Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 8 June
BEKE E QALANG KA LA 8 JUNE
Pina ea 6 le Thapelo
Thuto ea Bibele ea Phutheho:
cl khao. 25 ¶17-21 le lebokose le ho leq. 259 (30 mets.)
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: 2 Samuele 19-21 (8 mets.)
No. 1: 2 Samuele 19:24-37 (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: U ka Fumana Thabo Joang?—igw leq. 22 ¶1-3 (5 mets.)
No. 3: Kaifase—Sehlooho: Bahanyetsi ba ’Nete ba Nang le Molato oa Mali ba Tla Hlōleha—it-1-E maq. 385-386, kapa u iketsetse lipatlisiso (5 mets.)
Seboka sa Tšebeletso:
Sehlooho sa Khoeli: “Hopolang matsatsi a khale.”—Deut. 32:7.
10 mets: “Hopolang Matsatsi a Khale.” Puo e thehiloeng sehloohong sa khoeli. Bala Deuteronoma 4:9, 32:7 le Pesaleme ea 71:15-18 ’me u tšohle litemana tseo. Hlalosa hore na baevangeli ba kajeno ba ka rua molemo ofe ka ho hopola batho le ka ho hopola lintho tse etsahetseng historing ea puso ea Molimo. Etsa tlhahiso ea hore nako le nako bahoeletsi ba buisane ka sehlooho se hlahang Molula-Qhooeng sa, “Nalane ea Rōna” nakong ea Borapeli ba Lelapa. Bua ka lipuo tse ling tse hlahang Sebokeng sa Tšebeletso khoeling ena ebe u bontša hore na li amana joang le sehlooho sa khoeli.
20 mets: “Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Qalisa Thuto ea Bibele U Eme Monyako ka Bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!” Puisano ka molebeli oa tšebeletso. Bolela lipalo tse loketseng tse hlahang tlalehong ea tšebeletso ea tšimo ea phutheho ho bontša hore re ka fumana lithuto tsa Bibele tse eketsehileng. Lokisetsa hore mohoeletsi ea nang le phihlelo a etse pontšo ea kamoo re ka qalisang thuto ea Bibele kateng re eme monyako a sebelisa kenyelletso e fanoeng lebokoseng. Khothalletsa bohle ho qala thuto ea Bibele ba eme monyako.
Pina ea 29 le Thapelo