Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 11 November
BEKE E QALANG KA LA 11 NOVEMBER
Pina ea 119 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
jl Lithuto 5-7 (30 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Baheberu 1-8 (10 mets.)
No. 1: Baheberu 4:1-16 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Re ka Bontša Joang Hore re na le “Bohlale bo Tsoang Holimo”?—Jak. 3:17, 18 (5 mets.)
No. 3: Na Hoo e Hlileng e Leng Taba ke ho Rata Batho ba Bang?—rs leq. 76 ¶6 (5 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
10 mets: Kamoo re ka Thusang ba Bang Kateng. Puo ka moholo e thehiloeng Molula-Qhooeng oa November 15, 2013, leqepheng la 8-9. Ka kōpo hlokomelang hore boitsebiso bo ka har’a Molula-Qhooa oa Senyesemane o hatisitsoeng bo fetotsoe hore bo lumellane le maemo a sebaka ka seng. Oa Senyesemane o Websaeteng oona ha o oa fetoloa empa o Websaeteng oa lipuo tse ling o fetotsoe ho latela maemo a sebaka ka seng.
10 mets: Kamoo U ka Hlōlang ho Tšoha ha U le Tšimong. Puisano e thehiloeng lipotsong tse latelang: (1) Thapelo e ka re thusa joang haeba re tšohile ha re le ntlong? (2) Ke hobane’ng ha ho lokisetsa hantle ho re thusa hore re se ke ra tšoha haholo? (3) Ke eng e ka re thusang hore re se ke ra tšoha haholo ha re sebetsa le molebeli oa potoloho? (4) Ke hobane’ng ha ho tšoha ho fokotseha ha re kopanela khafetsa tšebeletsong ea tšimo? (5) Ke eng e u thusitseng hore u se ke ua hlola u tšoha?
10 mets: “Nkang Baprofeta e le Mohlala—Hosea.” Lipotso le likarabo.
Pina ea 113 le Thapelo