Buella ho Qalisa Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele
Ho tloha ka May 2011, bahoeletsi ba ile ba khothalletsoa hore ba leke ho qala lithuto tsa Bibele ka Moqebelo oa pele oa khoeli e ʼngoe le e ʼngoe. E le ho re thusa ho etsa joalo, ho lokiselitsoe sehlooho se reng, “Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa,” se hlahang kamehla khatisong ea batho ka kakaretso ea Molula-Qhooa. Ka lebaka lena, mor’abo rōna ea tšoarang seboka sa tšebeletso ea tšimo ka Moqebelo oa pele, o lokela ho bontša ka ho hlaka hore na sehlooho sena se ka sebelisoa joang ho qalisa lithuto tsa Bibele ʼme a lokisetse hore ho etsoe pontšo.
Baholo ba ka khetha hore na sehlopha ka seng sa tšebeletso ea tšimo se tla kopana se le seng ka Moqebelo oa pele, kapa hore na lihlopha tsohle li tla kopana Holong ea ʼMuso. Leha ho le joalo, haeba Holo ea ʼMuso e sebelisoa ke liphutheho tse ngata, ha ho na phutheho e lokelang ho fetola letsatsi lena le khethehileng la ho qalisa lithuto tsa Bibele e le hore lihlopha tsohle li kopane bakeng sa seboka sa tšebeletso ea tšimo.