drama, ebe u leka ho araba lipotso tse serapeng sa 2. Ka mor’a moo, u khethe Interviews tlas’a main menu, ebe u khetha karolo e reng Looking Back, ’me u leke ho araba lipotso tse serapeng sa 3.
Tšoantšiso: (1) Boemo ba Timothea bo tšoana joang le ba bacha ba bangata ba Bakreste kajeno? (2) Andre o ile a hatelloa ka tsela efe hore a ipabole mabelong? (3) Mor’abo rōna Fleissig o ile a re’ng ho Andre (a) ka ho inehela ho Jehova le lipapaling? (Mat. 6:24) (b) ka mohloli oa thabo ea ’nete? (c) ka seo sekotlolo sa hae sa kampong ea mahloriso se neng se mo hopotsa sona? (d) ka batho bao eena le mosali oa hae ba nang le bona setšoantšong? (e) ka taba ea hore na o ne a ikoahlaela ho fetola lipakane tsa hae? (Bafil. 3:8) (4) Nkhono oa Andre o ile a araba potso ea hae joang e reng “Na ke phoso ha ke batla ho ba khalala mabelong?” (Luka 4:5-7) (5) Na ho hlōla mabelong ho ile ha tlisetsa Andre khotsofalo ea sebele? (6) U ile ua khahloa ke’ng lengolong la ho qetela leo Mor’abo rōna Fleissig a le ngoletseng Andre? (Liprov. 10:22) (7) Mor’abo rōna Fleissig o ile a thusa Andre hore a tsebe eng?
Ha U Hetla Morao: (8) Mora le morali oabo rōna ba ne ba hahamalla ho etsa’ng, hona hobane’ng? (9) Ba ne ba atlehile hakae? (10) Ke’ng se ileng sa etsa hore ka bo-mong ba etse qeto ea ho fetola seo ba se etsang? (2 Bakor. 5:15) (11) Ho fapana le seo ba neng ba se etsa pele, ba ile ba etsa mesebetsi efe ea puso ea Molimo, hona ke hobane’ng ha ba ne ba nka hore ba ke ke ba etsa lintho tseo ka bobeli? (12) Na baa ikoahlaea ka hore ebe ba ile ba fetola lintho tse tlang pele bophelong ba bona? (13) U khahliloe ke’ng ka ho khetheha ho seo ba se buileng se etsang hore u nahane ka seo u lokelang ho se etsa ka bophelo ba hao?
Ka kōpo, shebella lipuisano tse ling le boitsebiso bo eketsehileng, ’me u itokisetse ho nka karolo ha bo tšohloa Sebokeng sa Tšebeletso bekeng e tlang.