Nahanang Haholo ka ho Etsa Barutuoa
1. Ho hlokahala’ng e le hore batho ba pholohe?
1 Tlaleho ea tšebeletso ea selemo sa 2014 e bontša cheseho le boikemisetso boo bahlanka ba Molimo ba nang le bona ba ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. (Mat. 24:14) Ka mosebetsi oa rōna oa ntlo le ntlo, liphutuho tse khethehileng tsa ho tsamaisa lipampitšana le limemo hammoho le ho paka phatlalatsa, re finyella batho ba bangata ka molaetsa oa ’Muso ho feta leha e le neng pele. Leha ho le joalo, e le hore batho ba pholohe, ho hlokahala hore re ba thuse ho ba barutuoa ba Jesu ka ho ithuta Bibele le bona.—1 Tim. 2:4.
2. Re ka ipotsa lipotso life tse tla re thusa ho itokisetsa ho qala thuto ea Bibele?
2 Lula U Itokiselitse ho Qalisa Thuto ea Bibele: Ha motho a thahasella, na u etsa boiteko ba ho nka boitsebiso ba hae e le hore u ka khutlela ho eena ka potlako ka morero oa ho qalisa thuto ea Bibele? U qetetse neng ho qalisa thuto ea Bibele leetong la pele? U qetetse neng ho kōpa thuto ea Bibele ho batho bao u ba isetsang limakasine kamehla? Na u se u kile ua bontša basebetsi-’moho le uena, baahisani, beng ka uena le batho ba bang bao u ba tsebang video ea Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele? le ea Ho Etsahala’ng Thutong ea Bibele? Ha u sebelisa tafole le toroli e behang lingoliloeng, na u tsebisa batho ba nkang lingoliloeng hore ba ka fumana thuto ea Bibele ea mahala?
3. Ho hlokahala’ng e le hore re rute ’nete ka katleho?
3 Thuso ea Jehova le Jesu: Taelo ea Jesu e reng re “etse barutuoa” e qala ka lentsoe “e-eang,” sena se re bolella hore re lokela ho etsa boiteko ba ho ea ho batho ka molaetsa oa ’Muso. Leha ho le joalo, Jesu ha aa re siea re le bang empa o tšepisitse hore o tla ba le rōna. (Mat. 28:19, 20) Ho feta moo, Jehova o re file moea o halalelang hammoho le lithulusi le koetliso eo re e hlokang hore re rute batho ’nete. (Zak. 4:6; 2 Bakor. 4:7) Re ka rapella thuso ea hore ‘re rate hape re be le matla’ a ho etsa mosebetsi ona oa bohlokoa.—Bafil. 2:13, nwt 2013.
4. Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana haholo ka ho etsa barutuoa?
4 Ho bolela litaba tse molemo ho re thabisa haholo. Leha ho le joalo, thabo ea rōna ea eketseha ha re ruta motho ’nete ’me re mo thusa ho tsamaea le rōna tseleng “e isang bophelong.” (Mat. 7:14; 1 Bathes. 2:19, 20) Habohlokoa le ho feta, ha re nahana haholo ka ho etsa barutuoa, re thabisa Jehova ea sa ‘lakatseng hore leha e le mang a timetsoe empa a lakatsa hore bohle ba fihle pakong.’—2 Pet. 3:9.