Thusang Batho ba Foufetseng Hore ba Ithute ka Jehova
1. Jesu o ile a etsa’ng ho bontša hore o utloela batho ba foufetseng bohloko?
1 Ha Jesu a ne a tloha motseng oa Jeriko ’me ho setse matsatsi a seng makae pele a bolaoa, banna ba babeli ba mekōpa-kōpa ba foufetseng ba ile ba hoeletsa ba re: “Morena, re hauhele!” Le hoja Jesu a ne a tšoenyehile haholo ka liteko tseo a neng a tla tobana le tsona, o ile a ema eaba o bitsa banna bao ’me a ba folisa. (Mat. 20:29-34) Re ka etsisa mohlala oa Jesu oa ho utloela batho ba foufetseng bohloko joang?
2. Re ka pakela motho ea foufetseng joang?
2 Ba Thuse: Haeba u kopana le motho ea foufetseng, itsebise eena ’me u ithaopele ho mo thusa. Kaha hangata batho ba foufetseng ba tšoaroa hampe, a ka ’na a ba leqe ho lumela hore u mo thuse. Leha ho le joalo, haeba u le botsoalle ’me u mo tsotella e le kannete, a ka ’na a phutholoha. Hape, hopola hore batho ba foufetseng ha ba tšoane, kahoo seo se ka u thusa hore u hlokomele hore na ba hloka thuso e kae. Ka mor’a hore u mo thuse, mohlomong u ka mo bolella hore u e mong oa batho ba etsang mosebetsi oa ho ruta batho Bibele. Ithaopele ho mo balla lengolo la Pesaleme ea 146:8 kapa la Esaia 35:5, 6. Haeba a tseba ho bala Braille, mo botse hore na a ka thabela sengoliloeng se tla mo thusa hore a ithute Bibele. Hape, u ka mo thusa ho kopitsa likhatiso tse mameloang tse hlahang ho jw.org. Haeba k’homphieutha ea hae e e-na le lenaneo le mo ballang mongolo o hlahang sekrining, a ka ’na a thabela lihlooho tse hlahang ho jw.org hammoho le lingoliloeng tseo a ka li kopitsang ka RTF (Rich Text Format).—Sheba lebokose le nang le sehlooho se reng “Seo U Lokelang ho se Etsa ha U Thusa Motho ea Foufetseng.”
3. Re ka batla batho ba foufetseng joang tšimong ea rōna?
3 Batlang Batho ba Foufetseng: Ha re sebetsa ka ntlo le ntlo ha se hangata re kopanang le batho ba foufetseng hobane boholo ba bona ba tšaba ho bua le batho bao ba sa ba tsebeng. Kahoo, re lokela ho leka ka matla hore re ba “batle” e le hore re ka ba pakela. (Mat. 10:11) Na ho na le motho ea foufetseng eo u kenang sekolo le eena kapa eo u sebetsang le eena? Leka ho buisana le eena. Haeba tšimong ea lōna ho na le sekolo sa batho ba foufetseng, ithaopele ho ba isetsa lingoliloeng tsa rōna tsa Braille laebraring ea bona. Na ho na le motho eo u mo tsebang ea nang le setho sa lelapa se foufetseng? Na ho na le mekhatlo e thusang batho ba foufetseng tšimong ea lōna kapa e nang le libaka tseo ba hlokomeloang ho tsona? Hlalosetsa setho sa lelapa, motho ea amohelang baeti kapa mookameli oa sebaka seo hore Lipaki Tsa Jehova li thabela ho thusa batho ba foufetseng le ho ba fa lingoliloeng tsa Braille kapa likhatiso tse mameloang. Mo bontše hore Bibele e tšepisa hore haufinyane Molimo o tla etsa hore batho ba foufetseng ba boele ba bone. Hape, u ka ’na ua mo bontša video e hlahang ho jw.org e nang le sehlooho se reng, “Ke ne ke Tla ba Kae ha e ne e le Sieo,” e buang ka phihlelo ea monna e mong ea foufetseng ea ruileng molemo ka ho ba le Bibele ea Braille. Haeba u hlalosa lebaka leo ka lona u etelang batho ba foufetseng, seo se ka ’na sa u bulela monyetla oa ho buisana le bona.
4. Phihlelo ea Janet e re ruta’ng?
4 Morali e mong oabo rōna ea foufetseng ea bitsoang Janet o ile a etela sebaka seo ho sona ho lulang batho ba foufetseng. O ile a qoqa le mosali e mong ea mocha lilemong. Janet o ile a re ho eena, “Jesu o folisitse batho ba foufetseng e le hore a bontše hore na o tla etsetsa batho bohle ba foufetseng eng.” Ba ile ba tšohla Tšenolo 21:3, 4 ’me Janet o ile a hlalosa hore tšepiso ena e tla phethahala ’Musong oa Molimo. Mosali eo o ile a thōla hanyenyane eaba o re: “Ha ke e-s’o utloe motho ea foufetseng a bua ka taba eo. Batho ba bangata ba lumela hore batho ba foufetseng ba foufalitsoe ke ntho e itseng eo ba e entseng kapa eo baholo-holo ba bona ba e entseng.” Janet o ile a romella mosali eo molaetsa oa e-mail o neng o tla mo thusa ho fumana buka ea Seo Bibele e se Rutang websaeteng ’me hona joale ba ithuta Bibele habeli ka beke.
5. Le hoja re ke ke ra folisa batho ba foufetseng joalokaha Jesu a ile a etsa, re tla thabela litlhohonolofatso life haeba re ba bontša hore rea ba tsotella?
5 Ke ’nete hore re ke ke ra folisa batho ba foufetseng joalokaha Jesu a ile a etsa, empa re ka thusa batho bohle bao likelello tsa bona li foufalitsoeng ke molimo oa tsamaiso ena ea lintho hammoho le ba foufetseng ka tsela ea sebele hore ba utloisise ’nete ea Lentsoe la Molimo. (2 Bakor. 4:4) Jesu o ile a folisa banna ba babeli ba neng ba le pel’a motse oa Jeriko hobane a ne a “susumelitsoe ke khauho.” (Mat. 20:34) Haeba le rōna re tsotella batho ba foufetseng ka tsela e tšoanang, re ka ba le tokelo ea ho thusa ba bang ba bona hore ba ithute ka Jehova, Molimo ea tla felisa ho se bone ka ho sa feleng.